Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wt khao. 13 maq. 120-127
  • Bongata bo Boholo ka Pel’a Terone ea Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bongata bo Boholo ka Pel’a Terone ea Jehova
  • Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetholla Bongata bo Boholo
  • Bo Lokela ho Ipaka bo Tšoaneleha
  • Melemo Hona Joale
  • Letšoele la Bongata bo Boholo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • “Bonang! Bongata bo Boholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Bongata bo Boholo bo Etsang Tšebeletso e Halalelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Nkoa le le ba Tšoanelang ho Tataisetsoa Lilibeng Tsa Metsi a Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
wt khao. 13 maq. 120-127

Khaolo ea Leshome le Metso e Meraro

Bongata bo Boholo ka Pel’a Terone ea Jehova

1. (a) Pele bahlanka ba Molimo ba pele ho Bokreste kapa ba 144 000 ba amohela moputso oa bona, ba tlameha ho feta ho eng? (b) Ho tla etsahala eng ka “bongata bo boholo” bo phelang hona joale?

BAHLANKA ba tšepahalang ba Molimo, ho tloha ka Abele ho ea ho Johanne Mokolobetsi, ba ile ba etelletsa pele ho etsoa ha thato ea Molimo bophelong ba bona. Leha ho le joalo, kaofela ba ile ba shoa, ba emetse ho tsohela bophelong lefatšeng le lecha la Molimo. Ba 144 000, ba tlang ho busa le Kreste ’Musong oa Molimo oa leholimo le bona ba tlameha ho shoa pele ba ka amohela moputso oa bona. Leha ho le joalo, Tšenolo 7:9 e bontša hore mehleng ena ea ho qetela, ho tla ba le “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle bo ke keng ba e-shoa empa bo tla ba le tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Na u har’a bona?

Ho Khetholla Bongata bo Boholo

2. Ke eng e entseng hore ho khetholla bongata bo boholo bo ho Tšenolo 7:9 ho utloisisoe ka ho hlaka?

2 Ka 1923, bahlanka ba Jehova ba ile ba lemoha hore “linku” tsa papiso ea Jesu e fumanoang ho Matheu 25:31-46 le “linku tse ling” tseo a buileng ka tsona ho Johanne 10:16 ke batho ba ka bang le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng mona lefatšeng. Ka 1931 ho ile ha lemohuoa hore ba hlalosoang ho Ezekiele 9:1-11 e le ba tšoailoeng liphatleng le bona ba na le tšepo ea lefatšeng. Joale ka 1935 ho ile ha fumanoa hore bongata bo boholo bo etsa karolo ea sehlopha sa linku tse ling tseo Jesu a buileng ka tsona. Kajeno, bongata bona bo boholo bo hauhetsoeng bo baloa ka limilione.

3. Ke hobane’ng ha poleloana “bo eme ka pel’a terone” e sa bolele hore ke sehlopha sa leholimo?

3 Ho Tšenolo 7:9, bongata bo boholo ha bo bonoe bo le leholimong. Ho ‘ema [ha bona] ka pel’a terone’ ea Molimo ha ho bo hloke hore bo be leholimong. Bo mpa bo le moo Molimo a bo bonang. (Pesaleme ea 11:4) ’Nete ea hore bongata bo boholo, “boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala,” hase sehlopha sa leholimo e bontšoa ka ho bapisa palo e sa tobang le se ngotsoeng ho Tšenolo 7:4-8 le ho Tšenolo 14:1-4. Mono palo ea ba nkiloeng lefatšeng ho ea leholimong e senoloa e le ea ba 144 000.

4. (a) ‘Matšoenyeho a maholo’ ao bongata bo boholo bo a phonyohang ke eng? (b) Joalokaha ho boletsoe ho Tšenolo 7:11, 12, ke bo-mang ba bonang bongata bo boholo le ho kopanela le bona borapeling?

4 Tšenolo 7:14 e bua tjena ka bongata bo boholo: “Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo.” Ba phonyoha matšoenyeho a mabe ka ho fetisisa a kileng a e-ba teng historing ea batho. (Matheu 24:21) Ha ba leboha Molimo le Kreste ka ho pholoha ha bona, nakong eo, libōpuoa tsohle tse tšepahalang tse leholimong li tla ba ntsoe-leng le bona ha li re: “Amen! Poko le khanya le bohlale le liteboho le tlhompho le bonatla le matla li be ho Molimo oa rōna ka ho sa feleng le kamehla. Amen.”—Tšenolo 7:11, 12.

Bo Lokela ho Ipaka bo Tšoaneleha

5. Re ka lekanyetsa joang hore na ho hlokahala eng ho ba karolo ea bongata bo boholo?

5 Ho bolokoa ha bongata bo boholo matšoenyehong a maholo ho etsahala tumellanong le litekanyetso tse lokileng tsa Jehova. Litšobotsi tse khethollang ba tla lopolloa li tšohloa ka ho hlakileng ka Bibeleng. Kahoo ho bonolo ho ba ratang ho loka hore hona joale ba sebetse ba e-na le pono ea ho ipaka ba tšoanelehela ho pholoha. Ba lokela ho etsa eng?

