Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 13 leq. 21
  • Boselamose le Boloi li Mpe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boselamose le Boloi li Mpe
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Nete ka Boselamose le Boloi
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Na ho na le Kotsi ka ho Sebelisa Magic?
    Tsoha!—1993
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Boloi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Hana Bolumeli ba Bohata; E-ba Bolumeling ba ’Nete
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 13 leq. 21

Thuto ea 13

Boselamose le Boloi li Mpe

Satane o batla hore u sebelise boselamose. Ba bangata ba hlabela balimo kapa meea ho itšireletsa likotsing. Ba etsa sena hobane ba tšaba matla a meea. Ba roala masale kapa lipetja tsa boselamose. Ba noa “litlhare” kapa ba itlotsa ’meleng ka tsona ba nahana hore li na le matla a mehlolo. Matlong a bona kapa fatše feela, batho ba bang ba chekela lintho tseo ho lumeloang hore li na le matla a ho sireletsa. Ba bang ba sebelisa “litlhare” tseo ho lumeloang hore li tla ba tlisetsa katleho khoebong, litlhahlobong tsa sekolo, kapa litabeng tsa lefereho.

Tšireletso e molemo ka ho fetisisa khahlanong le Satane ke hore Jehova e be motsoalle oa hao. Jehova Molimo le mangeloi a hae ba matla haholo ho feta Satane le bademona ba hae. (Jakobo 2:19; Tšenolo 12:9) Jehova o chesehela ho bontša matla a hae molemong oa metsoalle ea hae—e leng ba tšepahalang ka ho feletseng ho eena.—2 Likronike 16:9.

Lentsoe la Molimo le re: “Le se ke la sebelisa boselamose.” Jehova o nyatsa boselamose le boloi hobane mekhoa eo e ka beha motho ka ho toba taolong ea Satane Diabolose.—Levitike 19:26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela