Khaolo ea Pele
Buka ea Daniele le Uena
1, 2. (a) Maemo a mang a sa tloaelehang a boleloang bukeng ea Bibele ea Daniele ke afe? (b) Mehleng ena ea rōna, ho phahama lipotso life mabapi le buka ea Daniele?
MORENA ea matla o etsa tšoso ea hore o tla bolaea banna ba hae ba bohlale hobane ba sitoa ho senola le ho hlalosa toro ea hae e makatsang. Bahlankana ba bararo ba hanang ho rapela setšoantšo se seholohali ba lahleloa ka sebōping se besitsoeng ka mokhoa o fetisisang, empa baa pholoha. Har’a mokete o thabisang, ba makholo ba bona letsoho le ngolang mantsoe a mohlolo leboteng la ntlo ea borena. Balotsana ba khopo ba etsa hore monna ea tsofetseng a lahleloe ka sekoting sa litau, empa o tsoa a se na le mongoapo feela. Moprofeta oa Molimo o bona libata tse ’nè ponong, ’me seo li se bolelang boprofeteng se kenella ka lilemo tse likete-kete nakong e tlang.
2 Tsena ke tse ling feela tsa litlaleho tse fumanoang ka bukeng ea Bibele ea Daniele. Na ho hlokahala hore ho nahanisisoe ka tsona ka botebo? Ebe buka ee ea khale haholo e ka ba le molemo ofe mehleng ea rōna? Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka liketsahalo tse etsahetseng lilemong tse ka bang 2 600 tse fetileng?
DANIELE—BUKA EA BOHOLO-HOLO BAKENG SA MEHLA EA KAJENO
3, 4. Ke hobane’ng ha ho nepahetse hore ebe batho ba bangata ba amehile ka bokamoso ba moloko oa batho?
3 Karolo e khōlō ea buka ea Daniele e lebisa tlhokomelo tabeng ea puso ea lefatše eo batho ba amehileng haholo ka eona kajeno. Hoo e ka bang motho e mong le e mong a ka lumela hore re phela mehleng e thata. Letsatsi le leng le le leng, litlaleho tsa litaba li re thesemelletsa lintho tse bohloko tse re hopotsang hore batho ba tetebela qhafutsong ea mathata a tsietsang—’me sena se etsahala ho sa tsotellehe meeka e finyeletsoeng ke saense le theknoloji.
4 Nahana: Motho o tsamaile khoeling, empa libakeng tse ngata o sitoa ho tsamaea ka bolokolohi a sa tšoha literateng tsa lefatše lena la hae. A ka tlatsa ntlo lintho tsohle tse molemo tsa kajeno, empa o sitoa ho loantša seoa sa malapa a qhalanang. Hape a ka etsa hore ho be le mehla ea ho fana ka boitsebiso, empa o sitoa ho ruta batho ho phela hammoho ka khotso. Hugh Thomas, eo e leng moprofesa oa histori, o kile a ngola, a re: “Ho ata ha tsebo le thuto ho rutile moloko oa batho ho honyenyane tabeng ea boitšoaro ’me ho ba rutile ho honyenyane ho feta moo tabeng ea tsebo ea ho phela le batho ba bang.”
5. Ka kakaretso, bobusi ba motho bo bile le phello efe?
5 E le boiteko ba ho theha taolo ka tekanyo e itseng har’a batho, batho ba itlhophisitse tlas’a mebuso e mengata e sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ha ho le o mong ho eona oo e bileng mokhelo ’neteng ea se ileng sa lemohuoa ke Morena Solomone ea hore: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 4:1; 8:9) Ho bua ’nete, babusi ba bang ba ’nile ba e-ba le likhopolo tse ntle haholo. Leha ho le joalo, ha ho morena, mopresidente, kapa ’mampoli ea ka felisang ho kula le lefu. Ha ho motho ea ka khutlisetsang lefatše la rōna boemong ba Paradeise boo Molimo a neng a le reretse bona.
6. Ke hobane’ng ha Jehova a sa hloke hore mebuso ea batho e sebelisane le eena e le hore a finyelle thato ea hae?
6 Empa, ’Mōpi o ikemiselitse ebile o na le bokhoni ba ho etsa lintho tse joalo. Ha a hloke tumello ea mebuso ea batho hore a finyelle morero oa hae, hobane ho eena “lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong; ’me li lekantsoe joaloka lerōle sekaleng.” (Esaia 40:15) E, Jehova ke Morena ’Musi oa bokahohle. Kaha o boemong boo, o na le matla a ho laela a phahametseng a mebuso ea batho hōle. Ke ’Muso oa Molimo o tla nka sebaka sa mebuso eohle ea moloko oa batho, ho hlohonolofatsa moloko oa batho ka ho sa feleng. Mohlomong ha ho kae kapa kae moo sena se hlakisitsoeng ho feta bukeng ea Bibele ea Daniele.
