Thuto ea 2
Molimo ke Motsoalle ea Molemo ka ho Fetisisa eo U ka Bang le Eena
Ho ba motsoalle oa Molimo ke ntho e molemo ka ho fetisisa e ka u etsahallang. Molimo o tla u ruta tsela ea ho thaba le ea ho sireletseha; o tla u lokolla litumelong tse ngata tse fosahetseng le mekhoeng e kotsi. O tla mamela lithapelo tsa hao. O tla u thusa hore u thabele ho ikutloa u e-na le khotso ebile u kholisehile. (Pesaleme ea 71:5; 73:28) Molimo o tla u tšehetsa linakong tsa mathata. (Pesaleme ea 18:18) O boetse o beha ka pel’a hao mpho ea bophelo bo sa feleng.—Baroma 6:23.
Ha u atamela haufi le Molimo, u tla atamela haufi le metsoalle ea Molimo. Le eona e tla ba metsoalle ea hao. Ha e le hantle, ho uena e tla tšoana le banab’eno. E tla thabela ho u ruta ka Molimo ’me e tla u thusa le ho u khothatsa.
Ha re lithaka tsa Molimo. Ha u ntse u batla setsoalle sa Molimo, u lokela ho utloisisa ntlha ea bohlokoa. Setsoalle le Molimo hase setsoalle pakeng tsa lithaka. O re feta hōle haholo ka boholo, bohlale le matla. Ke eena ’Musi oa rōna ea re tšoanelang. Kahoo, haeba re batla ho ba metsoalle ea hae, re lokela ho mo mamela le ho etsa seo a reng re se etse. Sena se tla re tsoela molemo kamehla.—Esaia 48:18.