Khaolo ea Borobeli
‘Ho Loana le Makhotla a Moea a Khopo’
1. Ke hobane’ng ha re thahasella mosebetsi oa meea e khopo ka ho khetheha?
BATHO ba bangata ba soma khopolo ea hore ho na le meea e khopo. Empa taba ena hase ea bosoasoi. Ebang batho baa e lumela kapa che, meea e khopo e teng, ’me e leka ho hatella e mong le e mong. Barapeli ba Jehova hase mekhelo. Ha e le hantle ke bona ba shebiloeng haholo. Moapostola Pauluse o re hlokomelisa taba eo, ha a re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso [e sa bonahaleng], le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12) Mehleng ea rōna khatello e etsoang ke makhotla a moea a khopo e fihlile tlhōrōng hobane Satane o lelekiloe leholimong ’me o halefile haholo, ka ho tseba hore nako ea hae e khutšoanyane.—Tšenolo 12:12.
2. Re ka hlōla meea e phahametseng matla a motho joang?
2 Na ho ka etsahala hore re hlōle ntoa khahlanong le makhotla a moea a phahametseng motho? E, ke feela ka ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova. Re tlameha ho mo utloa le ho mamela Lentsoe la hae. Ka ho etsa joalo, re ka qoba ho tsoa kotsi ’meleng, boitšoarong le maikutlong e leng ho hlahelang ba tlas’a taolo ea Satane.—Jakobo 4:7.
Babusi ba Lefatše Libakeng Tsa Leholimo
3. Satane o hanyetsa bo-mang ka mabifi, hona joang?
3 Jehova o re hlalosetsa boemo ba lefatše ka ho hlakileng kamoo a bo bonang kateng a le sebakeng sa hae se phahameng maholimong. O ile a fa moapostola Johanne pono eo ho eona Satane a bontšoang e le “drakone e khōlō e ’mala oa mollo.” Haeba ho ne ho ka etsahala, o ne a itokiselitse ho harola ’Muso oa Molimo oa Bomesia hang feela ha o tsoaloa leholimong ka 1914. Joale ha Satane a hlōlehile ketsong eo, o ile a bulela moroallo oa khanyetso e mabifi ho loantša baemeli ba lefatšeng ba ’Muso oo. (Tšenolo 12:3, 4, 13, 17) Satane o ne a tla loana ntoa ee joang? Ka baemeli ba hae ba batho.
4. Mohloli oa matla a mebuso ea batho ke mang, hona re tseba seo joang?
4 Johanne o ile a boela a bontšoa sebata se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome, sebata se nang le matla “holim’a moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le sechaba se seng le se seng.” Sebata seo se emela tsamaiso eohle ea lefatše ea lipolotiki. Johanne o ile a tsebisoa hore ‘drakone [Satane Diabolose] e file sebata matla a sona le terone ea sona le bolaoli bo boholo.’ (Tšenolo 13:1, 2, 7) E, Satane ke mohloli oa matla le bolaoli ba mebuso ea batho. Kahoo, joalokaha moapostola Pauluse a ngotse, bao e hlileng e leng “babusi ba lefatše” ke “makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo,” a laolang mebuso ea batho. Bohle ba lakatsang ho rapela Jehova ho hlokahala hore ba utloisise ka ho feletseng se boleloang ke seo.—Luka 4:5, 6.
5. Hona joale babusi ba lipolotiki ba bokelleloa eng?
5 Le hoja babusi ba bangata ba lipolotiki ba ipolela hore ke balumeli, ha ho sechaba le se seng se ikokobeletsang puso ea Jehova kapa ea Morena eo a mo khethileng, Jesu Kreste. Kaofela ba loanela ka matla ho tšoarella matleng a bona. Kajeno, joalokaha tlaleho e ho Tšenolo e bontša, “lipolelo tse bululetsoeng ke bademona” li bokellela babusi ba lefatše “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle” ea Armagedone.—Tšenolo 16:13, 14, 16; 19:17-19.
6. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ele hloko ho qoba ho horelletsoa ho tšehetsa tsamaiso ea Satane?
6 Letsatsi le leng le le leng, bophelo ba batho bo angoa ke likhohlano tsa lipolotiki, kahisano, moruo le bolumeli tse arolang lelapa la motho. Likhohlanong tsena, ho tloaelehile hore batho ba jele paate—ebang ke ka lipolelo kapa ka liketso—le lichaba, merabe, lipuo kapa ba boemong ba bona sechabeng. Esita le ha batho ba sa amehe ka ho toba khohlanong e itseng, hangata ba iphumana ba emela lehlakore le leng. Empa ho sa tsotellehe hore na ke mang kapa hore na ba emela tsela efe, ha e le hantle ke mang eo ba mo tšehetsang? Bibele e bolela ka ho hlaka ha e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Ebe joale motho a ka qoba joang ho khelosoa le batho ba bang ka kakaretso? Ke feela ka ho tšehetsa ’Muso oa Molimo ka ho feletseng le ka ho se jele paate ho hang likhohlanong tsa lefatše.—Johanne 17:15, 16.
Maqiti a Bolotsana a ea Khopo
7. Bohlale ba Satane bo bontšoa joang ka ho sebelisa ha hae bolumeli ba bohata?
7 Historing eohle, Satane o sebelisitse mahloriso ka lipolelo le ka ho hlokofatsa ’meleng e le hore a furallise batho borapeli ba ’nete. Empa hape o sebelisitse mekhoa e bolotsana haholoanyane—liketso tsa bomenemene le maqiti a bolotsana. Ka bohlale o bolokile karolo e khōlō ea batho lefifing ka bolumeli ba bohata, hore ba nahane hore ba sebeletsa Molimo. Ka ho haelloa ke tsebo e nepahetseng ea Molimo le ho rata ’nete, ba ka ’na ba hoheloa ke litšebeletso tsa bolumeli tse etsang mehlolo le tse amang maikutlo kapa ba khahloa ke mesebetsi e matla. (2 Bathesalonika 2:9, 10) Empa re hlokomelisoa hore le hona har’a ba kileng ba kopanela borapeling ba ’nete, “ba bang ba tla oa . . . , ba ela hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Hoo ho ka etsahala joang?
8. Satane a ka re hoka joang hore re kenelle bolumeling ba bohata esita le haeba re rapela Jehova?
8 Diabolose ka maqiti a bolotsana o ipiletsa mefokolong ea rōna. Na re sa ntse re tšoeroe ke ho tšaba batho? Haeba ho joalo, re ka ’na ra inehela khatellong ea beng ka rōna kapa baahelani hore re kopanele le bona mekhoeng e qalehileng bolumeling ba bohata. Na rea ikhohomosa? Haeba ho joalo, re ka ’na ra khopeha ha re eletsoa kapa ha ba bang ba sa amohele likhopolo tseo re li buellang. (Liproverbia 15:10; 29:25; 1 Timothea 6:3, 4) Ho e-na le hore re lokise maikutlo a rōna hore a lumellane le mohlala oa Kreste, re ka ’na ra sekamela ho ba ‘tsikinyetsang litsebe’ tsa rōna ka ho bolela hore ho bala Bibele feela le ho phela bophelo bo botle ho lekane. (2 Timothea 4:3) Hore na re hlile re kopanela le sehlopha se seng sa bolumeli kapa re mpa feela re tšoareletse bolumeling boo re iketselitseng bona hase habohlokoa ho Satane, hafeela re sa rapele Jehova ka tsela eo Molimo a e laelang ka Lentsoeng la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.
9. Satane o sebelisa ho kopanela liphate joang ka bolotsana ho finyella sepheo sa hae?
9 Ka mano Satane o boetse o eka batho hore ba khotsofatse litakatso tse loketseng ka litsela tse fosahetseng. Hona o ho entse ka takatso ea ho kopanela liphate. Batho ba bangata lefatšeng ba hanang boitšoaro ba Bibele, ba talima ho kopanela liphate pakeng tsa batho ba sa nyalanang e le boithabiso ba molao kapa tsela ea ho paka hore ke batho ba baholo. Batho ba lenyalong bona ho thoe’ng ka bona? Ba bangata baa feba. Esita le haeba e se ka lebaka la ho hloka botšepehi lenyalong, ba bangata baa hlalana kapa baa arohana e le hore ba ka ea phela le motho e mong. Sepheo sa katamelo e bolotsana ea Satane ke ho susumelletsa batho ho phelela menyaka hona joale, ho etsa hore ba hlokomolohe liphello tsa nako e telele, eseng ho bona feela le ho ba bang empa haholo-holo le kamanong ea bona le Jehova le Mora oa hae.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Bagalata 6:7, 8.
10. Satane o leka ka mekhoa efe ho khukhunela boikutlo ba rōna e le hore a bo senye ka boitšoaro bo bobe le pefo?
10 Takatso e ’ngoe ea tlhaho ke ea boithabiso. Ha bo haha, bo ka khatholla ’meleng, kelellong le maikutlong. Empa re itšoara joang ha Satane ka bohlale a sebelisa linako tsa boikhathollo ho leka ho arohanya monahano oa rōna le oa Molimo? Ka mohlala, rea tseba hore Jehova o hloile boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le pefo. Ha libaesekopo, mananeo a thelevishene, kapa lipontšo lebaleng la liketsahalo li hlahisa lintho tse joalo, na re lula fatše ebe re li shebella kaofela re sa etse letho? Hape hopola hore Satane o tla etsa bonnete ba hore lintho tse joalo li hlepha le ho feta ha nako ea ho timela ha hae e ntse e atamela, kaha “batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:13) Kahoo ho hlokahala hore re lule re itebetse khahlanong le maqiti a Satane.—Genese 6:13; Pesaleme ea 11:5; Baroma 1:24-32.
11. Ke ka litsela life le motho ea tsebang ’nete ka tšebelisano le meea a ka tšoasehang haeba a sa hlokomela?
11 Hape rea hlokomela hore ba kopanelang mofuteng leha e le ofe oa tšebelisano le meea—ebang ke ho sebelisa bonohe, boloi, kapa ho leka ho buisana le bafu—ba manyala ho Jehova. (Deuteronoma 18:10-12) Re hopotse seo, re ke ke ra nahana ka ho ea ho linohe ’me ka sebele re ke ke ra li amohela malapeng a rōna ho tla sebelisa mekhoa ea tsona ea bodemona. Empa na re ka li mamela teng ha li hlaha lithelevisheneng tsa rōna kapa ho Internet? Le hoja ho se mohla re ka amohelang pheko ea ngaka ea litaola, na re ka tlama masea a rōna ka likhole matsohong ka khopolo ea hore li ka a sireletsa ka mokhoa o itseng kotsing? Ha re tseba hore Bibele e nyatsa ho betsa ba bang, na re ka lumella motšerehanyi hore a laole likelello tsa rōna?—Bagalata 5:19-21.
12. (a) ’Mino o sebelisoa joang ho re susumelletsa hore re nahane ka likhopolo tseo re tsebang hore li fosahetse? (b) Tsela eo motho a aparang ka eona, a lokisang moriri ka eona kapa a buang ka eona e ka bontša joang hore na motho o rata batho bao Jehova a sa amoheleng mekhoa ea bona ea bophelo? (c) Ho hlokahala eng ho rōna hore re tle re qobe ho oela marabeng a bolotsana a Satane?
12 Bibele e bolela hore bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ha lia lokela ho boleloa har’a rōna (ka sepheo se sa hloekang). (Baefese 5:3-5) Empa ho thoe’ng haeba lihlooho tse joalo li tsamaea le ’mino o monate, morethetho o hapang kapa molumo o phehellang? Na re tla qala ho pheta mantsoe a tlotlisang ho kopanela liphate kantle ho lenyalo, tšebeliso ea lithethefatsi bakeng sa ho ithabisa le liketso tse ling tsa boetsalibe? Kapa, le hoja re tseba hore ha rea lokela ho etsisa tsela eo batho ba kopanelang linthong tseo ba phelang ka eona, na re rata ho itsebahatsa le bona ka ho etsisa tsela eo ba aparang ka eona, ba lokisang moriri ka eona kapa ba buang ka eona? Mekhoa eo Satane a e sebelisang e bolotsana hakaakang ho eka batho hore ba lumellane le mohopolo oa hae o litšila! (2 Bakorinthe 4:3, 4) E le hore re se ke ra oela marabeng a hae a bolotsana, re tlameha ho qoba ho hoholeha le lefatše. Ho hlokahala hore re hopole hore na “babusi ba lefatše ba lefifi lena” ke bo-mang ’me re loantše tšusumetso ea bona ka tieo.—1 Petrose 5:8.
