Lipotso Tse Atisang ho Botsoa ke Batho ba Thahasellang
Haeba Molimo o lerato, ke hobane’ng ha a lumeletse bokhopo?
MOLIMO o lumella bokhopo, ’me ba limilione lefatšeng ba bo etsa ka boomo. Ka mohlala, ba phatlalatsa lintoa, ba lihela libomo baneng, ba senya lefatše le ho baka litlala. Ba limilione baa tsuba ’me ba tšoaroa ke kankere ea matšoafo, ba tloaetse ho etsa bofebe ’me ba tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ba sebelisa joala ka tsela e feteletseng ’me ba tšoaroa ke lefu la sebete, joalo-joalo. Batho ba joalo ha ba hlile ha ba batle ha bokhopo bohle bo felisoa. Ba batla feela hore ho felisoe liphello tsa bona tse mpe. Ha ba kotula seo ba se jetseng, baa bokolla, “Hobane’ng ha see se nketsahaletse?” ’Me ba jarisa Molimo molato, joalokaha Liproverbia 19:3 e re: “Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae, ka pelong ea hae a korotlele Morena.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Le teng haeba Molimo a ne a ka ba thibela ho etsa bobe, ba ne ba tla ipelaetsa ka hore ba lahleheloa ke bolokolohi ba ho bo etsa!
Lebaka le ka sehloohong la hore Jehova a lumelle bobe ke hore a arabele phephetso ea Satane. Satane Diabolose o ile a re Molimo o ne a ke ke a ba le batho lefatšeng ba neng ba tla tšepahala ho Eena tlas’a teko. (Jobo 1:6-12; 2:1-10) Jehova o lumella Satane hore a ’ne a be teng e le hore a be le monyetla oa ho paka phephetso ea hae. (Exoda 9:16) Hona joale Satane o tsoela pele ho tlisa bomalimabe, ho etsa hore batho ba furalle Molimo, ha a ntse a leka ho paka phephetso ea hae. (Tšenolo 12:12) Leha ho le joalo, Jobo o ile a lula a tšepahala. Jesu le eena o ile a tšepahala. Hona joale Bakreste ba ’nete baa tšepahala.—Jobo 27:5; 31:6; Matheu 4:1-11; 1 Petrose 1:6, 7.
Nka rata ho lumela taba ea paradeise ea lefatšeng eo ho eona batho ba tlang ho phela ka ho sa feleng, empa na hoo hase ho khahlisang haholo hore e ka ba ’nete?
Eseng ho latela Bibele. Ho utloahala e le ho khahlisang haholo hore e ka ba ’nete feela hobane moloko oa batho o tsebile bobe ka lilemo tse makholo-kholo. Jehova o ile a bōpa lefatše ’me a bolella batho hore ba le tlatse ka banna le basali ba lokileng ba neng ba tla hlokomela limela le liphoofolo tse phelang ho lona le ho le boloka le le letle ho e-na le ho le senya. (Bona leqephe la 12 le la 17.) Ho e-na le hore Paradeise eo e tšepisitsoeng e be e khahlisang haholo hore e ka ba ’nete, boemo bo teng hona joale ba mahlomola bo bobe haholo hore bo ka tsoela pele. Paradeise e tla bo nkela sebaka.
Nka araba batho ba somang le ba reng Bibele ke tšōmo le hore e hanyetsana le saense joang?
Ho lumela litšepiso tsena hase taba ea ho lumela ntle ho mabaka. “Tumelo e latela ntho e utloiloeng.” Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, bohlale ba lona boa totobala ’me tumelo ea hōla.—Baroma 10:17; Baheberu 11:1.
Ho epolloa ha lintho tsa khale tsa Bibele ho tiisa ho nepahala ha karolo e khōlō ea histori ea Bibele. Saense ea sebele e lumellana le Bibele. Ke khale lintlha tse latelang li le teng ka Bibeleng pele li sibolloa ke litsebi tsa lefatše: ho latellana ha methati eo lefatše le fetileng ho eona ha le ntse le fetoha, hore lefatše le lechitja, hore le leketlile sebakeng le hore linonyana lia falla.—Genese khaolo ea 1; Esaia 40:22; Jobo 26:7; Jeremia 8:7.
Ho phethahala ha boprofeta ho bontša hore Bibele e bululetsoe. Daniele o ile a bolela esale pele ka ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše haesita le nako eo Mesia a neng a tla tla ka eona le eo a neng a tla bolaoa ka eona. (Daniele, khaolo ea 2 le ea 8; 9:24-27) Kajeno, ho sa ntse ho phethahala boprofeta bo bong, bo khethollang ana e le ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Timothea 3:1-5; Matheu, khaolo ea 24) Tsebo e joalo ea se tlang ho etsahala ha e matleng a motho. (Esaia 41:23) Bakeng sa bopaki bo bong bo eketsehileng, bona buka e bitsoang Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho le Is There a Creator Who Cares About You?, tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society.
Nka ithuta ho araba lipotso tse mabapi le Bibele joang?
U tlameha ho ithuta Bibele le ho thuisa ka eona, ka nako e tšoanang u kōpe hore moea oa Molimo o u tataise. (Liproverbia 15:28; Luka 11:9-13) Bibele e re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.” (Jakobo 1:5) Ho boetse ho na le lithuso tsa ho ithuta Bibele tseo ho leng molemo ho li hlahloba. Hangata ho hlokahala thuso e fanoang ke ba bang, joalokaha Filipi a ile a ithuta le Moethiopia. (Liketso 8:26-35) Lipaki tsa Jehova li khannela batho ba thahasellang lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng malapeng a bona. Ikutloe u lokolohile ho kōpa tšebeletso ena.
Ke hobane’ng ha ba bangata ba hanyetsa Lipaki tsa Jehova ’me ba mpolella hore ke se ke ka ithuta le tsona?
Boboleli ba Jesu bo ile ba hanyetsoa, ’me o ile a bolela hore balateli ba hae le bona ba ne ba tla hanyetsoa. Ha ba bang ba ne ba khahliloe ke thuto ea Jesu, bahanyetsi ba bolumeli ba ile ba araba ka bohale: “Le lōna ha lea khelosoa, na ha ho joalo? Ha ho le ea mong oa babusi kapa oa Bafarisi ea behileng tumelo ho eena, na ha ho joalo?” (Johanne 7:46-48; 15:20) Ba bangata ba u eletsang hore u se ke ua ithuta le Lipaki ba hloka tsebo kapa ba leeme. Ithute le Lipaki ’me u iponele hore na kutloisiso ea hao ea Bibele ea eketseha kapa che.—Matheu 7:17-20.
Ke hobane’ng ha Lipaki li etela batho ba nang le bolumeli ba bona?
Ka ho etsa sena li latela mohlala oa Jesu. O ile a ea ho Bajuda. Bajuda ba ne ba e-na le bolumeli ba bona, empa bo ne bo khelohile Lentsoeng la Molimo ka litsela tse ngata. (Matheu 15:1-9) Lichaba tsohle li na le malumeli a mofuta o mong o itseng, ebang ke a bitsoang a Bokreste kapa che. Ke habohlokoa haholo hore batho ba tšehetse litumelo tse lumellanang le Lentsoe la Molimo, ’me boiteko bo etsoang ke Lipaki ba ho ba thusa ho etsa sena bo bontša lerato la boahisani.
Na Lipaki li lumela hore bolumeli ba tsona ke bona feela bo nepahetseng?
Leha e le mang ea nahanang ka ho teba ka bolumeli ba hae o lokela hore ebe o nahana hore ke bona bo nepahetseng. Ho seng joalo, ke hobane’ng ha a ka kopanela ho bona? Bakreste baa eletsoa: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.” (1 Bathesalonika 5:21) Motho o lokela ho netefatsa hore seo a se lumelang se ka tšehetsoa ka Mangolo, kaha ho na le tumelo e le ’ngoe feela ea ’nete. Baefese 4:5 e tiisa sena, ha e bolela hore “morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe.” Jesu ha aa ka a lumellana le maikutlo a kajeno a nkang lintho habobebe a hore ho na le litsela tse ngata, ke hore malumeli a mangata ao kaofela ha ’ona a lebisang polokong. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” Lipaki tsa Jehova li lumela hore li e fumane. Ho seng joalo, li ne li tla batla bolumeli bo bong.—Matheu 7:14.
Na li lumela hore ke tsona feela tse tla bolokeha?
Che. Ba limilione ba phetseng lilemong tse fetileng tse makholo bao e neng e se Lipaki tsa Jehova ba tla khutla ka tsoho ’me ba be le monyetla oa bophelo. Ba bangata ba phelang kajeno ba ka ’na ba emela ’nete le ho loka pele ho “matšoenyeho a maholo,” ’me le bona ba tla bolokeha. Ho feta moo, Jesu o ile a bolela hore ha rea lokela ho ahlolana. Re talima ponahalo e ka ntle; Molimo o talima pelo. O bona ka tsela e nepahetseng ’me o ahlola ka mohau. O behile kahlolo matsohong a Jesu, eseng a rōna.—Matheu 7:1-5; 24:21; 25:31.
Ho lebeletsoe menehelo ea mofuta ofe ea chelete ho ba bang teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova?
Mabapi le menehelo ea lichelete, moapostola Pauluse o ile a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Liholong tsa ’Muso le liholong tsa likopano tsa Lipaki tsa Jehova, ha ho mohla ho batloang likoleke. Ho behoa mabokose e le hore ho ka ba bonolo hore leha e le mang ea lakatsang ho fana ka monehelo a ka etsa joalo. Ha ho ea tsebang seo ba bang ba fanang ka sona kapa haeba ba fana ka ho itseng. Ba bang ba khona ho fana ka ho hongata ho feta ba bang; ba bang ba ka ’na ba se ke ba khona ho ntša letho. Jesu o ile a bontša pono e loketseng ha a ne a bua ka lebokose la polokelo ea matlotlo le tempeleng e Jerusalema le ba fanang ka monehelo: Ke matla a motho a ho fana le moea oo a fanang ka oona tseo e leng tsa bohlokoa, eseng chelete e fanoang.—Luka 21:1-4.
Haeba ke e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, na ho tla lebelloa hore ke bolele joalokaha li etsa?
Ha motho a tlala tsebo ka Paradeise ea lefatšeng e tšepisitsoeng tlas’a ’Muso oa Kreste, motho eo o batla ho e abela ba bang. Le uena u tla batla ho etsa se tšoanang. Ke litaba tse molemo!—Liketso 5:41, 42.
Ho etsa sena ke tsela ea bohlokoa ea ho bontša hore u morutuoa oa Jesu Kreste. Ka Bibeleng, Jesu o bitsoa “paki e tšepahalang le ea ’nete.” Ha a le lefatšeng o ile a bolela, a re: “’Muso oa maholimo o atametse,” ’me a roma barutuoa ba hae hore ba etse se tšoanang. (Tšenolo 3:14; Matheu 4:17; 10:7) Hamorao, Jesu o ile a laela balateli ba hae: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute.” O ile a boela a bolela esale pele hore pele bofelo bo e-tla, “litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.”—Matheu 24:14; 28:19, 20.
Ho na le litsela tse ngata tsa ho bolela litaba tsena tse molemo. Hangata ho qoqa le metsoalle le batho bao u ba tloaetseng ho bula tsela ea ho etsa seo. Ba bang ba ho etsa ka ho ngola mangolo kapa ka ho sebelisa thelefono. Ba bang ba romella batho bao ba tloaelaneng le bona lingoliloeng tse nang le boitsebiso boo ba nahanang hore ba tla bo thahasella ka ho khetheha. Ka lebaka la ho ba le takatso ea ho se fose leha e le mang, Lipaki li tsamaea ka ntlo le ntlo ka molaetsa ona.
Bibele e na le memo ena e mofuthu: “Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’ Mang kapa mang ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17) Ho bolella ba bang ka lefatše la Paradeise le litlhohonolofatso tsa lona ho lokela ho etsoa ka ho ithatela, ho tsoa pelong e tletseng takatso ea ho abela ba bang litaba tsena tse molemo.
Re lumela hore u na le lipotso tse ling mabapi le Lipaki tsa Jehova le litumelo tsa tsona. Mohlomong lipotso tse ling ke tseo ho phehisanoang khang ka tsona. Re tla thabela ho araba lipotso tsa hao. Sebaka sea fokola bukaneng ena, kahoo re u mema hore u botse Lipaki tse sebakeng sa heno. U ka li botsa ha u le libokeng tsa tsona Holong ea ’Muso kapa ha li u etetse lapeng. Kapa, u ka ’na ua romela lipotso tsa hao ho Watch Tower, u sebelisa aterese e loketseng ho tse thathamisitsoeng ka tlaase mona.