Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Tšeletseng
“Le Nyakalle ka ho sa Feleng ka Lebaka la Seo ke se Bōpang”
1. Moapostola Petrose o ile a ngola mantsoe afe a khothatsang, hona ho hlaha lipotso life?
NA RE tla ke re bone ho hloka toka le ho utloa bohloko ho fela? Lilemong tse ka holimo ho 1 900 tse fetileng, moapostola Petrose o ile a ngola mantsoe ana a khothatsang: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Petrose, hammoho le bahlanka ba bang ba bangata ba tšepahalang ba Molimo ho theosa le makholo a lilemo, ba ’nile ba lebella letsatsi leo le leholo leo ka lona ho hloka molao, khatello le pefo li neng li tla khaotsa ho ba teng ’me ho rene ho loka. Na re ka kholiseha hore tšepiso ee e tla fela e phethahale?
2. Ke moprofeta ofe ea neng a buile ka “maholimo a macha le lefatše le lecha,” hona boprofeta boo ba boholo-holo bo phethahala ka litsela life?
2 E, re ka kholiseha! Ha Petrose a ne a bua ka “maholimo a macha le lefatše le lecha,” o ne a sa bue khopolo e ncha. Lilemo tse ka bang 800 pejana, Jehova o ile a bua mantsoe a tšoanang ka moprofeta Esaia. Tšepiso eo ea pejana e ile ea phethahala ka tekanyo e nyenyane ka 537 B.C.E. ha Bajuda ba ne ba lokolloa botlamuoeng Babylona, e leng ho ileng ha ba nolofalletsa ho khutlela naheng ea habo bona. Empa boprofeta ba Esaia bo phethahala ka tsela e hlollang kajeno, ’me re lebeletse ho phethahala ha bona ka tsela e hlollang le ho feta lefatšeng le lecha la Molimo le tlang. Ka sebele, boprofeta bo thabisang bo fanoeng ka Esaia bo fana ka tlhase ea litlhohonolofatso tseo Molimo a li boloketseng ba mo ratang.
Jehova o Ipiletsa ho “Sechaba se Manganga”
3. Esaia khaolo ea 65 e re arabella potso efe?
3 Hopola hore Esaia 63:15–64:12 e tšoere thapelo ea Esaia ea boprofeta e etsoang lebitsong la Bajuda ba botlamuoeng Babylona. Joalokaha mantsoe a Esaia a bontša ka ho hlaka, Bajuda ba bangata ha ba rapele Jehova ka moea oohle, empa ba bang ba bakile ’me ba sokolohetse ho eena. Na joale Jehova o tla tsosolosa sechaba molemong oa masala ao a bakileng? Re fumana karabo ho Esaia khaolo ea 65. Empa pele a tšepisa ho lopolla ba seng bakae ba tšepahalang, Jehova o hlalosa kahlolo e letetseng ba bangata ba se nang tumelo.
4. (a) Ho fapana le batho ba hae ba marabele, ke bo-mang ba tla batla Jehova? (b) Moapostola Pauluse o ile a sebelisa Esaia 65:1, 2 joang?
4 Jehova o mameletse borabele bo phehellang ba batho ba hae. Leha ho le joalo, nako ea tla eo ka eona a tlang ho ba tlohella ho lira tsa bona ’me ka mosa a amohele ba bang mohaung oa hae. A sebelisa Esaia, Jehova o re: “Ke itumeletse hore ke batloe ke ba sa kang ba botsa ka ’na. Ke itumeletse hore ke fumanoe ke ba sa kang ba mpatla. Ke itse, ‘Ke ’na enoa, ke ’na enoa!’ ho sechaba se neng se sa ipiletse lebitsong la ka.” (Esaia 65:1) Ke ho soabisang ka batho ba Jehova ba selekane hore ebe batho ba lichaba tse ling ba tla tla ho Jehova empa Juda e manganga e le sechaba e tla hana ho tla. Esaia hase eena feela moprofeta ea bolelang esale pele hore qetellong Molimo o tla khetha sechaba se seng se neng se sa tsejoe pele. (Hosea 1:10; 2:23) Moapostola Pauluse o ile a qotsa Esaia 65:1, 2 ho Septuagint ho bontša hore batho ba lichaba ba ne ba tla fumana “ho loka ho hlahisoang ke tumelo” le hoja Bajuda ba tlhaho ba ne ba tla hana ho etsa seo.—Baroma 9:30; 10:20, 21.
5, 6. (a) Jehova o bontšitse hore o labalabela eng ka tieo, hona batho ba hae ba arabetse joang? (b) Re ka ithuta eng litšebelisanong tsa Jehova le Juda?
5 Jehova o hlalosa lebaka leo a tlang ho lumella batho ba hae hore ba oeloe ke tlokotsi ka lona: “Letsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka ho sechaba se manganga, se tsamaeang tseleng e seng molemo, se latelang menahano ea sona.” (Esaia 65:2) Ho otlolla matsoho ho bontša ho mema kapa ho ipiletsa. Jehova ha aa otlolla matsoho a hae ka nakoana feela, empa o a otlolotse letsatsi lohle. O labalabela ka tieo hore Juda e khutlele ho eena. Empa sechaba sena se manganga ha sea arabela.
6 Ke thuto e thobang pelo hakaakang eo re ithutang eona mantsoeng a Jehova! O batla hore re mo atamele kahobane ke Molimo ea atamelehang. (Jakobo 4:8) Mantsoe ana a boetse a bontša hore Jehova o ikokobelitse. (Pesaleme ea 113:5, 6) Ha e le hantle, o lula a otlolotse matsoho ka tsela ea tšoantšetso, a ipiletsa ho batho ba hae hore ba khutle le hoja manganga a bona a mo ‘utloisitse bohloko.’ (Pesaleme ea 78:40, 41) Qetellong ka mor’a ho ipiletsa ho bona ka lilemo tse makholo o ba tlohella ho lira tsa bona. Esita leha ho le joalo, ha a lahle batho ka bomong ba ikokobelitseng har’a bona.
7, 8. Sechaba sa Jehova se manganga se mo phephelitse ka litsela life?
7 Bajuda ba manganga ba ’nile ba phephetsa Jehova ka makhetlo ka boitšoaro ba bona bo hlabisang lihlong. Jehova o hlalosa liketso tsa bona tse khopisang: “Sechaba se entsoeng ka ba ntšiteloang kamehla ke ntse ke ba shebile, ba etsang mahlabelo lirapeng le ba etsang mosi oa mahlabelo holim’a litene, ba lulang har’a libaka tsa lepato, le ba hlolang bosiu metlotloaneng ea ho lebela, ba jang nama ea kolobe, esita le moro oa lintho tse silafetseng o ka lijaneng tsa bona; ba reng, ‘Lula moo u leng teng. U se ke ua nkatamela, etsoe ka sebele ke tla u senolela khalalelo.’ Bana ke mosi linkong tsa ka, mollo o tukang motšehare oohle.” (Esaia 65:3-5) Batho bana ba bonahalang eka ke barapeli ba siteloa Jehova ‘a ntse a ba shebile’—e leng poleloana e ka ’nang ea bontša ho tella le ho se hlomphe. Ha ba etse boiteko ba ho pata liketso tsa bona tse manyala. Na hase ho nyonyehang ka ho khetheha ho etsa libe ka pel’a Ea lokelang ho hlomphuoa le ho mameloa?
8 Ha e le hantle, baetsalibe bana ba iponang ba lokile ba re ho Bajuda ba bang: ‘Emella thōko le ’na, hobane ’na ke halalela ho u feta.’ Ke boikaketsi bo bokaakang! Bana ‘ba iketsang eka ke barapeli’ ba etsetsa melimo ea bohata mahlabelo le ho e chesetsa libano, e leng seo Molao oa Molimo o se nyatsang. (Exoda 20:2-6) Ba lutse har’a libaka tsa lepato, e leng ho etsang hore ba se ke ba hloeka ho ea ka Molao. (Numere 19:14-16) Ba ja nama ea kolobe, e leng lijo tse sa hloekang.a (Levitike 11:7) Leha ho le joalo, liketso tsa bona tsa bolumeli li etsa hore ba ikutloe ba halalela ho feta Bajuda ba bang, ’me ba batla hore batho ba bang ba emelle thōko le bona e le hore ba tle ba se ke ba halaletsoa, kapa hona ho hloekisoa, ka lebaka la ho tloaelana le bona feela. Leha ho le joalo, ho hang ena hase eona tsela eo Molimo ea batlang “boinehelo bo khethehileng” a talimang lintho ka eona!—Deuteronoma 4:24.
9. Jehova o talima baetsalibe ba iponang ba lokile joang?
9 Ho fapana le ho nka bana ba iponang ba lokile ba halalela, Jehova o re: “Bana ke mosi linkong tsa ka.” Lentsoe la Seheberu bakeng sa “nko” le atisa ho sebelisetsoa ho tšoantšetsa khalefo. Mosi le oona o amahanngoa le khalefo e tukang ea Jehova. (Deuteronoma 29:20) Borapeli bo manyala ba litšoantšo boo batho ba hae ba oetseng ho bona bo qhololitse khalefo ea Jehova e tukang.
10. Jehova o tla buseletsa ba leng Juda bakeng sa libe tsa bona joang?
10 Ka toka ea hae, Jehova a ke ke a lumella baetsalibe bana ba ka boomo hore ba tsoele pele ba sa fumane kotlo. Esaia oa ngola: “‘Bonang! Ho ngotsoe ka pel’a ka. Nke ke ka khutsa, empa ke tla fana ka moputso; ke tla fana ka moputso sefubeng sa bona, bakeng sa liphoso tsa bona le bakeng sa liphoso tsa baholo-holo ba bona ka nako e tšoanang,’ ho boletse Jehova. ‘Kahobane ba entse mosi oa sehlabelo holim’a lithaba, ’me ba ’nyelisitse holim’a maralla, le ’na ke tla lekanya moputso oa bona pele ho tsohle lifubeng tsa bona.’” (Esaia 65:6, 7) Bajuda bana ba tliselitse Jehova thohako ka ho kopanela borapeling ba bohata. Ba entse hore borapeli ba Molimo oa ’nete bo bonahale eka bo ntse bo tšoana le ba lichaba tse ling tse ba potolohileng. “Bakeng sa liphoso tsa bona,” tse akarelletsang borapeli ba litšoantšo le tšebelisano le meea, Jehova o tla ba buseletsa “lifubeng tsa bona.” Ka ho totobetseng lentsoe “sefubeng” le bolela lemeno le karolong e ka holimo ea seaparo le etsang pokotho eo barekisi ba neng ba ka tšela lihlahisoa tse lekantsoeng ka hare ho eona. (Luka 6:38) Ho Bajuda bao ba bakoenehi, ho hlakile hore na seo se bolela’ng—Jehova o tla lekanya “moputso” oa bona, kapa kotlo ea bona. Molimo oa toka o tla batla phetetso. (Pesaleme ea 79:12; Jeremia 32:18) Kaha Jehova ha a fetohe, re ka kholiseha hore ka nako ea hae e loketseng, o tla lekanyetsa kotlo ea tsamaiso ena e khopo ea lintho ka tsela e tšoanang.—Malakia 3:6.
“Ka Lebaka la Bahlanka ba Ka”
11. Jehova o re o tla pholosa masala a tšepahalang joang?
11 Na Jehova o tla bontša ba tšepahalang har’a batho ba hae mohau? Esaia oa hlalosa: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Ka tsela e tšoanang le eo veine e ncha e fumanoang lesihleng ’me e mong a re, “U se ke ua e senya, hobane ho na le tlhohonolofatso ho eona,” ke tla etsa joalo ka lebaka la bahlanka ba ka e le hore ke se ke ka felisa e mong le e mong. Ke tla hlahisa bana ho Jakobo le ho Juda ke hlahise mojalefa oa lithaba tsa ka; ’me bakhethoa ba ka ba tla li rua, le bahlanka ba ka ba lule teng.’” (Esaia 65:8, 9) Ka ho bapisa batho ba hae le lesihla la morara, Jehova o sebelisa papiso eo ba ka e utloisisang habonolo. Morara ke matletsetletse naheng eo, ’me veine e etsoang ka morara ke tlhohonolofatso ho batho. (Pesaleme ea 104:15) E ka ’na eaba papiso eo e fana ka setšoantšo sa lesihla le nang le morara o mong o motle, empa eseng kaofela ha lona. Kapa mohlomong se fana ka khopolo ea hore lesihla le leng le letle, ha a mang a e-s’o butsoe kapa a bolile. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, molemi oa morara ha a na ho lahla morara o motle. Kahoo Jehova o tiisetsa batho ba hae hore ha a na ho felisa sechaba ka kakaretso empa o tla baballa masala a tšepahalang. O bolela hore masala ana a hauhetsoeng a tla rua “lithaba” tsa hae, ke hore Jerusalema le naha ea Juda, naha e nang le maralla eo Jehova a itseng ke ea hae.
12. Masala a tšepahalang a letetsoe ke litlhohonolofatso life?
12 Masala aa a tšepahalang a letetsoe ke litlhohonolofatso life? Jehova oa hlalosa: “Sharone e tla fetoha lekhulo bakeng sa linku ’me khohlo ea Akore e fetohe sebaka sa phomolo bakeng sa likhomo, bakeng sa batho ba ka ba tla beng ba mpatlile.” (Esaia 65:10) Mehlape e phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba Bajuda ba bangata, ’me makhulo a nonneng a thusa ho hlahisa nala nakong ea khotso. Jehova o bua ka lipheletso tse peli tsa naha ho hlalosa boemo ba khotso le nala. Thota ea Sharone e ka bophirimela, e tsebahalang ka botle ba eona le ho nona ha eona, e iphaphatha ka Lebōpo la Leoatle la Mediterranean. Khohlo ea Akore e bōpa karolo ea moeli oa naha ka leboea-bochabela. (Joshua 15:7) Nakong ea botlamuoa e tlang, libaka tsena li tla fetoha lesupi, hammoho le likarolo tse ling tsohle tsa naha. Leha ho le joalo, Jehova o tšepisa hore ka mor’a botlamuoa li tla fetoha makhulo a nonneng bakeng sa masala a khutlang.—Esaia 35:2; Hosea 2:15.
Ho Tšepa “Molimo oa Mahlohonolo”
13, 14. Ke mekhoa efe e bontšang hore batho ba Molimo ba mo furaletse, hona ho tla etsahala’ng ka bona ka lebaka la seo?
13 Joale boprofeta ba Esaia bo khutlela ho ba furaletseng Jehova eaba ba hahamalla borapeli ba litšoantšo. Bo re: “Ke lōna ba furallang Jehova, ba lebalang thaba ea ka e halalelang, ba lokisang tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo le ba tlatsang veine e tsoakiloeng bakeng sa molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele.” (Esaia 65:11) Ka ho teka tafole ea lijo le lino ka pel’a “molimo oa Mahlohonolo” le “molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele,” Bajuda bana ba chechelang morao ba oetse mekhoeng ea lichaba tsa bohetene ea borapeli ba melimo ea litšoantšo.b Ho tla etsahala’ng ka batho leha e le bafe bao ka bothoto ba tšepang melimo ee?
14 Jehova o ba lemosa ka ho toba: “Ke tla le abela sabole, ’me kaofela le tla inama hore le bolaoe; ka lebaka la hore ke hoelelitse, empa ha lea ka la araba; ke buile, empa ha lea ka la mamela; le ’nile la etsa se sebe mahlong a ka, ’me la khetha ntho eo ke sa khahloeng ke eona.” (Esaia 65:12) Ka tsela e phoqang lebitso la molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele puong ea Seheberu sa qalong, Jehova o re ba rapelang molimo enoa oa bohata ba tla ‘abeloa sabole,’ ke hore timetso. Jehova o ’nile a ipiletsa ho batho bana ka makhetlo-khetlo hore ba bake a sebelisa baprofeta ba hae, empa ba mo hlokomolohile ’me ka manganga ba khethile ho etsa seo ba tsebang hore se sebe mahlong a hae. Ba bontša ho nyelisa Molimo hakaakang! E le phethahatso ea temoso ea Molimo, sechaba se tla oeloa ke tlokotsi e khōlō ka 607 B.C.E. ha Jehova a lumella Bababylona ho timetsa Jerusalema le tempele ea eona. Nakong eo “molimo oa Mahlohonolo” o tla sitoa ho sireletsa batho ba inehetseng ho eena ba leng Juda le ba leng Jerusalema.—2 Likronike 36:17.
15. Bakreste ba ’nete kajeno ba ela hloko temoso e ho Esaia 65:11, 12 joang?
15 Kajeno Bakreste ba ’nete ba ela hloko temoso e ho Esaia 65:11, 12. Ha ba behe tšepo ea bona ‘Mahlohonolong,’ joalokaha eka Mahlohonolo ke mofuta o mong o itseng oa matla a phahametseng a tlhaho a ka fanang ka melemo e itseng. Kaha ha ba hafake ka lintho tsa bona tse bonahalang moo ba lekang ho khahlisa “molimo oa Mahlohonolo,” ba qoba mofuta o mong le o mong oa papali ea chelete. Ba kholisehile hore ba inehelang ho molimo enoa ba tla qetella ba lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe, kaha Jehova o re ho ba joalo: “Ke tla le abela sabole.”
“Bonang! Bahlanka ba ka ba Tla Thaba”
16. Jehova o tla hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ka litsela life, empa ho tla etsahala’ng ka ba mo furaletseng?
16 Ha bo khalemela ba furaletseng Jehova, boprofeta bo hlalosa likarolo tse fapaneng tse letetseng ba rapelang Molimo ka tieo le ba mo rapelang ka boikaketsi: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: ‘Bonang! Bahlanka ba ka ba tla ja, empa lōna le tla lapa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla noa, empa lōna le tla nyoroa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla hlajoa ke lihlong. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo, empa lōna le tla etsa mehoo ka lebaka la bohloko ba pelo ’me le tla bokolla ka lebaka la ho sithabela ho hoholo ha moea.’” (Esaia 65:13, 14) Jehova o tla hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ka lipelo tse tletseng thabo, ba tla hlaba litlatse. Ho ja, ho noa le ho thaba ke lipoleloana tse bontšang hore Jehova o tla khotsofatsa litlhoko tsa barapeli ba hae ka seatla se bulehileng. Ka lehlakoreng le leng, ba khethileng ho furalla Jehova ba tla lapa le ho nyoroa moeeng. Litlhoko tsa bona ha li na ho khotsofatsoa. Ba tla hooa ba be ba bokolle ke tsieleho le mahlomola a tlang ho ba oela.
17. Ke hobane’ng ha batho ba Molimo kajeno ba e-na le lebaka le utloahalang la ho hooa ka thabo?
17 Mantsoe a Jehova a hlalosa hantle boemo ba moea bo teng kajeno har’a ba ipolelang ka molomo feela hore ba sebeletsa Molimo. Le hoja, ba limilione Bokreste-’mōtoaneng ba sithabetse moeeng, barapeli ba Jehova bona ba hooa ka thabo. ’Me ba na le lebaka le utloahalang la ho thaba. Ba fepehile hantle moeeng. Jehova o ba fepa lijo tse ngata tsa moea ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng le ka lipokano tsa Bokreste. Ka sebele, linnete tse hahang le litšepiso tse tšelisang tsa Lentsoe la Molimo li re fa “boemo bo botle ba pelo”!
18. Ho tla sala’ng ho ba furaletseng Jehova, hona ho sebelisoa ha lebitso la bona e le kano ho ka ’na ha bolela’ng?
18 Jehova o tsoela pele ho bua le ba mo furaletseng: “Ka sebele le tla boloka lebitso la lōna e le kano ea bakhethoa ba ka, ’me ’Musi Morena Jehova o tla le bolaea ka bomong, empa o tla bitsa bahlanka ba hae ka lebitso le leng; hoo mang kapa mang ea itlhohonolofatsang lefatšeng a tlang ho itlhohonolofatsa ka Molimo oa tumelo, le mang kapa mang ea hlapanyang lefatšeng a tlang ho hlapanya ka Molimo oa tumelo; hobane mahlomola a pele a tla be a lebetsoe le hobane a tla patoa mahlong a ka.” (Esaia 65:15, 16) Sohle se tlang ho sala ho ba furaletseng Jehova ke lebitso la bona, le tlang ho sebelisoa e le kano, kapa e le thohako feela. Sena se ka ’na sa bolela hore ba lakatsang ho itlama ka kano, ha e le hantle ba re: ‘Haeba ke sa phethe tšepiso ena, a nke ke otloe ka kotlo e ileng ea fuoa bakoenehi bao.’ Ho ka ba ha bolela hore lebitso la bona le tla sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso, joaloka Sodoma le Gomora, ho tšoantšetsa kotlo ea Molimo ho ba khopo.
19. Bahlanka ba Molimo ba tla bitsoa ka lebitso le leng joang, hona ke hobane’ng ha ba tla tšepa Molimo ea tšepahalang? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
19 Boemo ba bahlanka ba Molimo e tla ba bo fapaneng hakaakang! Ba tla bitsoa ka lebitso le leng. Seo se tšoantšetsa boemo bo hlohonolofalitsoeng le bo hlomphehang boo ba tlang ho bo thabela ha ba khutlela naheng ea habo bona. Ha ba na ho batla tlhohonolofatso ea molimo leha e le ofe oa bohata kapa ho hlapanya ka molimo leha e le ofe oa setšoantšo o sa pheleng. Ho e-na le hoo, ba tla itlhohonolofatsa kapa ba hlapanye ka Molimo ea tšepahalang. (Esaia 65:16, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Baahi ba naha ba tla ba le lebaka la ho tšepa Molimo ka ho feletseng, kaha o tla be a ipakile e le ea tšepahallang litšepiso tsa hae.c Ba sireletsehile naheng ea habo bona, e se neng Bajuda ba tla lebala mahlomola ao ba kileng ba e-ba ho ’ona.
“Ke Bōpa Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”
20. Tšepiso ea Jehova ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” e ile ea phethahala joang ka 537 B.C.E.?
20 Joale Jehova o qaqisa tšepiso ea hae ea ho tsosolosa masala a bakileng ka mor’a hore a khutle botlamuoeng Babylona. A sebelisa Esaia, Jehova o re: “Bonang! ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) Tšepiso ea Jehova ea tsosoloso e tla fela e phethahale, kahoo o bua ka tsosoloso eo e tlang joalokaha eka e se e ntse e etsahala. Boprofeta bona bo ile ba qala ho phethahala ka 537 B.C.E. ha masala a Bajuda a ne a khutlisetsoa Jerusalema. Ke eng eo e ileng ea e-ba “maholimo a macha” ka nako eo? Ke puso ea Zorobabele e neng e tšehelitsoe ke Moprista ea Phahameng Joshua ’me e thehiloe Jerusalema. Masala a tsosolositsoeng a Bajuda e ile ea e-ba “lefatše le lecha,” e leng mokhatlo o hloekisitsoeng o neng o ikokobelletsa bobusi boo ’me o thusa ho tsosolosa borapeli bo hloekileng naheng eo. (Esdrase 5:1, 2) Thabo e tlisoang ke tsosoloso eo e feta mahlomola ’ohle a nakong e fetileng; tsieleho ea nakong e fetileng e ne e se e bile e sa hopoloe.—Pesaleme ea 126:1, 2.
21. Maholimo a macha a ileng a e-ba teng ka 1914 ke afe?
21 Leha ho le joalo, hopola hore Petrose o ile a boela a bua mantsoe a boprofeta ba Esaia ’me a bontša hore a tla phethahala nakong e tlang. Moapostola o ile a ngola: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Ka 1914 maholimo a macha a ’nileng a leteloa ka nako e telele a ile a e-ba teng. ’Muso oa Bomesia o tsoetsoeng selemong seo o busa o le leholimong, ’me Jehova o o file bolaoli lefatšeng lohle. (Pesaleme ea 2:6-8) Puso ena ea ’Muso, e tlas’a Kreste le babusi-’moho le eena ba 144 000, ke ’ona maholimo a macha.—Tšenolo 14:1.
22. Ke bo-mang ba tla bōpa lefatše le lecha, hona batho ba lokisetsoa ho ba motheo oa tokisetso eo joang esita le hona joale?
22 Ho thoe’ng ka lefatše le lecha? Joaloka phethahatsong ea boholo-holo, lefatše le lecha le tla etsoa ka batho bao ka thabo ba ikokobelletsang bobusi ba ’muso o mocha oa leholimo. Esita le hona joale, ba limilione ba sekametseng ho se nepahetseng ba ikokobelletsa ’muso ona ’me ba ikitlaelletsa ho latela melao ea oona joalokaha e fumaneha ka Bibeleng. Ba tsoa lichabeng tsohle, lipuong tsohle le merabeng eohle, ’me ba sebeletsa Morena Jesu Kreste ea busang ba tšoarisane hammoho. (Mikea 4:1-4) Ka mor’a hore tsamaiso ena e khopo ea lintho e teng hona joale e fete, sehlopha sena e tla ba motheo oa lefatše le lecha leo qetellong e tlang ho ba mokhatlo oa lefatše lohle oa batho ba tšabang Molimo ba tla ja lefa la lefatšeng la ’Muso oa Molimo.—Matheu 25:34.
23. Re fumana boitsebiso bofe bukeng ea Tšenolo mabapi le “leholimo le lecha le lefatše le lecha,” hona boprofeta boo bo tla phethahala joang?
23 Buka ea Tšenolo e hlalosa pono eo moapostola Johanne a ileng a e bona ea letsatsi la Jehova le tlang, leo tsamaiso ena ea lintho e tlang ho felisoa ka lona. Ka mor’a moo, Satane o tla koalloa sekoting. (Tšenolo 19:11–20:3) Ka mor’a ho hlalosa sena, Johanne o lumellana le mantsoe a Esaia a boprofeta, oa ngola: “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha.” Litemana tse latelang tlalehong ea pono ena e thabisang li bua ka nako eo ka eona Jehova Molimo a tlang ho fetola maemo a lefatše lena ka ho feletseng ’me a tlise a molemo. (Tšenolo 21:1, 3-5) Ho hlakile hore tšepiso ea Esaia ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” e tla phethahala ka tsela e hlollang lefatšeng le lecha la Molimo! Tlas’a maholimo ao a macha a puso, mokhatlo oa lefatše le lecha o tla thabela paradeise ea moea le ea sebele. Ka sebele tšepiso ea hore “lintho tsa pele [ho kula, ho utloa bohloko le litlokotsi tse ling tse ngata tseo batho ba tobanang le tsona] li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong” ke e tšelisang. Ntho leha e le efe eo re ka e hopolang ka nako eo ha e na ho re utloisa bohloko bo tebileng, kapa bo hlabang, bo teng hona joale lipelong tsa ba bangata.
24. Ke hobane’ng ha Jehova a tla thabisoa ke ho tsosolosoa ha Jerusalema, hona ke eng e sa tl’o hlola e utloahala literateng tsa motse oo?
24 Boprofeta ba Esaia bo tsoela pele: “Thabang, ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang. Etsoe bonang! ke bōpa Jerusalema hore e be sesosa sa nyakallo le batho ba eona e be sesosa sa thabo e khaphatsehang. Ke tla ithabela ho Jerusalema ’me ke ithabele ho sechaba sa ka; ha ho sa tla hlola ho utluoa ho eona molumo oa ho lla kapa molumo oa mohoo oa ho utloa bohloko.” (Esaia 65:18, 19) Hase feela hore Bajuda ba tla thabela ho khutlisetsoa naheng ea habo bona empa Molimo ka boeena o tla thaba, kaha o tla khabisa Jerusalema—e boele e be setsi sa borapeli ba ’nete lefatšeng. Molumo oa ho bokolla ka lebaka la tlokotsi, o ileng oa utloahala literateng tsa motse oo lilemong tse mashome pejana, ha o sa tla hlola o utloahala.
25, 26. (a) Jehova o etsa hore Jerusalema “e be sesosa sa nyakallo” joang mehleng ea rōna? (b) Jehova o tla sebelisa Jerusalema e Mocha joang, hona ke hobane’ng ha re ka thaba kajeno?
25 Le kajeno Jehova o etsa hore Jerusalema “e be sesosa sa nyakallo.” Joang? Joalokaha re se re bone, maholimo a macha a bileng teng ka 1914 a tla qetella a e-na le babusi-’moho ba 144 000 ka kakaretso, ba nang le kabelo ’musong oa leholimo. Bana ba hlalosoa ka tsela ea boprofeta e le “Jerusalema e Mocha.” (Tšenolo 21:2) Molimo o re ka Jerusalema e Mocha: “Bonang! ke bōpa Jerusalema hore e be sesosa sa nyakallo le batho ba eona e be sesosa sa thabo e khaphatsehang.” Molimo o tla sebelisa Jerusalema e Mocha ho tšollela litlhohonolofatso tse ke keng tsa lekanngoa ho moloko oa batho o mamelang. Ha ho sa tla hlola ho utloahala mohoo oa ho lla kapa oa ho bokolla, kaha Jehova o tla khotsofatsa tseo ‘lipelo tsa rōna li li kōpang.’—Pesaleme ea 37:3, 4.
26 Ke sebele, re na le mabaka ’ohle a ho thaba kajeno! Haufinyane Jehova o tla halaletsa lebitso la hae le khanyang ka ho fetisisa ka ho felisa bahanyetsi bohle. (Pesaleme ea 83:17, 18) Ka mor’a moo maholimo a macha a tla busa ka ho feletseng. Aa ke mabaka a babatsehang hakaakang a ho thaba le ho nyakalla ka ho sa feleng ka lebaka la seo Molimo a se bōpang!
Tšepiso ea Bokamoso bo Sireletsehileng
27. Esaia o hlalosa tšireletseho eo Bajuda ba khutlang ba tlang ho e thabela naheng ea habo bona joang?
27 Phethahatsong ea pele, Bajuda ba khutlang ba il’o phela joang tlas’a maholimo a macha? Jehova o re: “Sebakeng seo ha ho sa tla hlola ho e-ba le ngoana ea anyang ea tla phela matsatsi a seng makae, kapa monna-moholo ea sa phetheng matsatsi a hae; etsoe motho o tla shoa e sa le moshanyana feela, le hoja a le lilemo li lekholo; ha e le moetsalibe, le hoja a le lilemo li lekholo o tla rohakoa.” (Esaia 65:20) Batlamuoa ba khutlang ba tla thabela boemo bo babatsehang hakaakang ba tšireletseho naheng ea habo bona e tsosolositsoeng! Lesea le sa tsoa tsoaloa, le phetseng matsatsi a seng makae feela, ha le na ho shoa lefu le tlang pele ho nako. Esita le monna ea hōlileng ea e-s’o qete lilemo tse feletseng tsa nako ea ho phela a ke ke a shoa pele ho nako ea hae.d Mantsoe a Esaia ke a khothatsang hakaakang ho Bajuda ba tlang ho khutlela Juda! Ba sireletsehile naheng ea habo bona, ha ho hlokahale hore ba tšoenyehe ka hore lira li tla nka masea a bona kapa li bolaee banna ba bona.
28. Re ithuta eng mantsoeng a Jehova ka bophelo lefatšeng le lecha tlas’a ’Muso oa hae?
28 Mantsoe a Jehova a re bolella’ng ka bophelo lefatšeng le lecha le tlang? Tlas’a ’Muso oa Molimo, ngoana e mong le e mong o tla ba le monyetla oa ho ba le bokamoso bo sireletsehileng. Lefu ha le sa tla hlola le nka motho ea tšabang Molimo nakong ea bocha ba hae. Ho e-na le hoo, batho ba mamelang ba tla bolokeha, ba sireletsehe ba be ba khone ho thabela bophelo. Ho thoe’ng ka batho leha e le bafe ba khethang ho fetohela Molimo? Ba joalo ba tla lahleheloa ke tokelo ea ho phela. Esita le haeba lerabele la moetsalibe le le “lilemo li lekholo,” le tla shoa. Ka tsela eo, e tla be e le “moshanyana feela” ha ho bapisoa le seo e neng e tla ba sona—motho ea phelang ka ho sa feleng.
29. (a) Batho ba Molimo ba mamelang ba tla thabela lintho life naheng ea Juda e tsosolositsoeng? (b) Ke hobane’ng ha lifate e le papiso e loketseng e tšoantšetsang bophelo bo bolelele? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
29 Jehova o tsoela pele ho hlalosa maemo a tla rena naheng e tsosolositsoeng ea Juda: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate; ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.” (Esaia 65:21, 22) Ka mor’a ho khutlela naheng ea Juda e lutseng e le lesupi le eo ntle ho pelaelo e se nang matlo le lifate tsa morara, batho ba Molimo ba mamelang ba tla thabela ho lula matlong a bona le ho ja litholoana tsa masimo a bona a morara. Molimo o tla hlohonolofatsa mosebetsi oa bona, ’me ba tla phela halelele—ho lekana le matsatsi a lifate—ba thabele litholoana tsa mesebetsi ea bona.e
30. Bahlanka ba Jehova ba thabela boemo bofe bo thabisang kajeno, hona ba tla thabela eng lefatšeng le lecha?
30 Boprofeta bona bo phethahetse mehleng ena ea rōna. Batho ba Jehova ba ile ba tsoa botlamuoeng ba moea ka 1919 ’me ba qala ho tsosolosa “naha” ea bona, kapa sebaka sa bona sa tšebeletso le sa borapeli. Ba hahile liphutheho le ho hlaolela ho beha litholoana ka tsela ea moea. Ka hona, esita le hona joale batho ba Jehova ba thabela paradeise ea moea le khotso e fanoang ke Molimo. Re ka kholiseha hore khotso e joalo e tla tsoela pele ho isa Paradeiseng ea sebele. Re sitoa ho lekanyetsa seo Jehova a tlang ho se finyella ka matsoho le lipelo tse tletseng boikemisetso tsa barapeli ba hae lefatšeng le lecha. E tla ba ho thabisang hakaakang ho ikahela ntlo le ho lula ho eona! Ha ho na ho ba le khaello ea mosebetsi o khotsofatsang pusong ea ’Muso. E tla ba ho putsang hakaakang ho lula u “bona . . . molemo” oa litholoana tsa mesebetsi ea hao! (Moeklesia 3:13) Na re tla ba le nako e lekaneng bakeng sa ho thabela mosebetsi oa matsoho a rōna ka botlalo? E, ka sebele re tla ba le eona! Bophelo bo sa feleng ba batho ba tšepahalang bo tla ba “joaloka matsatsi a sefate”—lilemo tse likete le ho feta!
31, 32. (a) Batlamuoa ba khutlang ba tla thabela litlhohonolofatso life? (b) Batho ba tšepahalang ba tla lebella eng lefatšeng le lecha?
31 Jehova o hlalosa litlhohonolofatso tse ling tse letetseng batlamuoa ba khutlang: “Ba ke ke ba sehlela lefeela, kapa ba tsoalla pherekano; kahobane ke bana ba entsoeng ka ba hlohonolofalitsoeng ba Jehova, hammoho le litloholo tsa bona.” (Esaia 65:23) Bajuda bao ba khutlang ba tla be ba hlohonolofalitsoe ke Jehova, kahoo ha ba na ho sebeletsa lefeela. Batsoali ha ba na ho tsoala bana ebe ba shoa ba sa le banyenyane. Ba neng ba le botlamuoeng ha ba na ho thabela litlhohonolofatso tsa tsosoloso ba le bang; ba tla li thabela le bana ba bona. Molimo o labalabela ho khotsofatsa litlhoko tsa batho ba hae hoo a tšepisang: “Etlare pele ba hoeletsa ke tla araba; ha ba sa ntse ba bua, ke tla utloa.”—Esaia 65:24.
32 Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsee joang lefatšeng le lecha le tlang? Re tla lokela ho letela seo. Jehova ha aa fana ka makolopetso ’ohle, empa re ka kholiseha hore ha ho mohla batho ba tšepahalang ba tlang ho boela ba “sehlela lefeela.” Bongata bo boholo ba baphonyohi ba Armagedone le bana leha e le bafe bao ba ka ’nang ba e-ba le bona ba tla ba le tebello ea ho phela bophelo bo bolelele haholo le bo khotsofatsang—bophelo bo sa feleng! Ba khutlang tsohong ea bafu ’me ba khetha ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Molimo le bona ba tla fumana thabo lefatšeng le lecha. Jehova o tla ela hloko litlhoko tsa bona ’me a li khotsofatse, a be a li hlokomele esale pele. Ka sebele, Jehova o tla fuparolla seatla sa hae ’me a khotsofatse “takatso [e loketseng] ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 145:16.
33. Ha Bajuda ba khutlela naheng ea habo bona, liphoofolo li ba le khotso ka kutloisiso efe?
33 Khotso le tšireletseho tse tšepisitsoeng li tla pharalla hakae? Jehova o qetella karolo ena ea boprofeta tjena: “‘Phiri le konyana li tla fula hammoho, ’me tau e tla ja joang joaloka poho; ha e le noha, lijo tsa eona e tla ba lerōle. Li ke ke tsa ntša kotsi kapa tsa senya thabeng eohle ea ka e halalelang,’ ho boletse Jehova.” (Esaia 65:25) Ha masala a tšepahalang a Bajuda a khutlela naheng ea habo ’ona, a tla ba tlhokomelong ea Jehova. Ha e le hantle, tau e tla ja joang joaloka poho kaha tau ha e sa tla hlola e ntša Bajuda kotsi kapa e ntša liphoofolo tsa bona tse ruuoang kotsi. Tšepiso ena ke ea ’nete kaha e qetella ka mantsoe a reng, “ho boletse Jehova.” ’Me kamehla lentsoe la hae lea phethahala!—Esaia 55:10, 11.
34. Mantsoe a Jehova a phethahala ka tsela e thabisang joang hona joale le lefatšeng le lecha?
34 Mantsoe a Jehova a phethahala ka tsela e hlollang har’a barapeli ba ’nete kajeno. Ho tloha ka 1919, Molimo o ’nile a hlohonolofatsa naha ea moea ea batho ba hae, a e fetola paradeise ea moea. Ba tlang paradeiseng ena ea moea ba etsa liphetoho tse hlokomelehang bophelong ba bona. (Baefese 4:22-24) Ka thuso ea moea oa Molimo, batho bao ka nako e ’ngoe ba neng ba e-na le botho bo kang ba libatana—bao mohlomong ba neng ba tlatlapa kapa ba hanyapetsa batho ba bang—ba tsoela pele ho hlōla mekhoa eo e mebe. Ka hona, ba thabela khotso le bonngoe ba borapeli le balumeli-’moho le bona. Litlhohonolofatso tseo batho ba Jehova ba li thabelang hona joale paradeiseng ea bona ea moea li tla atolohela Paradeiseng ea sebele, eo ho eona khotso e tla rena mahareng a batho e tlang ho tlatselletsoa ke khotso ea batho le liphoofolo. Re ka kholiseha hore ka nako ea Molimo e loketseng, taelo ea hae ea tšimolohong ho moloko oa batho e tla phethahala ka ho loketseng: “Le buse [lefatše], ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”—Genese 1:28.
35. Ke hobane’ng ha re e-na le mabaka ’ohle a ho ‘nyakalla ka ho sa feleng’?
35 Re ananela hakaakang hore ebe Jehova o tšepisa ho bōpa “maholimo a macha le lefatše le lecha”! Tšepiso eo e ile ea phethahala ka 537 B.C.E. ’me e ntse e phethahala ka ho tsoelang pele kajeno. Ho phethahala ha eona ka litsela tsena tse peli ho supa tsela e lebisang batho ba mamelang bokamosong bo khanyang. A sebelisa boprofeta ba Esaia, ka mosa Jehova o re file tlhase ea seo a se boloketseng ba mo ratang. Ka sebele, re na le mabaka ’ohle a ho ela hloko mantsoe a Jehova a reng: “Le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang”!—Esaia 65:18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bangata ba nahana hore baetsalibe bana ba ne ba le libakeng tsa lepato ba leka ho buisana le bafu. E ka ’na eaba ho ja ha bona nama ea kolobe ho ne ho amana le borapeli ba melimo ea litšoantšo.
b Ha a hlalosa temana ena, mofetoleli oa Bibele Jerome (ea hlahileng lekholong la bone la lilemo C.E.) o bua ka tloaelo ea boholo-holo e neng e etsoa ke barapeli ba melimo ea litšoantšo ka letsatsi la ho qetela la khoeli ea ho qetela ea selemo sa bona. O ile a ngola: “Ba ne ba ee ba teke tafole e nang le lijo tsa mefuta-futa le mohope oa seno se tsoakiloeng ka veine e monate ho tiisa hore ho tla ba le mahlohonolo a tsoalo selemong se fetileng kapa selemong se tlang.”
c Ho ea ka Esaia 65:16 tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ea Bamasorete, Jehova ke “Molimo oa Amen.” “Amen” e bolela “a ho be joalo,” kapa “ka sebele,” ’me ke tiiso ea hore ntho e itseng ke ’nete kapa e tlameha ho etsahala. Ka ho phethahatsa sohle seo a se tšepisang, Jehova o bontša hore seo a se buang ke ’nete.
d Bibele ea Sesotho e fetolela Esaia 65:20 tjena: “Ha ho lesea le tlang ho tsoalloa hore le phele ka matsatsi a se makae, ha ho leqheku le sa tl’o ka le phetha palo ea matsatsi a lona.”
e Lifate ke papiso e loketseng e tšoantšetsang bophelo bo bolelele kaha ke tse ling tsa lintho tse tsebahalang tse phelang nako e telele ka ho fetisisa. Ka mohlala, sefate sa mohloaare se beha litholoana ka lilemo tse makholo ’me se ka ’na sa phela lilemo tse isang ho tse sekete.
[Setšoantšo se leqepheng la 389]
Lefatšeng le lecha la Molimo, re tla ba le nako e lekaneng ea ho thabela mosebetsi oa matsoho a rōna