6. Ke hobane’ng ha ka nepo bongata bo boholo bo ka tšoantšoa le linku?

6 Linku li bonolo ebile lia ikokobetsa. Kahoo ha Jesu a ne a re o na le linku tse ling tseo e seng tsa sehlopha sa leholimo, o ne a sa bolele batho ba neng ba tla rata feela ho ea phela ka ho sa feleng lefatšeng empa o ne a bolela batho bao hape ba tlang ho ikokobelletsa lithuto tsa hae. O ile a re: “Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.” (Johanne 10:16, 27) Bana ke batho ba hlileng ba mamelang Jesu ’me ka boikokobetso ba etsa seo a ba bolellang sona, e e-ba barutuoa ba hae.

7. Balateli ba Jesu ho hlokahala hore ba hlaolele litšoaneleho life?

7 Ke litšoaneleho life tse ling tseo e mong le e mong oa balateli baa ba Jesu ho hlokahalang hore a li hlaolele? Lentsoe la Molimo lea araba: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le . . . apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baefese 4:22-24) Ba hlaolela litšoaneleho tse kolekelang bonngoeng ba bahlanka ba Molimo—“lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Bagalata 5:22, 23.

8. Bongata bo boholo bo tla tobana le eng ha bo tšehetsa masala?

8 Bongata bo boholo bo tšehetsa palo e fokolang ea ba nang le tšepo ea leholimo, ba etellang pele mosebetsing oa ho bolela. (Matheu 24:14; 25:40) Linku tse ling li tšehetsa mosebetsi ona le hoja li tseba hore li tla tobana le khanyetso hobane qalong ea matsatsi ana a ho qetela, Kreste Jesu le mangeloi a hae ba ile ba ntša Satane le bademona ba hae leholimong. Sena se ile sa bolela hore “ho malimabe lefatše . . . hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:7-12) Kahoo, Satane o eketsa khanyetso ho bahlanka ba Molimo ha bofelo ba tsamaiso ena bo ntse bo atamela.

9. Bahlanka ba Molimo ba atlehile hakae ka ho bolela litaba tse molemo, hona hobane’ng?

9 Ho sa tsotellehe mahloriso a mabifi, mosebetsi oa ho bolela o ntse o tsoela pele. Ho tloha ho baboleli ba ’Muso ba likete tse seng kae qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, hona joale ho na le ba limilione, hobane Jehova o ile a tšepisa: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” (Esaia 54:17) Esita le setho sa lekhotla le phahameng la Bajuda se ile sa hlokomela hore mosebetsi oa Molimo o ne o ke ke oa hlōloa. Se ile sa bolella Bafarisi ba lekholong la pele la lilemo ka barutuoa bao: “Le ba tlohele; (hobane, haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa; empa haeba o tsoa ho Molimo, le ke ke la khona ho ba liha;) ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le loantša Molimo.”—Liketso 5:38, 39.

10. (a) ‘Letšoao’ le ho ba bongata bo boholo le bolela eng? (b) Bahlanka ba Molimo ba mamela ‘lentsoe le tsoang leholimong’ joang?

10 Ba bongata bo boholo ba hlalosoa e le ba tšoaetsoeng pholoho. (Ezekiele 9:4-6) ‘Letšoao’ ke bopaki ba hore ba inehetse ho Jehova, ba kolobelitsoe e le barutuoa ba Jesu ’me ba loanela ho hlaolela botho bo tšoanang le ba Kreste. Ba mamela ‘lentsoe le tsoang leholimong’ le buang tjena ka ’muso oa lefatše ka bophara oa bolumeli ba bohata oa Satane: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.”—Tšenolo 18:1-5.

11. Ba bongata bo boholo ba bontša ka tsela efe ea bohlokoa hore ke bahlanka ba Jehova?

11 Hape, Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Ho fapana le moo, litho tsa malumeli ana a lefatše lia bolaeana ntoeng, hangata e le hobane feela e le tsa lichaba tse fapaneng! Lentsoe la Molimo le re: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ho etsa ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo. . . . Re lokela ho ratana; eseng joaloka Kaine, ea ileng a simoloha ho ea khopo ’me a bolaea mor’abo.”—1 Johanne 3:10-12.

12. Matšoenyehong a maholo, Jehova o tla sebetsana joang le ‘lifate’ tsa bolumeli tse hlahisang litholoana tse se nang thuso?

12 Jesu o ile a phatlalatsa: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso; sefate se setle se ke ke sa beha litholoana tse se nang thuso, kapa sefate se bolileng sa hlahisa litholoana tse ntle. Sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle sea rengoa ’me se lahleloa mollong. Joale, ka sebele, le tla tseba batho bao ka litholoana tsa bona.” (Matheu 7:17-20) Litholoana tse hlahisoang ke malumeli ana a lefatše li a khetholla e le ‘lifate’ tse bolileng, tse tlang ho timetsoa ke Jehova haufinyane matšoenyehong a maholo.—Tšenolo 17:16.

