Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 12 leq. 20
  • Ho Etsahala’ng Lefung?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala’ng Lefung?
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 12 leq. 20

Thuto ea 12

Ho Etsahala’ng Lefung?

Lefu ke ho se phele. Lefu le tšoana le sephume sa boroko. (Johanne 11:11-14) Bafu ha ba utloe, ha ba bone, ha ba bue, kapa hona ho nahana eng kapa eng. (Moeklesia 9:5, 10) Bolumeli ba bohata bo ruta hore bafu ba ea lefatšeng la meea ho ea phela le baholo-holo ba bona. Seo ha se rutoe ke Bibele.

Ba shoeleng ba ke ke ba re thusa, ebile ba ke ke ba re ntša kotsi. Ho tloaelehile hore batho ba etse mesebetsi eo ba lumelang hore e tla khahlisa ba shoeleng. Sena ha se khahlise Molimo hobane se thehiloe leshanong le leng la Satane. Le bafu se ke ke sa ba khahlisa hobane ha ba phele. Ha rea lokela ho tšaba bafu kapa ho ba rapela. Re lokela ho rapela Molimo feela.—Matheu 4:10.

Bafu ba tla phela hape. Jehova o tla tsosetsa bafu bophelong lefatšeng la paradeise. Nako eo ke hona e tlang. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Molimo a ka tsosa ba shoeleng hantle feela joalokaha u ka tsosa motho borokong.—Mareka 5:22, 23, 41, 42.

Khopolo ea hore ha re shoe ke leshano le jaloang ke Satane Diabolose. Satane le bademona ba hae ba etsa hore batho ba nahane hore meea ea bafu ea phela le hore ke eona e bakang ho kula le mathata a mang. Satane o thetsa batho, ka linako tse ling ka litoro le lipono. Jehova o nyatsa ba lekang ho bua le bafu.—Deuteronoma 18:10-12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela