Thuto ea 17
Hore U se ke Ua Lahleheloa ke Motsoalle, U Lokela ho ba Motsoalle
Setsoalle se thehoa leratong. Ha u ntse u ithuta haholoanyane ka Jehova, u tla mo rata haholoanyane. Ha lerato la hao ho Molimo le ntse le hōla, takatso ea hao ea ho mo sebeletsa le eona e tla hōla. Sena se tla u susumelletsa hore u be morutuoa oa Jesu Kreste. (Matheu 28:19) Ka ho ikopanya le lelapa le thabileng la Lipaki tsa Jehova, u ka fumana botsoalle ba Molimo ka ho sa feleng. U lokela ho etsa joang?
U lokela ho bontša lerato la hao ho Molimo ka ho mamela melao ea hae. “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Johanne 5:3.
Sebelisa seo u ithutang sona. Jesu o ile a pheta pale e bontšang mohlala oa sena. Monna e mong ea bohlale o ile a haha ntlo ea hae holim’a lefika. Monna oa leoatla eena a haha ntlo ea hae lehlabatheng. Ha ho fihla sekhohola se matla, ntlo e neng e hahiloe holim’a lefika ha ea ka ea heleha, empa e hahiloeng lehlabatheng e ile ea putlama habohloko. Jesu o itse ba utloang lithuto tsa hae ’me ba li sebelisa ba tšoana le monna ea bohlale ea hahileng holim’a lefika. Empa ba mamelang lithuto tsa hae empa ba sa li sebelise, ba tšoana le monna oa leoatla ea hahileng lehlabatheng. U batla ho tšoana le monna ofe?—Matheu 7:24-27.
Boinehelo. Sena se bolela hore u ee ho Jehova ka thapelo ’me u mo bolelle hore u batla ho etsa thato ea hae ka ho sa feleng. Ho etsa thato ea Molimo ho bontša hore u morutuoa oa Jesu Kreste.—Matheu 11:29.
Kolobetso. ‘Kolobetsoa ’me u hlatsoe libe tsa hao ka hore u ipiletse lebitsong la hae.’—Liketso 22:16.
Ikakhele ka setotsoana ho sebeletseng Molimo. ‘Eng kapa eng eo u e etsang, u e sebetse ka moea oohle joalokaha eka u sebeletsa Jehova, eseng batho.’—Bakolose 3:23.