13. Bongata bo boholo bo bontša joang hore bo “eme ka pel’a terone” ea Jehova bo kopane?

13 Tšenolo 7:9-15 e lebisa tlhokomelo lintlheng tse lebisang ho bolokoeng ha bongata bo boholo. Bo bontšoa bo kopane bo “eme ka pel’a terone” ea Jehova, bo tšehetsa bobusi ba hae ba bokahohleng. “Ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana,” ho bontša hore ba hlokomela sehlabelo sa Jesu se koahelang libe. (Johanne 1:29) Ba inehetse ho Molimo ’me ba tšoantšelitse sena ka ho qoelisoa metsing. Kahoo ba thabela boemo bo hloekileng ka pel’a Molimo, bo tšoantšetsoang ke liaparo tse telele tse tšoeu, ’me ba mo “etsetsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.” Na ho na le litsela tseo ka tsona u ka lumellanyang bophelo ba hao ka botlalo haholoanyane le se hlalositsoeng moo?

Melemo Hona Joale

14. E meng ea melemo e ikhethang e tlelang bahlanka ba Jehova esita le hona joale ke efe?

14 Mohlomong u hlokometse melemo e ikhethang eo le hona joale ba sebeletsang Jehova ba e latsoang. Ka mohlala, ha u ithuta ka merero e lokileng ea Jehova, u ile ua utloisisa hore ho na le tšepo e khanyang bakeng sa nako e tlang. Kahoo hona joale u na le morero oa sebele bophelong—ho sebeletsa Molimo oa ’nete ka tebello e thabisang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. E, Morena Jesu Kreste o tla “tataisetsa [bongata bo boholo] lilibeng tsa metsi a bophelo.”—Tšenolo 7:17.

15. Lipaki tsa Jehova li rua molemo joang ka ho khomarela melao-motheo ea Bibele litabeng tsa lipolotiki le tsa boitšoaro?

15 Melemo e babatsehang e thabeloang ke bongata bo boholo ke lerato, bonngoe le kutloano tse fumanoang har’a bahlanka ba Jehova lefatšeng ka bophara. Kaha kaofela re iphepa ka lijo tsa moea tse tšoanang, kaofela re mamela melao le melao-motheo e tšoanang e fumanoang Lentsoeng la Molimo. Ke ka lebaka leo re sa aroloang ke lipolotiki kapa likhopolo tsa bochaba. Hape, re boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tseo Molimo a li hlokang ho batho ba hae. (1 Bakorinthe 6:9-11) Kahoo, ho e-na le ho kenella likhohlanong, likarohanong le boitšoarong bo bobe tse atileng lefatšeng, batho ba Jehova ba thabela se ka bitsoang hore ke paradeise ea moea. Hlokomela hore na sena se hlalosoa joang ho Esaia 65:13, 14.

16. Ho sa tsotellehe mathata a tloaelehileng bophelong, bongata bo boholo bo na le tšepo efe?

16 Che, bahlanka ba Jehova ba batho ha baa phethahala. ’Me ba angoa ke mathata a tloaelehileng bophelong lefatšeng lena, a kang ho feta linakong tse boima kapa ho ba liphofu lintoeng tsa lichaba. Hape ba tobana le ho kula, ho sotleha le lefu. Empa ba na le tumelo ea hore lefatšeng le lecha, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.

17. Ho sa tsotellehe hore na re etsahalloa ke eng hona joale, ke bokamoso bofe bo babatsehang bo boloketsoeng ba rapelang Molimo oa ’nete?

17 Esita le haeba u lahleheloa ke bophelo hona joale ka lebaka la botsofali, ho kula, ho hlaheloa ke kotsi, kapa mahloriso, Jehova o tla u tsosetsa bophelong Paradeiseng. (Liketso 24:15) Joale u tla tsoela pele ho thabela lijo tsa moea nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. Lerato la hao ho Molimo le tla teba le ho feta ha u bona merero ea hae e phethahala ka mokhoa o khanyang. ’Me tlhohonolofatso eo Jehova a tlang ho fana ka eona e tla tebisa lerato la hao ho eena haholoanyane. (Esaia 25:6-9) Ke bokamoso bo babatsehang hakaakang bo boloketsoeng batho ba Molimo!

Tlhahlobo

• Bibele e amahanya bongata bo boholo le ketsahalo efe e sa tloaelehang?

• Haeba re hlile re batla ho akarelletsoa bongateng boo bo boholo bo hauhetsoeng ke Molimo, re tlameha ho etsa eng hona joale?

• Mahlohonolo a thabeloang ke bongata bo boholo hona joale le ao bo tlang ho a thabela lefatšeng le lecha la Molimo ke a bohlokoa hakae ho uena?

[Setšoantšo se leqepheng la 123]

Limilione tsa bongata bo boholo li rapela Molimo oa ’nete li kopane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela