Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 11 leq. 118-leq. 120 ser. 5
  • Mofuthu le Boikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mofuthu le Boikutlo
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mofuthu le ho Nahanela
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • U ka Laola Maikutlo a Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Maikutlo A Fosahetseng—Na u ka a Hlōla?
    Tsoha!—1992
  • Le be le Boitšoaro ’me bo Khaphatsehe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 11 leq. 118-leq. 120 ser. 5

Thuto 11

Mofuthu le Boikutlo

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Bua ka mokhoa o bontšang boikutlo ba hao le o lumellanang le seo u se buang.

Ke Hobane’ng ha e le Tsa Bohlokoa?

Lia hlokahala bakeng sa ho finyella lipelo tsa ba mametseng.

BOIKUTLO ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba motho. Ha motho a bontša maikutlo a hae, o senola se ka pelong ea hae, hore na ke motho oa mofuta ofe, kamoo a ikutloang kateng ka maemo le ka batho. Batho ba bangata ba pata maikutlo a bona ka lebaka la lintho tse bohloko tseo ba fetileng ho tsona bophelong ba bona, ’me maemong a mang ka lebaka la litšusumetso tsa setso. Empa Jehova o re khothalletsa ho hlaolela litšoaneleho tse ntle bothong ba rōna bo ka hare ’me re bonahatse botho boo hantle.—Bar. 12:10; 1 Bathes. 2:7, 8.

Ha re bua, mantsoe ao re a sebelisang a ka ’na a hlalosa maikutlo ka nepo. Empa haeba re sa bue mantsoe a rōna ka boikutlo bo tšoanang, batho ba re mametseng ba ka ’na ba belaela hore na ebe re bua ho tsoa pelong na. Ka lehlakoreng le leng, haeba re bua mantsoe ka boikutlo bo loketseng, seo re se buang se ka bontša bokhabane le botle bo ka ’nang ba ama lipelo tsa batho ba mametseng.

Ho Bontša Mofuthu. Hangata maikutlo a mofuthu a amahanngoa le ho nahana ka batho. Kahoo, ha re bua ka litšoaneleho tse ratehang tsa Jehova le ha re bolela kananelo ea rōna bakeng sa molemo oa Jehova, lentsoe la rōna le lokela ho bontša boikutlo bo mofuthu. (Esa. 63:7-9) ’Me ha re bua le batho ba bang, mokhoa oa rōna oa ho bua le oona o lokela ho bontša boikutlo bo mofuthu bo ratehang.

Molepera o tla ho Jesu ’me o kōpa hore a phekoloe. Nahana feela ka molumo oa lentsoe la Jesu ha a re: “Kea batla. Hloeka.” (Mar. 1:40, 41) Hape, nahana ka ketsahalo ea mosali ea khathalitsoeng ke phallo ea mali ka lilemo tse 12 ha a atamela Jesu ka lenyele a hlaha ka morao ’me a ama mophetho o litjellane oa seaparo sa hae sa ka ntle. Ha a hlokomela hore o etsoe hloko, mosali eo o tla a thothomela, o itihela maotong a Jesu ’me o senola ka pel’a batho bohle lebaka leo ka lona a ammeng seaparo sa Jesu le kamoo a folisitsoeng kateng. Nahana ka mokhoa oo Jesu a buang le eena ka oona ha a re: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse; tsamaea ka khotso.” (Luka 8:42b-48) Mofuthu oo Jesu a o bontšitseng maemong ao o amme lipelo tsa rōna ho tla fihlela letsatsing lena.

Ho tšoana le Jesu, ha re utloela batho bohloko ’me ruri re batla ho ba thusa, sena se bonahala mokhoeng oo re buang le bona ka oona. Pontšo e joalo ea mofuthu ke ea sebele, hase e feteletseng. Mofuthu oa rōna o ka etsa phapang e khōlō mabapi le kamoo batho ba arabelang kateng. Boholo ba lintho tseo re li buang tšebeletsong ea tšimo bo fana ka monyetla oa ho bontša tšobotsi ena, haholo-holo ha re beha mabaka, re khothatsa, re eletsa le ho bontša kutloelo-bohloko.

Haeba u e-na le boikutlo bo mofuthu bakeng sa batho ba bang, bo bontše sefahlehong sa hao. Ha u bontša mofuthu, bamameli ba hao ba tla u atamela ho tšoana le ha ba atamela mollong bosiu ha ho bata. Ha sefahleho sa hao se sa bontše mofuthu, bamameli ba hao ba ka ’na ba se ke ba kholiseha hore u hlile ua ba tsotella. Mofuthu hase ntho eo motho a ka e aparang joaloka maske—e lokela ho ba ntho ea sebele.

Hape mofuthu o lokela ho utloahala lentsoeng la hao. Haeba u e-na le lentsoe le matla, le makherehloa, ho ka ’na ha e-ba thata ho bontša mofuthu ha u bua. Empa ka mor’a nako e itseng le ka ho etsa boiteko bo hlokolosi, u ka khona. Ntho e ’ngoe e ka thusang ke ho hopola hore melumo e mekhutšoanyane, e sa fellang e thatafatsa puo. Ithute ho lelefatsa melumo e tlaase ea mantsoe. Sena se tla u thusa ho kenya mofuthu puong ea hao.

Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore na thahasello ea hao e lebisitsoe hokae. Ha u tsepamisitse mehopolo ea hao ka tieo ho batho bao u buang le bona ’me u e-na le takatso e tiileng ea ho fetisa ho hong ho ka ba ruisang molemo, boikutlo boo bo tla bonahala mokhoeng oo u buang ka oona.

Puo e phelang ea susumetsa, empa boikutlo bo bonolo le bona boa hlokahala. Ha hoa lekana hore re susumetse kelello feela ka linako tsohle; re lokela ho ama le pelo.

Ho Bontša Maikutlo a Mang. Motho ea leng mahlomoleng a ka ’na a bontša maikutlo a kang ho tšoenyeha, tšabo le ho imeloa kelellong. Boikutlo bo lokelang ho bonahala haholo bophelong ba rōna le boo re lokelang ho bo bontša ka bolokolohi ha re bua le ba bang ke thabo. Ka lehlakoreng le leng, maikutlo a mang a lokela ho beheloa meeli. Ha a lumellane le botho ba Bokreste. (Baef. 4:31, 32; Bafil. 4:4) Maikutlo a sa tšoaneng a ka fetisoa ka mantsoe ao re a khethang, molumo oa rōna oa lentsoe, cheseho eo re buang ka eona, ponahalo ea rōna ea sefahleho le boitšisinyo.

Bibele e bua ka mefuta e mengata ea maikutlo a batho. Ka linako tse ling e bua feela ka maikutlo. Ka linako tse ling, e pheta liketsahalo kapa e qotsa lipolelo tse senolang maikutlo. Ha u bala boitsebiso bo joalo ka lentsoe le phahameng, bo tla ba le tšusumetso e matla, ho uena le ho ba u mametseng, haeba lentsoe la hao le bontša maikutlo ao. Hore u etse joalo u lokela ho ipeha boemong ba batho bao u balang ka bona. Leha ho le joalo, puo hase tšoantšiso, kahoo hlokomela hore u se ke ua fetelletsa lintho. Etsa hore likarolo tsa eona li phele ka likelellong tsa batho ba u mametseng.

O Loketse Taba. Joaloka cheseho, mofuthu oo u o bontšang ho seo u se buang le maikutlo ao u a bontšang li itšetlehile haholo ka seo u se buang.

Phetla Matheu 11:28-30 ’me u hlokomele seo e se bolelang. Ebe u bala kahlolo ea Jesu ho bangoli le ho Bafarisi, joalokaha e tlalehiloe ho Matheu khaolo ea 23. Re ke ke ra nahana ka Jesu a bua mantsoe ana a hlabang a kahlolo ka mokhoa o monyebe le o se nang bophelo.

U nahana hore ho hlokahala boikutlo ba mofuta ofe bakeng sa tlaleho e kang e fumanoang ho Genese khaolo ea 44 e mabapi le kōpo e tiileng eo Juda a ileng a e etsa bakeng sa Benjamine moen’ae? Hlokomela boikutlo bo boletsoeng temaneng ea 13, le seo temana ea 16 e se bontšang mabapi le kamoo Juda a ileng a ikutloa kateng malebana le lebaka la tlokotsi eo le kamoo Josefa a ileng a itšoara kateng, joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 45:1.

Kahoo, ho sa tsotellehe hore na rea bala kapa rea bua, hore re etse joalo ka katleho ha rea lokela ho nahana feela ka mantsoe le likhopolo empa re lokela ho nahana le ka boikutlo bo lokelang ho tsamaisana le lintho tsena.

KAMOO U KA BONTŠANG MAIKUTLO ANA KATENG

Ameha ka takatso ea hao ea ho thusa bamameli ba hao, ho e-na le ho ameha haholo ka mantsoe ao u a sebelisang.

Molumo oa hao oa lentsoe le ponahalo ea hao ea sefahleho li lokela ho bontša boikutlo leha e le bofe bo loketseng taba ea hao.

Ithute ka ho sheba ka hloko batho ba buang ka mokhoa o hlalosang.

BOITLHAKISO: Bala likarolo tse latelang tsa Mangolo ka lentsoe le phahameng, u li bale ka boikutlo bo loketseng taba: Matheu 20:29-34; Luka 15:11-32.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela