Thuto 28
Mokhoa oa ho Qoqa
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Bua ka mokhoa o tšoanang le oa moqoqo oa letsatsi le letsatsi empa o fetotsoeng hore o tšoanele bamameli ba hao.
Ke Hobane’ng ha e le oa Bohlokoa?
Mokhoa o nepahetseng oa ho qoqa o etsa hore bamameli ba hao ba phutholohe ’me o ba thusa ho amohela seo u se buang.
KA TLOAELO batho ba ikutloa ba phutholohile ha ba qoqa le metsoalle. Mantsoe a bona a itlela feela. Batho ba bang ba bua ka tsela e tletseng bophelo; ba bang ba batla ba le lihlong. Ho sa tsotellehe hoo, ho bua ka mokhoa oa tlhaho hoa ipiletsa moqoqong o joalo.
Leha ho le joalo, ha u atamela motho eo u sa mo tsebeng, ha hoa lokela hore u bue ka mokhoa o bontšang ho tloaela motho haholo kapa o bontšang bolokolohi bo feteletseng. Ha e le hantle, litsong tse ling meqoqo eohle e tšoaroang le batho bao motho a sa ba tsebeng e qala ka mokhoa o latelang tloaelo e itseng. Ka mor’a ho bontša tlhompho e loketseng, joale ho ka ba hotle hore ka temoho ho sebelisoe puo e sa lateleng tloaelo haholo le ho sebelisa mokhoa o bontšang ho qoqa haholoanyane.
Ha u bua u le sethaleng, u boetse u lokela ho ba hlokolosi. Mokhoa o bontšang bolokolohi bo feteletseng o etsa hore seboka sa Bokreste se se ke sa e-ba le seriti ’me o etsa hore se boleloang se bonahale se se bohlokoa. Lipuong tse ling, ho hlokahala hore motho a sebelise mantsoe a itseng ha a bua le motho e moholo, tichere, motho ea boholong kapa motsoali. (Hlokomela mantsoe a sebelisitsoeng ho Liketso 7:2 le 13:16.) Ho sebelisoa mantsoe a fapaneng ha ho buuoa le molekane oa lenyalo kapa motsoalle ea haufi. Le hoja mokhoa oa rōna oa ho bua sethaleng o sa lokela ho latela tloaelo e itseng ho sa hlokahale, o lokela ho bontša tlhompho.
Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ka ’nang tsa etsa hore puo ea motho e utloahale e le thata kapa e sa tenyetsehe. E ’ngoe ea lintho tsena ke tlhophiso ea lipolelo, kapa tsela eo mantsoe a behiloeng ka eona. Bothata bo hlaha ha sebui se leka ho pheta mantsoe hantle feela kamoo a hlahang kateng moo a ngotsoeng teng. Hangata mantsoe a ngotsoeng a fapane haholo le mantsoe a buuoang. Ke ’nete hore ka tloaelo lipatlisiso tse etsoang bakeng sa puo li etsoa ho sebelisoa boitsebiso bo hatisitsoeng. Ho ka etsahala hore ebe puo eo e thehiloe kemisong e hatisitsoeng. Empa haeba u bua mehopolo hantle feela kamoo e hlahang kateng moo e hatisitsoeng teng kapa u e bala ka ho toba kemisong e hatisitsoeng ea puo ea hao, ho ka ’na ha etsahala hore puo ea hao e se ke ea utloahala joaloka moqoqo. Hore u boloke mokhoa oa ho qoqa, bolela mehopolo ka mantsoe a hao ’me u qobe mokhoa o rarahaneng oa ho hlophisa lipolelo.
Ntho e ’ngoe ke ho feto-fetola lebelo. Hangata puo e thata le e sa tenyetseheng e akarelletsa mantsoe a latellanang haufi haholo le lebelo le sa fetoheng. Moqoqong o tloaelehileng, ho ba le ho feto-fetoha ha lebelo le likhefu tsa bolelele bo sa tšoaneng.
Ho hlakile hore ha u bua le bamameli ba bangata, u lokela ho kopanya mokhoa oa ho qoqa le molumo o eketsehileng, matla le cheseho e le hore u hape tlhokomelo ea bona.
E le hore u sebelise mokhoa oa ho qoqa o loketseng tšebeletso, u lokela ho itloaetsa ho bua hantle letsatsi le leng le le leng. Sena ha se bolele hore u lokela ho ba ea rutehileng haholo. Empa ho hotle hore u hlaolele mekhoa ea ho bua e tla etsa hore ba bang ba u mamele ka tlhompho ha u bua. U hopotse seo, nahana ka hore na ebe u lokela ho sebeletsa lintlheng tse latelang moqoqong oa hao oa letsatsi le letsatsi.
(1) Qoba mantsoe a sa lumellaneng le tšebeliso e nepahetseng ea sebōpeho-puo kapa a u amahanyang le batho bao tsela ea bona ea bophelo e hanyetsanang le litekanyetso tsa bomolimo. Tumellanong le keletso e ho Bakolose 3:8, phema puo e hlohlontšang litsebe kapa e litšila. Ka lehlakoreng le leng, ha ho letho le phoso ka puo e tloaelehileng ea letsatsi le letsatsi. Mantsoe a tloaelehileng a sebelisoang letsatsi le letsatsi ha aa hlophiseha ka ho feteletseng, empa a lumellana le litekanyetso tse amohelehang tsa puo.
(2) Qoba ho pheta-pheta mantsoe le lipoleloana tse tšoanang ha u batla ho fetisa mohopolo o mong le o mong o fapaneng oo u ka bang le oona. Ithute ho sebelisa mantsoe a hlalosang seo u se bolelang ka ho hlaka.
(3) Qoba ho pheta-pheta seo u se buileng ka ho hopola hantle seo u batlang ho se bua; ebe joale u qala ho bua.
(4) Qoba ho pata mehopolo e metle ka ho sebelisa mantsoe a mangata haholo. Itloaetse ho bua ka ho hlaka ntlha eo u batlang hore e hopoloe ka ho sebelisa polelo e bonolo.
(5) Bua ka mokhoa o bontšang ho hlompha ba bang.
KAMOO U KA NTLAFATSANG TŠOANELEHO ENA KATENG
Qala ka maikutlo a hao ka bamameli ba hao. Ba talime e le metsoalle, empa u se ke ua bontša bolokolohi bo feteletseng. Ba hlomphe.
Bua u sa bale kemiso e ngotsoeng. U se ke ua leka ho sebelisa mantsoe a tšoanang hantle le a leng boitsebisong bo hatisitsoeng. Beha mehopolo eo ka mantsoe a hao. Sebelisa lipolelo tse khutšoanyane ’me u feto-fetole lebelo la hao.
Lebisa tlhokomelo takatsong ea ho fetisa boitsebiso. Bua ho tsoa pelong. Ntho ea bohlokoa ke molaetsa, eseng hore na batho ba re’ng ka uena.
Ntlafatsa moqoqo oa hao oa letsatsi le letsatsi. Sebeletsa litlhahisong tse fanoeng leqepheng lena, mohato ka mohato.
BOITLHAKISO: Hlahloba mekhoa ea hao ea ho qoqa. Sebeletsa lintlheng tse hlano tse thathamisitsoeng ka holimo, u lebise tlhokomelo ntlheng e le ’ngoe feela letsatsi kaofela. Neng le neng ha u etsa phoso, pheta mohopolo oa hao hape, bonyane ka kelellong ea hao, u etse joalo ka mokhoa o nepahetseng.