KHAOLO EA 2
Na ka Sebele u ka ‘Atamela ho Molimo’?
1, 2. (a) Ke’ng e ka ’nang ea utloahala e ke ke ea etsahala ho batho ba bangata empa Bibele e re tiisetsa eng? (b) Jehova o ile a re’ng ka Abrahama, hona hobane’ng?
U NE u tla ikutloa joang haeba ’Mopi oa leholimo le lefatše a ne a ka re ka uena: “Enoa ke motsoalle oa ka”? Ho ba bangata seo se ka ’na sa utloahala eka ke ntho e ke keng ea etsahala. Etsoe ke joang motho feela tjee e ka bang motsoalle oa Jehova Molimo? Leha ho le joalo, Bibele ea re tiisetsa hore ka sebele re ka atamela ho Molimo.
2 Abrahama ke e mong oa batho ba ileng ba thabela kamano e joalo. Jehova o ile a bitsa monna eo ‘motsoalle oa hae.’ (Esaia 41:8) Abrahama o ile a ba le kamano e haufi le Jehova hobane o ile a “bontša tumelo ho Jehova.” (Jakobo 2:23) Le kajeno Jehova o ntse a batla ho ba motsoalle oa batho ba mo sebeletsang ebile o batla ho ba bontša hore oa ba rata. (Deuteronoma 10:15) Lentsoe la hae lea re phehella, le re: “Atamelang ho Molimo ’me o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) U nahana hore mantsoe aa a bolela’ng?
3. Jehova o re mema hore re etse’ng, hona o re tšepisa eng?
3 Jehova o re mema hore re atamele ho eena. O ikemiselitse ho re nka re le metsoalle ea hae. O tšepisa hore haeba re nka mehato ea ho atamela ho eena, le eena o tla atamela ho rona. Ka hona re ka khona ho ba metsoalle ea Jehova ea hlooho ea khomo. (Pesaleme ea 25:14) Ho ba motsoalle oa hlooho ea khomo le motho ea itseng ho bolela hore le tla khona ho phetlelana lifuba.
4. U ka hlalosa motsoalle ea haufi-ufi joang, hona Jehova o bontša joang hore ke motsoalle ea joalo?
4 Na u na le motsoalle ea haufi-ufi eo u ka mo bolellang makunutu a hao? Motsoalle ea joalo ke ea u tsotellang. Oa mo tšepa, kaha o ipakile a tšepahala. Ha u mo qoqela ka lintho tse u thabisang, u thaba le ho feta. Ha a u mamela ha u utloile bohloko, oa imoloha. Esita leha ho bonahala eka ha ho na motho ea u utloisisang, eena oa u utloisisa. Ka ho tšoanang, ha u atamela ho Molimo, u ba le Motsoalle ea ikhethang ea u ananelang e le kannete, ea u tsotellang ka ho teba le ea u utloisisang ka ho feletseng. (Pesaleme ea 103:14; 1 Petrose 5:7) U mo tšepela ho mo bolella maikutlo a hao, kaha oa tseba hore oa tšepahala ho ba tšepahalang. (Pesaleme ea 18:25) Leha ho le joalo, re ka khona ho ba metsoalle ea Molimo hobane o entse hore seo se khonehe.
Jehova o Butse Tsela
5. Jehova o ile a etsa’ng hore re khone ho atamela ho eena?
5 Kaha re baetsalibe, re ne re sa tl’o khona ho atamela ho Molimo haeba a ne a sa re thusa. (Pesaleme ea 5:4) Moapostola Pauluse o ile a re: “Empa Molimo o bontšitse hore oa re rata ka hore ebe Kreste o ile a re shoela re ntse re le baetsalibe.” (Baroma 5:8) E, Jehova o ile a lokisetsa hore Jesu a ‘fane ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.’ (Matheu 20:28) Tumelo ea rona tefong eo ea topollo e etsa hore re khone atamela ho Molimo. Kaha Molimo “o ile a re rata pele,” o ile a bula monyetla oa hore re be metsoalle ea hae.—1 Johanne 4:19.
6, 7. (a) Re tseba joang hore Jehova ha se Molimo oa sephiri, ea ke keng a tsejoa? (b) Jehova o itšenotse ka litsela life?
6 Ho na le tsela e ’ngoe hape e re thusang hore re be metsoalle ea Jehova. O itsebisa rona. Kamanong leha e le efe ea botsoalle, katamelano e haufi e itšetleha ka ho tseba motho hantle, ho ananela litšobotsi le litsela tsa hae. Kahoo haeba Jehova e ne e le Molimo oa sephiri, ea ke keng a tsejoa, le ka mohla re ne re ke ke ra ba haufi le eena. Empa, ho e-na le ho ipata, o batla hore re mo tsebe. (Esaia 45:19) Ho feta moo, seo a se senolang ka eena se ka fumanoa ke bohle, esita le ba bang ba rona bao e ka ’nang eaba ba nkoa e le ba tlase ho ea ka litekanyetso tsa lefatše.—Matheu 11:25.
Jehova o itšenotse ka mesebetsi ea hae ea popo le ka Lentsoe la hae le ngotsoeng
7 Jehova o itsebisa rona joang? Mesebetsi ea hae ea popo e tsebahatsa litšobotsi tse itseng tsa botho ba hae, boholo ba matla a hae, botebo ba bohlale ba hae le lerato la hae le khaphatsehang. (Baroma 1:20) Empa ha a sebelise lintho tseo a li bopileng feela ho itsebisa rona. O boetse o re ruta lintho tse ngata ka eena ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele.
Jehova o Itlhalosa Joang ka Lentsoeng la Hae?
8. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Bibele ka boeona ke pontšo ea hore Jehova oa re rata?
8 Bibele ka boeona ke bopaki ba lerato la Jehova ho rona. O itlhalosa ka tsela eo re ka e utloisisang ka Lentsoeng la hae ’me seo ha se feela pontšo ea hore oa re rata empa ke pontšo ea hore o batla hore re mo tsebe ’me re mo rate. Seo re se balang bukeng ena ea bohlokoa se re nolofalletsa ho atamela ho eena. (Pesaleme ea 1:1-3) A re tšohleng tse ling tsa litsela tse thabisang tseo Jehova a itšenolang ka tsona ka Lentsoeng la hae.
9. Mehlala e meng ea lipolelo tse tobileng tse hlalosang litšobotsi tsa Molimo ka Bibeleng ke efe?
9 Mangolo a na le lipolelo tse ngata tse tobileng tse hlalosang litšobotsi tsa Molimo. Hlokomela mehlala e seng mekae. “Jehova o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Molimo o “matla haholo.” (Jobo 37:23) “‘Kea tšepahala,’ ke Jehova ea chong.” (Jeremia 3:12) “O bohlale.” (Jobo 9:4) Ke “Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato le ’nete.” (Exoda 34:6) “Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, tšobotsi e ’ngoe e hlaheletseng ke hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ha u ntse u nahana ka litšobotsi tsena tse ratehang, na ha u utloe u batla ho atamela ho Molimo eo ho seng ea ka bapisoang le eena?
10, 11. (a) Ho re thusa ho bona botho ba hae ka ho hlakileng haholoanyane, Jehova o akarelelitse eng ka hare ho Lentsoe la hae? (b) Ke mohlala ofe oa Bibele o re thusang ho bona ka mahlo a kelello ha matla a Molimo a sebetsa?
10 Ho phaella ho re bolelleng litšobotsi tsa hae, ka lerato Jehova o akarelelitse ka hare ho Lentsoe la hae mehlala e tobileng ea kamoo a bonahalitseng litšobotsi tsena kateng liketsong tsa hae. Litlaleho tse joalo li re fa litšoantšo tse hlakileng kelellong tse re thusang ho bona litšobotsi tse sa tšoaneng tsa botho ba hae ka tsela e hlakileng haholoanyane. Seo le sona se re thusa ho atamela ho eena. Nahana ka mohlala ona.
Bibele e re thusa ho atamela ho Jehova
11 Bibele e re bolella hore Molimo o na le ‘matla a hlollang.’ (Esaia 40:26) Ha re bala kamoo a ileng a lopolla Baiseraele kateng Leoatleng le Lefubelu, a ntan’o hlokomela sechaba seo ka lilemo tse 40 lehoatateng, rea hlolloa ha re bona kamoo a sebelisitseng matla a hae kateng. U ka bona ka mahlo a kelello ha metsi a bilohang a aroha ka lehare. U ka bona ka mahlo a kelello ha sechaba sa batho bao mohlomong ba ka bang limilione tse tharo, se tšela leoatle se tsamaea lehlabatheng le ommeng, metsing a hoammeng a emeng joaloka mabota a maholo ka mahlakoreng a mabeli. (Exoda 14:21; 15:8) U khona ho lemoha bopaki ba tlhokomelo e sireletsang ea Molimo lehoatateng. Metsi a ile a tsoa lefikeng. Lijo tse kang lithollo tse tšoeu li ile tsa e-ba teng fatše. (Exoda 16:31; Numere 20:11) Mona Jehova ha a senole feela hore o na le matla empa o senola hore o a sebelisa molemong oa batho ba hae. Na ha se ho khothatsang ho tseba hore lithapelo tsa rona li nyolohela ho Molimo ea matla eo e leng ‘setšabelo sa rona le matla a rona, ea re thusang kapele ha re le matšoenyehong’?—Pesaleme ea 46:1.
12. Jehova o re thusa joang hore re mo “bone” ka tsela eo re ka e utloisisang?
12 Jehova, e le motho oa moea, o entse ho eketsehileng ho re thusa hore re mo tsebe. Rona batho re na le pono e lekanyelitsoeng ’me re ka bona feela seo mahlo a rona a khonang ho se bona, ka hona re ke ke ra bona lintho tse sebakeng sa moea. Ha Molimo a ne a ka re hlalosetsa sebopeho sa hae ka tsela ea moea, ho ne ho tla tšoana le ho leka ho hlalosetsa motho ea tsoetsoeng a sa bone ponahalo ea hao, joaloka ’mala oa mahlo a hao kapa matheba ao u nang le ’ona letlalong. Ho e-na le hoo, ka mosa Jehova o re thusa hore re mo “bone” ka tsela eo re ka e utloisisang. Ka linako tse ling, o sebelisa puo ea tšoantšetso le lipapiso, o itšoantša le lintho tseo re li tsebang. O bile o itlhalosa a e-na le litšobotsi tse itseng tsa batho.a
13. Esaia 40:11 e fana ka setšoantšo sefe kelellong, hona se u ama joang?
13 Hlokomela kamoo Jehova a hlalosoang kateng ho Esaia 40:11: “O tla hlokomela mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae ’me o tla li beha sefubeng sa hae.” Mona Jehova o bapisoa le molisa ea sikang likonyana ka “letsoho la hae.” Sena se bontša bokhoni ba Molimo ba ho sireletsa le ho tšehetsa batho ba hae, esita le ba hlaselehang habonolo. Re ka ikutloa re sireletsehile matsohong a hae a matla, hobane haeba re tšepahala ho eena, ha ho mohla a tla re lahla. (Baroma 8:38, 39) Molisa e Moholo o beha likonyana “sefubeng”—e leng lentsoe le bolelang mameno a karolong e ka holimo ea seaparo, ao ka linako tse ling molisa a neng a beha konyana e sa tsoa tsoaloa ka ho ’ona. Ka hona re tiisetsoa hore Jehova oa re rata le hore o re hlokomela ka tsela e mosa. Ho loketse ho batla ho ba haufi le eena.
‘Mora o Rata ho Ruta ka Ntate’
14. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova o sebelisa Jesu ho re thusa hore re mo tsebe ka tsela e hlakileng ka ho fetisisa?
14 Ka Lentsoeng la hae, Jehova o etsa hore re mo tsebe ka tsela e hlakileng ka ho fetisisa a sebelisa Mora oa hae ea ratoang Jesu. Ha ho ea neng a ka senola monahano le maikutlo a Molimo ka ho hlaka kapa a mo hlalosa ka tsela e qaqileng ho feta kamoo Jesu a ileng a etsa kateng. Etsoe Mora eo oa letsibolo o phetse le Ntate oa hae pele libopuoa tse ling tsa moea le bokahohle bo bonahalang li boptjoa. (Bakolose 1:15) Jesu o ne a tseba Jehova hantle. Ke kahoo a neng a ka re: “Ha ho na motho ea ntsebang haese Ntate ebile ha ho na motho ea tsebang Ntate haese ’na le mang kapa mang eo ke ratang ho mo ruta ka Ntate.” (Luka 10:22) Ha Jesu e sa le motho lefatšeng o ile a senola Ntate oa hae ka litsela tse peli tsa bohlokoa.
15, 16. Jesu o ile a senola Ntate oa hae ka litsela life tse peli?
15 Ntlha ea pele, lithuto tsa Jesu li re thusa ho tseba Ntate oa hae. Jesu o ile a hlalosa Jehova ka tsela e re amang lipelo. Ka mohlala, ha a hlalosa Molimo ea mohau le ea amohelang baetsalibe ba bakileng, Jesu o ile a tšoantša Jehova le ntate ea tšoarelang ea amehang ka ho teba ha a bona mora oa hae ea lahlehileng a khutla hoo a mo mathelang ’me a mo haka ebe oa mo suna. (Luka 15:11-24) Jesu o ile a boela a hlalosa Jehova e le Molimo ea ‘hulelang’ batho ba lipelo li lokileng ho eena hobane a ba rata e le batho ka bomong. (Johanne 6:44) O tseba le ha serobele se senyenyane se oela fatše. Jesu o ile a hlalosa: “Le se ke la tšoha, le bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29, 31) Ka sebele re ikutloa re huleloa ho Molimo ea tsotellang joalo.
16 Ntlha ea bobeli, mohlala oa Jesu o re bontša seo Jehova a leng sona. Jesu o ile a bonahatsa ka ho phethahetseng seo Ntate oa hae a leng sona hoo a neng a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Kahoo, ha re bala ka Jesu Likosepeleng, maikutlo ao a ileng a a bonahatsa le tsela eo a ileng a tšoara batho ba bang ka eona, ka kutloisiso e itseng re bona mohlala o phelang oa Ntate oa hae. Jehova o ne a ke ke a re senolela litšobotsi tsa hae ka tsela e ’ngoe e hlakileng ho feta eo. Hobane’ng?
17. Fana ka mohlala oa seo Jehova a se entseng ho re thusa ho utloisisa seo a leng sona.
17 Ka mohlala: A re re u leka ho hlalosa hore na mosa ke eng. U ka ’na oa o hlalosa ka mantsoe. Empa haeba u supa motho ea hlileng a etsang ketso e mosa ’me u re, “Seo ke mohlala oa mosa,” lentsoe “mosa” le ba le moelelo haholoanyane ’me ho ba bonolo ho le utloisisa. Jehova o entse ho hong ho tšoanang ho re thusa ho utloisisa seo a leng sona. O itlhalositse ka mantsoe, a boela a re fa mohlala o phelang oa Mora oa hae. Litšobotsi tsa Molimo li bonoa ho Jesu ha li sebetsa. A sebelisa litlaleho tsa Kosepele tse hlalosang Jesu, ha e le hantle Jehova o re: “Sena ke sona seo ke leng sona.” Tlaleho e bululetsoeng e hlalosa Jesu ha a le lefatšeng joang?
18. Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi tsa matla, toka le bohlale joang?
18 Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi tse ’nè tsa Molimo tse ka sehloohong ka tsela e babatsehang. O ne a e-na le matla a ho felisa ho kula, tlala, esita le lefu. Leha ho le joalo, ho fapana le batho ba baithati ba sebelisang matla a bona hampe, ha ho mohla a kileng a sebelisa matla a ho etsa mohlolo molemong oa hae kapa ho ntša ba bang kotsi. (Matheu 4:2-4) O ne a rata toka. Pelo ea hae e ile ea tlala khalefo e lokileng ha a bona barekisi ba leeme ba hanyapetsa batho. (Matheu 21:12, 13) O ne a tšoara ba futsanehileng le ba imetsoeng ka tsela e hlokang leeme, a ba thusa hore ba ‘khatholohe.’ (Matheu 11:4, 5, 28-30) Ho ne ho se bohlale bo ka bapisoang le lithuto tsa Jesu, ea neng a “feta Solomone.” (Matheu 12:42) Empa ha ho mohla Jesu a kileng a etsa mponeng ka bohlale ba hae. Mantsoe a hae a ne a finyella lipelo tsa batho ba tloaelehileng, kaha lithuto tsa hae li ne li hlakile, li le bonolo li bile li sebetsa.
19, 20. (a) Jesu e ile ea e-ba mohlala o ikhethang oa lerato joang? (b) Ha re ntse re bala re bile re nahanisisa ka mohlala oa Jesu, re lokela ho hopola eng?
19 Jesu e ile ea e-ba mohlala o ikhethang oa lerato. Nakong eohle ea tšebeletso ea hae, o ile a bonahatsa lerato ka libopeho tsa lona tse ngata, tse akarelletsang qenehelo le kutloelo-bohloko. Ha a bona mahlomola a ba bang o ne a ba utloela bohloko. Nako le nako, kutloelo-bohloko eo e ne e mo susumelletsa ho nka khato. (Matheu 14:14) Le hoja a ile a folisa ba kulang le ho fepa ba lapileng, Jesu o ile a bonahatsa kutloelo-bohloko ka tsela ea bohlokoa haholo. O ile a thusa ba bang ho tseba, ho amohela le ho rata ’nete ea ’Muso oa Molimo, o tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. (Mareka 6:34; Luka 4:43) Ka holim’a tsohle, Jesu o ile a bontša lerato ka ho tela bophelo ba hae bakeng sa ba bang.—Johanne 15:13.
20 Ka hona, ha ho makatse hore ebe batho ba lilemo tsohle le ba limelo tsohle ba ne ba ikutloa ba huleloa ho motho enoa ea nang le lerato le mofuthu le maikutlo a tebileng. (Mareka 10:13-16) Leha ho le joalo, ha re ntse re bala re bile re nahanisisa ka mohlala o phelang oa Jesu, a re luleng re hopola hore ho Mora enoa, re bona ponahatso e hlakileng ea Ntate oa hae.—Baheberu 1:3.
Buka ee e ka u Thusa Joang?
21, 22. Ho ameha eng ho batleng Jehova, hona buka ee e fupere eng e ka re thusang boitekong boo?
21 Ka ho itšenola ka tsela e hlakileng tjena ka Lentsoeng la hae, Jehova o bontša ka ho hlaka hore o batla hore re be haufi le eena. Ka nako e tšoanang, ha a re qobelle ho batla kamano e amohelehang le eena. Ho ho rona ho batla Jehova “ha a sa ntse a fumaneha.” (Esaia 55:6) Ho batla Jehova ho akarelletsa ho tseba litšobotsi le litsela tsa hae joalokaha li senotsoe ka Bibeleng. Buka ena eo u ntseng u e bala hona joale e reretsoe ho u thusa ho etsa joalo.
22 U tla hlokomela hore buka ena e arotsoe ka likarolo tse ’nè tse buang ka litšobotsi tse ’nè tsa Jehova tse ka sehloohong: Matla, toka, bohlale le lerato. Karolo ka ’ngoe e qala ka kakaretso ea tšobotsi ka ’ngoe. Likhaolo tse seng kae tse latelang li tšohla kamoo Jehova a bonahatsang tšobotsi eo kateng ka libopeho tsa eona tse sa tšoaneng. Karolo ka ’ngoe e boetse e na le khaolo e bontšang kamoo Jesu a ileng a bonahatsa tšobotsi eo kateng, hammoho le khaolo e hlahlobang kamoo re ka e bonahatsang kateng bophelong ba rona.
23, 24. (a) Hlalosa karolo e khethehileng ea “Lipotso Tsa ho Thuisa.” (b) Ho thuisa ho re thusa ho atamela ho Molimo haholoanyane joang?
23 Ho qala ka khaolo ena, ho na le karolo e khethehileng e reng “Lipotso Tsa ho Thuisa.” Ka mohlala, bona lebokose le leqepheng la 24. Litemana le lipotso tseo ha lia rereloa ho hlahloba khaolo. Ho e-na le hoo, morero oa tsona ke ho u thusa ho nahanisisa ka lintlha tse ling tsa bohlokoa mabapi le taba e tšohloang. U ka sebelisa karolo ee hamolemo joang? Phetla litemana tse bontšitsoeng, ’me u li bale ka hloko. Ebe u sheba potso e tsamaisanang le lengolo ka leng le bontšitsoeng. Nahana ka ho teba ka likarabo. Mohlomong u ka etsa lipatlisiso. Ipotse lipotso tse ling tse eketsehileng: ‘Boitsebiso boo bo mpolella’ng ka Jehova? Bo ama bophelo ba ka joang? Nka bo sebelisa joang ho thusa ba bang?’
24 Ho thuisa ho joalo ho ka re thusa ho atamela ho Jehova haholoanyane. Hobane’ng? Bibele e amahanya ho thuisa le pelo. (Pesaleme ea 19:14) Ha re thuisa ka kananelo ka seo re ithutang sona ka Molimo, boitsebiso boo bo monyela lipelong tsa rona tsa tšoantšetso, moo bo amang monahano oa rona, bo susumetsang maikutlo a rona ’me qetellong bo re susumelletsa ketsong. Lerato la rona ho Molimo lea teba, ’me lerato leo le re susumelletsa hore re batle ho mo khahlisa kaha ke Motsoalle oa rona ea ratehang ka ho fetisisa. (1 Johanne 5:3) E le hore re be kamanong e joalo, re lokela ho tseba litšobotsi tsa Jehova le litsela tsa hae. Leha ho le joalo, a re qaleng ka ho tšohla tšobotsi e ’ngoe ea botho ba Molimo e fanang ka lebaka le susumelletsang ho atamela ho eena, e leng khalalelo ea hae.
a Ka mohlala, Bibele e bua ka sefahleho sa Molimo, mahlo, litsebe, linko, molomo, matsoho le maoto. (Pesaleme ea 18:15; 27:8; 44:3; Esaia 60:13; Matheu 4:4; 1 Petrose 3:12) Lipolelo tse joalo tsa tšoantšetso ha lia lokela ho nkoa ka tsela ea sebele, feela joalokaha ho re Jehova ke “Lefika” kapa ke “thebe” ho sa lokela ho nkoa ka tsela ea sebele.—Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 84:11.