Ho Hlomelloa ho ba Bahlōli
13. Ho ka etsahala joang hore leha e le ofe oa rōna a hlōle lefatše le busoang ke Satane le ha re ntse re sa phethahala?
13 Pele ho lefu la hae, Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Le be sebete! Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) Le bona e ne e ka ba bahlōli. Lilemo tse ka bang 60 hamorao, moapostola Johanne o ile a ngola: “Ke mang ea hlōlang lefatše haese ea nang le tumelo ea hore Jesu ke Mora oa Molimo?” (1 Johanne 5:5) Tumelo e joalo e bontšoa ka hore re mamele litaelo tsa Jesu le ho itšetleha ka Lentsoe la Molimo, joalokaha Jesu a entse. Ho hlokahala eng hape? Hore re lule haufi le phutheho eo e leng Hlooho ea eona. Ha re fosa, re tlameha ho baka ka tieo ’me re batle tšoarelo ea Molimo motheong oa sehlabelo sa Jesu. Ka tsela ena, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna, le rōna re ka hlōla.—Pesaleme ea 130:3, 4.
14. Bala Baefese 6:13-17, ’me u sebelise lipotso le mangolo a serapeng sena e le motheo oa ho buisana ka melemo e hlahisoang ke karolo ka ’ngoe ea lihlomo tsa moea.
14 Hore re atlehe, ho hlokahala hore re apare “lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo,” re se hlokomolohe le se seng. Ka kōpo phetla Bibele ea hao ho Baefese 6:13-17 ’me u bale kamoo e hlalosang lihlomo tseo kateng. Joale, ka ho arabela lipotso tse ka tlaase, nahana kamoo u ka ruang molemo kateng tšireletsong e fanoeng ke sehlomo ka seng.
“Matheka a lōna a tlamiloe ka hohle ka ’nete”
Le hoja re ka ’na ra tseba ’nete, ho ithuta kamehla, ho thuisa ka ’nete ea Bibele le ho ba teng libokeng ho re sireletsa joang? (1 Bakorinthe 10:12, 13; 2 Bakorinthe 13:5; Bafilipi 4:8, 9)
“Tšireletso ea sefuba ea ho loka”
Tekanyetso ee ea ho loka ke ea mang? (Tšenolo 15:3)
Bontša kamoo ho hlōleha ho latela litsela tse lokileng tsa Jehova ho pepesetsang motho kotsi ea moea kateng. (Deuteronoma 7:3, 4; 1 Samuele 15:22, 23)
“Maoto a lōna a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso”
Ke tšireletso joang ho rōna hore re boloke maoto a rōna a tšoarehile ho re isa ho batho ho ea bua ka litokisetso tsa Molimo bakeng sa khotso? (Pesaleme ea 73:2, 3; Baroma 10:15; 1 Timothea 5:13)
“Thebe e khōlō ea tumelo”
Haeba re e-na le tumelo e nang le motheo o tiileng, re tla itšoara joang boitekong bo reretsoeng ho re etsa hore re belaele kapa re tšabe? (2 Marena 6:15-17; 2 Timothea 1:12)
“Helmete ea poloko”
Tšepo ea poloko e thusa motho ho qoba ho tšoasoa ke leraba la ho ameha haholo ka lintho tse bonahalang joang? (1 Timothea 6:7-10, 19)
“Sabole ea moea”
Kamehla re lokela ho itšetleha ka eng ha re loantša se re hlaselang moeeng kapa se hlaselang ba bang? (Pesaleme ea 119:98; Liproverbia 3:5, 6; Matheu 4:3, 4)
Ke eng hape eo e leng ea bohlokoa bakeng sa hore motho a atlehe ntoeng ea moea? E lokela ho sebelisoa hangata hakae? Lebitsong la bo-mang? (Baefese 6:18, 19)
15. Re ka hlasela joang ntoeng ea moea?
15 Kaha re masole a Kreste, re karolo ea lebotho le leholo le keneng ntoeng ea moea. Haeba re lula re falimehile ’me re sebelisa hamolemo lihlomo tsohle tsa Molimo, re ke ke ra oa ntoeng ena. Ho e-na le hoo, re tla ba thuso e matlafatsang ho bahlanka ba bang ba Molimo. Re tla be re loketse re bile re chesehela ho hlasela, re tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo oa Bomesia, e leng puso eo Satane a e hanyetsang ka matla hakana.
Tlhahlobo
• Ke hobane’ng ha barapeli ba Jehova ba leka ho se jele paate ho hang likhohlanong tsa mekha ea lefatše?
• Maraba a mang a Satane a bolotsana ao a a sebelisang ho senya Bakreste moeeng ke afe?
• Lihlomo tseo Molimo a faneng ka tsona li re sireletsa joang ntoeng ea rōna ea moea?
[Litšoantšo tse leqepheng la 76]
Lichaba li bokelleloa Armagedone