Thuto 5
Khefu e Loketseng
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Ema ka ho feletseng libakeng tse loketseng nehelanong ea hao. Ka linako tse ling, u ka ’na ua etsa khefu e khutšoanyane kapa ua fokotsa lentsoe ka motsotsoana. Khefu e loketse haeba e phetha morero oa bohlokoa.
Ke Hobane’ng ha e le ea Bohlokoa?
Ho sebelisa khefu ka mokhoa o loketseng ke karolo ea bohlokoa bakeng sa puo e ka utloisisoang habonolo. Ho etsa khefu ho boetse ho etsa hore lintlha tsa bohlokoa li totobale.
PUONG, likhefu tse etsoang libakeng tse loketseng ke tsa bohlokoa. Sena sea sebetsa ho sa tsotellehe hore na u fana ka puo kapa u bua le motho a le mong. Ha likhefu tse joalo li le sieo, se buuoang se ka ’na sa utloahala e le ho bebera ho e-na le hore e be ho hlalosoa ha mohopolo ka tsela e hlakileng. Ho etsa khefu e loketseng ho thusa ho hlakisa puo ea hao. Hape ho ka sebelisoa ka tsela e tla etsa hore lintlha tsa hao tsa sehlooho li se ke tsa lebaleha.
U ka tseba joang hore na u lokela ho etsa khefu neng? Likhefu li lokela ho ba bolelele bo bokae?
Etsa Khefu Moo ho Nang le Matšoao a Puo. Matšoao a puo a se a fetohile karolo ea bohlokoa ea puo e ngoloang. A ka ’na a bontša moo polelo kapa potso e fellang teng. Lipuong tse ling a sebelisetsoa ho arola mantsoe a qotsitsoeng. Matšoao a mang a puo a bontša ho amana ha karolo e ’ngoe ea polelo le likarolo tse ling. Motho ea ipallang o khona ho bona matšoao ao a puo. Empa ha a bala ka lentsoe le phahameng molemong oa ba bang, lentsoe la hae le lokela ho fetisa moelelo oa matšoao leha e le afe a puo a hlahang boitsebisong boo bo ngotsoeng. (Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, bona Thuto ea 1, “Ho Bala ka Nepo.”) Ho se etse khefu ha letšoao la puo le hloka hore u etse joalo ho ka thatafalletsa ba bang ho utloisisa seo u se balang kapa ho ka ba ha fella ka hore moelelo oa taba o sothehe.
Ho phaella matšoaong a puo, tsela eo mehopolo e hlalosoang ka eona har’a polelo ke eona e lekanyetsang hore na ke hokae moo ho loketseng ho etsa likhefu. Sebini se seng se tsebahalang se kile sa re: “Ha ke bapale ’mino hamolemo ho feta liletsi tse ngata tsa piano. Empa ho etsa likhefu pakeng tsa ’mino ke hona ho bontšang mosebetsi o entsoeng ka bokhabane.” Ho joalo le ka ho bua. Ho sebelisa khefu hantle ho tla khabisa boitsebiso ba hao bo lokiselitsoeng hantle le ho etsa hore bo be le moelelo.
Ha u lokisetsa ho bala phatlalatsa, u ka ’na ua fumana ho thusa ho etsa matšoao khatisong eo u tla beng u e bala. Etsa mela e menyenyane e otlolohileng e bontšang moo u ka etsang khefu e khutšoanyane teng, mohlomong le ho tsilatsila ho se hokae. Bakeng sa khefu e telele sebelisa mela e ’meli e atamelaneng e otlolohileng. Ha u bona hore mantsoe a itseng a behiloe ka tsela eo u sa e tloaelang ’me seo se etsa hore u etse khefu khafetsa sebakeng se fosahetseng, etsa matšoao ka pentšele bakeng sa ho hokahanya mantsoe ’ohle a bōpang poleloana eo e thata. Joale bala poleloana eo ho tloha qalong ho isa qetellong. Libui tse ngata tse nang le phihlelo li etsa joalo.
Hangata ho etsa khefu puong ea letsatsi le letsatsi ha ho thata hobane u tseba mehopolo eo u batlang ho e fetisa. Leha ho le joalo, haeba u e-na le mokhoa oa ho etsa khefu ka makhetlo a mangata ho sa tsotellehe seo mohopolo o se hlokang, puo ea hao e ke ke ea e-ba matla le ho hlaka. Litlhahiso tsa ho ntlafatsa li boletsoe Thutong ea 4, “Nehelano e Phollatsi.”
Etsa Khefu Bakeng sa ho Fetola Mohopolo. Ha u tloha ntlheng e ’ngoe e khōlō u fetela ho e ’ngoe, ho etsa khefu ho ka fa bamameli ba hao monyetla oa ho thuisa, ho tloaela, ho hlokomela ha u se u fetola maoa le ho utloisisa ka ho hlaka mohopolo o latelang o tla boleloa. Ke habohlokoa ka tsela e tšoanang hore u etse khefu ha u tloha mohopolong o mong u fetela ho o mong ho tšoana leha u fokotsa lebelo mothinyeng ha u tloha seterateng se seng u e-ea ho se seng.
Lebaka le leng le etsang hore libui tse ling li potlake ha li tloha mohopolong o mong li ea ho o mong li sa etse khefu ke hobane li leka ho akaretsa boitsebiso bo bongata haholo. Ho ba bang, mokhoa ona o bontša tsela eo ba buang ka eona letsatsi le letsatsi. Mohlomong motho e mong le e mong ea haufi le bona o bua ka mokhoa o tšoanang. Empa seo ha se felle ka ho ruta ka mokhoa o atlehang. Haeba ho e-na le ntho e itseng eo u batlang hore ba bang ba e utloe le ho e hopola, iphe nako e lekaneng ea ho etsa hore mohopolo oo o totobale. Hlokomela hore likhefu lia hlokahala hore puo e fetise mehopolo ka ho hlaka.
Haeba u il’o fana ka puo u sebelisa kemiso ea puo, boitsebiso ba hao bo lokela ho hlophisoa ka tsela eo ka eona ho tlang ho totobala hore na ke hokae moo u lokelang ho etsa khefu teng pakeng tsa lintlha tsa sehlooho. Haeba u tla be u bala taba e ngotsoeng, tšoaea libaka tseo ho tsona ntlha e ’ngoe ea sehlooho e fetohang ho ea ho e latelang.
Ka tloaelo likhefu tse etsetsoang ho fetola mohopolo li telele ho feta likhefu tse etsoang ka lebaka la matšoao a puo—leha ho le joalo, ha li telele hoo li etsang hore nehelano e nke nako e telele. Haeba li le telele haholo, li fana ka maikutlo a hore ha ua lokisetsa hantle le hore u leka ho fumana seo u ka se buang.
Ho Etsa Khefu Bakeng sa ho Hatisa. Hangata khefu e etsetsoang ho hatisa e hapa tlhokomelo, ke hore, e tlang pele kapa ka mor’a polelo kapa potso e boletsoeng ka mokhoa o matla. Khefu e joalo e fa bamameli monyetla oa ho nahana ka se sa tsoa boleloa, kapa e etsa hore ba lebelle se tla latela. Likhefu tsena ha li tšoane. Etsa qeto hore na ke mokhoa ofe o loketseng oo u ka o sebelisang. Empa u hopole hore likhefu tse etsetsoang ho hatisa li lokela ho sebelisoa feela lipolelong tse nang le molaetsa oa bohlokoa haholo. Ho seng joalo, molemo oa lipolelo tseo o tla senyeha.
Ha Jesu a ne a bala Mangolo ka lentsoe le phahameng ka synagogeng ea Nazaretha, o ile a sebelisa khefu ka katleho. Pele, o ile a bala thōmo ea hae moqolong oa moprofeta Esaia. Leha ho le joalo, pele a bontša hore na e sebetsa joang, o ile a phutha moqolo oo, a o khutlisetsa ho mohlokomeli eaba o lula fatše. Joale ha bohle ba ka synagogeng ba tsepamisa mahlo ho eena, o ile a re: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.”—Luka 4:16-21.
Etsa Khefu ha Maemo a Hloka Hoo. Ka linako tse ling litšitiso le tsona li ka hloka hore u etse khefu ha u bua. Lerata la batho ba fetang kapa ngoana ea llang le ka hloka hore u emise moqoqo oa hao le mong’a ntlo eo u kopaneng le eena tšebeletsong ea tšimo. Haeba tšitiso e se khōlō haholo sebokeng, u ka ’na ua khona ho phahamisa lentsoe ’me u tsoele pele. Empa haeba tšitiso e baka lerata ’me e tsoela pele ka nako e telele, u lokela ho etsa khefu. Bamameli ba hao ba tla be ba sa mamela. Kahoo sebelisa khefu ka katleho, ka sepheo sa ho thusa bamameli ba hao ho rua molemo o feletseng linthong tse ntle tseo u batlang ho ba bolella tsona.
Etsa Khefu Bakeng sa ho Emela Karabo. Le hoja u ka ’na ua fana ka puo e sa hlokeng hore bamameli ba nke karolo, ke habohlokoa hore u lumelle bamameli ho araba, eseng ka lentsoe le utloahalang, empa ka pelong. Ha u botsa lipotso tse lokelang ho etsa hore bamameli ba hao ba nahane empa u sa etse khefu e lekaneng, molemo oa lipotso tseo o tla senyeha.
Ka ho hlakileng, ke habohlokoa hore u etse khefu, eseng feela ha u bua sethaleng empa hape leha u pakela ba bang. Batho ba bang ha ba etse khefu ho hang. Haeba u e-na le bothata bo joalo, etsa boiteko bo tiileng ba ho hlaolela tšoaneleho ena ea ho bua. U tla ntlafatsa mokhoeng oa hao oa ho buisana le ba bang esita le ho atleha tšebeletsong ea hao ea tšimo. Ho etsa khefu ke ho thōla ka motsotsoana ’me ho ’nile ha boleloa ka nepo hore ho thōla ho kenyelletsa ho hong, hoa hatisa, ho hapa tlhokomelo ebile ho khatholla tsebe.
Moqoqo oa letsatsi le letsatsi o akarelletsa ho fapanyetsana mehopolo. Batho ba bang ba tla thabela ho u mamela ha u ba mamela ’me u bontša thahasello ho seo ba se buang. Sena se hloka hore u etse khefu e bolelele bo lekaneng hantle e ba fang monyetla oa ho ntša maikutlo a bona.
Tšebeletsong ea tšimo, hangata ho paka ha rōna ho atleha haholo haeba ho etsoa ka mokhoa oa ho qoqa. Ka mor’a tumeliso, Lipaki tse ngata li ho fumana ho le molemo ho bolela taba eo li tlileng ka eona ebe li botsa potso. Li etsa khefu ho fa motho e mong monyetla oa ho araba ’me ka mor’a moo li ananela seo mong’a ntlo a se boletseng. Ha li ntse li buisana, li ka ’na tsa fa mong’a ntlo menyetla e mengata ea ho bua. Lia tseba hore ka tloaelo li ka etsa ho hongata ho thusa motho haeba li tseba maikutlo a hae ka taba eo li e tšohlang.—Liprov. 20:5.
Ho hlakile hore hase e mong le e mong ea tla arabela lipotso ka mokhoa o motle. Empa seo ha sea ka sa thibela Jesu ho etsa khefu e bolelele bo lekaneng hantle ho fa esita le bahanyetsi monyetla oa ho bua. (Mar. 3:1-5) Ho fa motho e mong monyetla oa ho bua ho mo khothalletsa ho nahana ’me ka lebaka leo, a ka ’na a u phetlela sefuba. Ha e le hantle, o mong oa merero ea tšebeletso ea rōna, ke ho susumetsa karabelo e tsoang pelong ka ho neha batho litaba tsa bohlokoa tse tsoang Lentsoeng la Molimo tseo ba lokelang ho etsa liqeto ka tsona.—Baheb. 4:12.
Ka sebele ho sebelisa khefu e loketseng tšebeletsong ea rōna ke mosebetsi o hlokang ho etsoa ka bokhabane. Ha likhefu li sebelisoa ka katleho, mehopolo e fetisoa ka ho hlaka ’me hangata ha e lebalehe.
KAMOO U KA E ETSANG KATENG
Ha u bala ka lentsoe le phahameng, lebisa tlhokomelo e khethehileng matšoaong a puo.
Mamela ka hloko libui tse tšoanelehang hantle ’me u hlokomele kamoo li etsang khefu kateng le hore na e bolelele bo bokae.
Ka mor’a ho bua ntho e itseng eo u hlileng u batlang hore ba bang ba e hopole, etsa khefu e le hore e tsebe ho teba hantle.
Ha u qoqa, kōpa ba bang hore ba ntše maikutlo a bona ’me u mamele ha ba araba. Ba lumelle ba qete. U se ke ua ba kena hanong.
BOITLHAKISO: Bala Mareka 9:1-13 ka lentsoe le phahameng; u etse khefu libakeng tse loketseng matšoaong a sa tšoaneng a puo. U se ke ua lumella ’malo oa hao hore u lelefale. Ka mor’a boitlhakiso, kōpa motho e mong hore a u mamele ’me a u fe litlhahiso tsa ho ntlafatsa mokhoa oa hao oa ho etsa khefu.