DANIELE—O NE A RATOA HAHOLO KE MOLIMO
7. Daniele e ne e le mang, ’me Jehova o ne a mo talima joang?
7 Jehova Molimo o ne a e-na le boikutlo bo mofuthu haholo ka Daniele, ea ileng a sebeletsa e le moprofeta oa hae ka lilemo tse ngata. Ka sebele, lengeloi la Molimo le ile la hlalosa Daniele e le “ea khahlehang haholo.” (Daniele 9:23) Lentsoe la mathomo la Seheberu le fetoletsoeng e le “ea khahlehang haholo” le ka bolela “ea ratoang haholo,” “ea nketsoeng holimo haholo,” haesita le “thatohatsi.” Daniele e ne e le oa bohlokoa ka ho khethehileng mahlong a Molimo.
8. Ho ile ha tla joang hore Daniele a be Babylona?
8 A re hlahlobeng ka bokhutšoanyane maemo a khethehileng a moprofeta enoa ea ratoang. Ka 618 B.C.E., Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a thibella Jerusalema ka mabotho. (Daniele 1:1) Nakoana ka mor’a moo, bacha ba bang ba rutehileng haholo ba Bajuda ba ile ba nkoa ka likhoka ba isoa kholehong Babylona. Daniele o ne a le har’a bona. Ka nako eo, mohlomong o ne a e-s’o be lilemo li 20.
9. Daniele le metsoalle ea hae ea Baheberu ba ile ba fuoa koetliso ea mofuta ofe?
9 Daniele le metsoalle ea hae Hanania, Mishaele le Azaria ba ne ba le har’a Baheberu ba neng ba khethetsoe ho fumana koetliso ea lilemo tse tharo ea “mongolo le puo ea Bakalde.” (Daniele 1:3, 4) Litsebi tse ling li bolela hore mohlomong sena e ne e se feela thupelo ea puo. Ka mohlala, Moprofesa C. F. Keil, o re: “Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba lokela ho rutoa bohlale ba baprista ba Bakalde le ba banna ba rutehileng, bo neng bo rutoa likolong tsa Babylona.” Kahoo, Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba koetlisetsoa tšebeletso ea ’muso ka ho khethehileng.
10, 11. Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba talimana le liphephetso life, ’me Jehova o ile a ba fa thuso efe?
10 See se ile sa fetola maemo hakaakang bakeng sa Daniele le metsoalle ea hae! Ba ne ba phetse har’a barapeli ba Jehova ha ba le Juda. Joale ba ne ba pota-potiloe ke batho ba rapelang melimo le melimotsana ea tšōmong. Leha ho le joalo, Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba banyenyane, ha baa ka ba tšoha. Ba ne ba ikemiselitse ho khomarela borapeli ba ’nete—ho sa tsotellehe boemo bona bo phephetsang tumelo.
11 Sena se ne se sa tl’o ba bonolo. Morena Nebukadnezare e ne e le molateli ea chesehang oa Marduk, molimo ea ka sehloohong oa Babylona. Ka linako tse ling morena o ne a batla lintho tse sa amoheleheng ho hang ho morapeli oa Jehova. (Ka mohlala, bona Daniele 3:1-7.) Leha ho le joalo, Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba fumana tataiso e sa foseng ea Jehova. Ka lilemo tsa bona tse tharo tsa ho koetlisoa, Molimo o ile a ba hlohonolofatsa ka “tsebo le temohisiso ea mongolo oohle le bohlale.” Ho phaella moo, Daniele o ile a fuoa tsebo ea ho utloisisa se boleloang ke lipono le litoro. Hamorao ha morena a hlahloba bahlankana bana ba bane, o ile a ba fumana ba le “bohlale ka makhetlo a leshome ho feta baprista bohle ba sebelisang boselamose le linohe tse neng li le sebakeng sohle sa hae se pusong ea borena.”—Daniele 1:17, 20.
HO PHATLALATSA MELAETSA EA MOLIMO
12. Daniele o ne a e-na le kabelo efe e khethehileng?
12 Ka lilemo tse ngata tseo Daniele a ileng a li qeta Babylona, o ile a sebeletsa e le lenģosa la Molimo ho banna ba kang Morena Nebukadnezare le Belshazare. Kabelo ea Daniele e ne e le ea bohlokoa haholo. Jehova o ne a lumeletse Nebukadnezare hore a timetse Jerusalema, a mo sebelisa e le kofuto ea Hae. Ka nako ea teng, Babylona le eona e ne e tla timetsoa. Ka sebele, buka ea Daniele e hōlisa Jehova Molimo e le Ea Phahameng ka ho Fetisisa hape e le ’Musi “’musong oa moloko oa batho.”—Daniele 4:17.
13, 14. Ho ile ha etsahala’ng ka Daniele ka mor’a hore Babylona e oe?
13 Daniele o ile a tsoela pele a sebeletsa ka lekhotleng ka lilemo tse ka bang mashome a supileng, ho fihlela ha Babylona e oa. Le hoja Bibele e sa bolele hore o ile a tsamaea le Bajuda, o phetse ho fihlela ha a bona ba bangata ba bona ba khutlela naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. O ne a le mafolofolo haholo bonyane ho fihlela selemong sa boraro sa puso ea Morena Cyruse, mothehi oa ’Muso oa Persia. Ka nako eo, e tlameha ebe Daniele o ne a se a atamela lilemo tse 100!
14 Hoba Babylona e oe, Daniele o ile a ngola liketsahalo tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa bophelo ba hae. Hona joale tokomane ena ea hae ke karolo e babatsehang ea Bibele e Halalelang ’me e tsejoa e le buka ea Daniele. Empa ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko buka ee ea boholo-holo?
LIHLOOHO LI PELI, MOLAETSA O MONG
15. (a) Ho na le lihlooho life tse peli ka bukeng ea Bibele ea Daniele? (b) Karolo ea Daniele e buang ka pale e ka re tsoela molemo joang?
15 Buka ena e ikhethileng ea Daniele e na le lihlooho tse peli tse fapaneng haholo—se seng se bua ka pale, se seng ka boprofeta. Litšobotsi tsena tse peli tsa buka ea Daniele li ka haha tumelo ea rōna. Joang? Likarolo tsa pale—tse ling tsa tse hlakileng ka ho fetisisa ka Bibeleng—li re bontša hore Jehova Molimo o tla hlohonolofatsa le ho hlokomela ba lulang ba tšepahala ho eena. Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ile ba lula ba tšepahala ho sa tsotellehe liteko tse sokelang bophelo. Kajeno, bohle ba batlang ho lula ba tšepahala ho Jehova ba tla matlafatsoa ke ho nahana ka botebo ka mohlala oa bona.
16. Re ithuta eng likarolong tsa boprofeta tsa Daniele?
16 Likarolo tsa boprofeta tsa Daniele li haha tumelo ka ho bontša hore Jehova o tseba seo histori e tla ba sona makholo a lilemo—esita le likete tsa lilemo—pele ho nako. Ka mohlala, Daniele o fana ka makolopetso tabeng ea ho hloella le ho theoha litulong ha mebuso ea lefatše ho tloha nakong ea Babylona ea boholo-holo ho theosa ho tla fihla “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Daniele o lebisa tlhokomelo ea rōna ’Musong oa Molimo o matsohong a Morena oa Hae ea khethiloeng le bo-mphato ba hae, “bahalaleli,” a bua ka oona e le ’muso o tla ba teng ka ho sa feleng. ’Muso ona o tla finyella ka botlalo morero oa Jehova bakeng sa lefatše la rōna ’me phello ea oona e tla ba ho hlohonolofatsoa ha bohle ba batlang ho sebeletsa Molimo.—Daniele 2:44; 7:13, 14, 22.
17, 18. (a) Ho hlahloba buka ea Daniele ka hloko ho tla tiisa tumelo ea rōna joang? (b) Ke taba efe eo ho hlokahalang hore e tšohloe pele re qalisa thuto ea buka ee ea Bibele ea boprofeta?
17 Re leboha hore ebe Jehova ha a ipolokele tsebo ea liketsahalo tsa nako e tlang a ’notši. Ho e-na le hoo, ke “Mosenoli oa liphiri.” (Daniele 2:28) Ha re ntse re hlahloba phethahatso ea boprofeta bo tlalehiloeng bukeng ea Daniele, tumelo ea rōna litšepisong tsa Molimo e tla tiea. Re tla ikutloa re kholisehile haholoanyane hore Molimo o tla phethahatsa morero oa hae ka nako e nepahetseng le ka mokhoa o tobileng oo a o khethang.
18 Bohle ba ithutang buka ea Bibele ea Daniele ka pelo e arabelang hamolemo ba tla hōla tumelong. Leha ho le joalo, pele re qalisa tlhahlobo e tebileng ea buka ena, ho hlokahala hore re hlahlobe bopaki ba hore na ka sebele buka ena ke e ka amoheloang e le ea ’nete. Bahlahlobisisi ba bang ba ’nile ba hlasela buka ea Daniele, ba bolela hore ha e le hantle, boprofeta ba eona bo ngotsoe ka mor’a hore bo phethahale. Na lipolelo tsa babelaeli baa lia utloahala? Khaolo e latelang e tla tšohla taba ena.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke hobane’ng ha Daniele e le buka e loketseng bakeng sa mehla ea kajeno?
• Ho ile ha tla joang hore Daniele le metsoalle ea hae ba kene tšebeletsong ea ’muso oa Babylona?
• Daniele o ne a e-na le kabelo efe e khethehileng Babylona?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko boprofeta ba Daniele?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 4]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 11]