Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 11 maq. 18-19
  • Hana Bolumeli ba Bohata!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hana Bolumeli ba Bohata!
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Malumeli a Bohata a Sentse Molimo Lebitso Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bolumeli Ba Bohata Bo Haufi Le Ho Fela!
    Bolumeli ba Bohata bo Haufi le ho Fela!
  • Na Molimo o Amohela Malumeli ’Ohle?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Ho Itšoasolla Bolumeling ba Bohata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 11 maq. 18-19

Thuto ea 11

Hana Bolumeli ba Bohata!

Satane le bademona ba hae ha ba batle ha u sebeletsa Molimo. Haeba ba ka khona, ba batla ho etsa hore motho e mong le e mong a furalle Molimo. Ba leka ho etsa see joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho sebelisa bolumeli ba bohata. (2 Bakorinthe 11:13-15) Bolumeli ke ba bohata haeba bo sa rute ’nete e ka Bibeleng. Bolumeli ba bohata bo tšoana le chelete ea bohata—e ka ’na ea shebahala joaloka chelete ea ’nete, empa ha e na thuso. E ka u bakela likhathatso.

Ha ho mohla leshano la bolumeli le ka khahlisang Jehova, Molimo oa ’nete. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, ho ne ho e-na le sehlopha sa bolumeli se neng se batla ho mo bolaea. Se ne se nahana hore tsela ea sona ea borapeli ke eona e nepahetseng. Se ile sa re: “Re na le Ntate a le mong, Molimo.” Na Jesu o ile a lumela? Che! O ile a re ho sona: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose.” (Johanne 8:41, 44) Kajeno batho ba bangata ba nahana hore ba rapela Molimo, empa ha e le hantle ba sebeletsa Satane le bademona ba hae!—1 Bakorinthe 10:20.

Feela joalokaha sefate se sebe se beha litholoana tse mpe, bolumeli ba bohata bo hlahisa batho ba etsang lintho tse mpe. Lefatše le tletse likhathatso ka lebaka la lintho tse mpe tse etsoang ke batho. Ho na le boitšoaro bo bobe, lintoa, bosholu, khatello, lipolao le peto. Ba bangata ba etsang lintho tsena tse mpe ba na le bolumeli, empa bolumeli ba bona ha bo ba susumelletse ho etsa se setle. E ke ke ea e-ba metsoalle ea Molimo ntle leha ba ka khaotsa ho etsa lintho tse mpe.—Matheu 7:17, 18.

Bolumeli ba bohata bo ruta batho ho rapela litšoantšo. Molimo o re re se ke ra rapela litšoantšo. Sena sea utloahala. Na u ne u tla rata haeba motho ea itseng le ka mohla a sa u buise empa a buisa setšoantšo sa hao feela? Na motho eo e ka ba motsoalle oa hao oa ’nete? Che, e ne e ke ke ea e-ba eena. Jehova o batla hore batho ba bue le eena, eseng ba bue le seemahale kapa setšoantšo se sa pheleng.—Exoda 20:4, 5.

Bolumeli ba bohata bo ruta hore ho bolaea batho ba bang nakong ea ntoa ho lokile. Jesu o itse lerato le ne le tla ba teng har’a metsoalle ea Molimo. Ha re bolaee batho bao re ba ratang. (Johanne 13:35) E bile ke phoso hore re bolaee batho ba babe. Ha lira tsa Jesu li ne li tlile ho tla mo tšoara, ha aa ka a lumella barutuoa ba hae hore ba loane e le hore ba mo sireletse.—Matheu 26:51, 52.

Bolumeli ba bohata bo ruta hore ba khopo ba tla hlokofatsoa mollong oa lihele. Empa leha ho le joalo, Bibele e ruta hore sebe se isa lefung. (Baroma 6:23) Jehova ke Molimo ea lerato. Na Molimo ea lerato a ka hlokofatsa batho ka ho sa feleng? Ho hang a ke ke! Paradeiseng, ho tla ba le bolumeli bo le bong feela, bo amoheloang ke Jehova. (Tšenolo 15:4) Malumeli ’ohle a thehiloeng mashanong a Satane a tla be a felile.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela