Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wt khao. 14 maq. 128-135
  • Jehova o Tsamaisa Mokhatlo oa Hae o Hlophisitsoeng Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Tsamaisa Mokhatlo oa Hae o Hlophisitsoeng Joang?
  • Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tseba Karolo e Bonahalang
  • Tlhophiso ea Puso ea Molimo
  • Ipoloke U Sireletsehile U le Karolo ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Tšepahala ho Kreste le Lekhoba la Hae le Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • “Hopolang ba Etellang Pele Har’a Lona”
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Phutheho e ke e Hahoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
wt khao. 14 maq. 128-135

Khaolo ea Leshome le Metso e Mene

Jehova o Tsamaisa Mokhatlo oa Hae o Hlophisitsoeng Joang?

1. Ke boitsebiso bofe bo senoloang ke Bibele ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, hona ke hobane’ng ha e le ba bohlokoa ho rōna?

NA Molimo o na le mokhatlo o hlophisitsoeng? Mangolo a bululetsoeng a re bolella hore ho joalo. Ka Lentsoeng la hae, o re bontša hanyenyane karolo e babatsehang ea leholimo ea mokhatlo oo o hlophisitsoeng. (Ezekiele 1:1, 4-14; Daniele 7:9, 10, 13, 14) Le hoja re ke ke ra bona karolo ena e sa bonahaleng, e ama barapeli ba ’nete haholo kajeno. (2 Marena 6:15-17) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o boetse o na le karolo e bonahalang lefatšeng. Bibele e re thusa ho utloisisa hore na ke eng le hore na Jehova o e tsamaisa joang.

Ho Tseba Karolo e Bonahalang

2. Molimo o ile a theha phutheho efe e ncha?

2 Ka lilemo tse 1 545 sechaba sa Iseraele e ne e le phutheho ea Molimo. (Liketso 7:38) Empa Iseraele e ile ea sitoa ho boloka melao ea Molimo ’me ea lahla Mora oa hae. Ka lebaka leo, Jehova o ile a lahla phutheho eo ’me a e siea shalabeng. Jesu o ile a bolella Bajuda: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 23:38) Eaba Molimo o theha phutheho e ncha, eo a ileng a etsa selekane se secha le eona. Phutheho eo e ne e lokela ho etsoa ka batho ba 144 000 ba khethiloeng ke Molimo hore ba kopane le Mora oa hae leholimong.—Tšenolo 14:1-4.

3. Ho ile ha etsahala eng ka Pentekonta ea 33 C.E. e le bopaki bo hlakileng ba hore joale Molimo o sebelisa phutheho e ncha?

3 Ba pele ba phutheho eo e ncha ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang oa Jehova ka Pentekonta ea 33 C.E. Mabapi le ketsahalo eo e tsotehang, rea bala: “Joale ha letsatsi la mokete oa Pentekonta le ntse le tsoela pele kaofela ba ne ba le hammoho sebakeng se le seng, eaba ka tšohanyetso ho ba le lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla, ’me la tlala ntlo eohle eo ba neng ba lutse ka hare ho eona. Maleme a kang a mollo a bonahala ho bona ’me a ajoa, ’me ka leng la ’ona la lula holim’a e mong le e mong oa bona, eaba kaofela ba tlala moea o halalelang.” (Liketso 2:1-4) Kahoo moea oa Molimo o ile oa fana ka bopaki bo hlakileng ba hore sena ke sehlopha sa batho bao Molimo a tlang ho ba sebelisa ho finyella morero oa hae tlas’a tataiso ea Jesu Kreste a le leholimong.

4. Ke bo-mang kajeno ba bōpang mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova?

4 Kajeno, ke masala a ba 144 000 feela a teng lefatšeng. Empa phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tse limilione, bo kopantsoe le masala a tlotsitsoeng. Jesu, Molisa ea Khabane, o kopantse linku tsena tse ling le masala e le hore e be mohlape o le mong o tlas’a hae e le Molisa a le mong oa oona. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:11, 16) Bana kaofela ba bōpa phutheho e le ’ngoe e kopaneng, mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova.

Tlhophiso ea Puso ea Molimo

5. Ke mang ea tsamaisang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, hona o ho etsa joang?

5 Polelo ea Mangolo “phutheho ea Molimo ea phelang” ea totobatsa hore na e tsamaisoa ke mang. Mokhatlo o hlophisitsoeng ke oa puso ea Molimo, kapa o busoa ke Molimo. Jehova o tsamaisa batho ba hae ka Jesu, e leng eena eo a mo khethetseng ho ba Hlooho e sa bonahaleng ea phutheho, le ka Lentsoe la Hae le bululetsoeng, Bibele.—1 Timothea 3:14, 15; Baefese 1:22, 23; 2 Timothea 3:16, 17.

6. (a) Tsamaiso ea leholimo ea phutheho e ile ea bonahala joang lekholong la pele la lilemo? (b) Ke eng e bontšang hore Jesu e ntse e le Hlooho ea phutheho?

6 Tsamaiso e joalo e ne e totobetse haholo ka Pentekonta. (Liketso 2:14-18, 32, 33) E ile ea bonahala ha lengeloi la Jehova le tsamaisa ho hasoa ha litaba tse molemo ho kenella Afrika, ha lentsoe la Jesu le ne le fana ka litaelo tšokolohong ea Saule oa Tarsase, le ha Petrose a qala mosebetsi oa ho bolela har’a Balichaba. (Liketso 8:26, 27; 9:3-7; 10:9-16, 19-22) Leha ho le joalo, ka mor’a moo ha hoa ka ha hlola ho utloahala mantsoe a tsoang leholimong, mangeloi ha aa ka a hlola a bonoa, ha hoa ka ha hlola ho fanoa ka limpho tsa mohlolo tsa moea. Leha ho le joalo, Jesu o ne a ile a tšepisa: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:20; 1 Bakorinthe 13:8) Kajeno, Lipaki tsa Jehova li amohela tataiso ea Jesu. Kantle ho eona, ho ne ho tla ba thata ho bolela molaetsa oa ’Muso har’a lehloeo le matla.

7. (a) Ke bo-mang ba etsang “lekhoba le tšepahalang le le masene,” hona hobane’ng? (b) “Lekhoba” leo le filoe kabelo efe?

7 Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” leo eena joaloka Monghali a neng a tla le neha boikarabelo bo khethehileng. “Lekhoba” leo le ne le tla be le le teng ha Morena a tloha ho ea leholimong ’me le ne le tla be le ntse le sebetsa nakong eo Kreste a khutlang a sa bonahale matleng a ’Muso. Tlhaloso e joalo e ne e ke ke ea tšoanela motho a le mong, empa e tšoanela phutheho e tlotsitsoeng ea Kreste. Kaha o e rekile ka mali a hae, Jesu o e bitsa “lekhoba” la hae. O ile a roma litho tsa eona ho ea etsa barutuoa le hore li tsoele pele ho ba fepa, li ba fa “lijo tsa bona [tsa moea] ka nako e tšoanetseng.”—Matheu 24:45-47; 28:19; Esaia 43:10; Luka 12:42; 1 Petrose 4:10.

8. (a) Ke boikarabelo bofe boo sehlopha sa lekhoba se nang le bona hona joale? (b) Ke hobane’ng ha ho arabela ha rōna taeong e fanoang ka mocha oa Molimo e le habohlokoa?

8 Kaha sehlopha sa lekhoba se ne se ntse se etsa mosebetsi oa Monghali ka botšepehi ha a khutla a sa bonahale ka 1914, ho na le bopaki ba hore se ne se tšepetsoe boikarabelo bo eketsehileng ka 1919. Lilemo tsa ka morao ho moo e ’nile ea e-ba nako ea ho paka ka ’Muso lefatšeng lohle, ’me bongata bo boholo ba barapeli ba Jehova bo bokelloa ka tebello ea hore bo bolokoe ho ea feta matšoenyehong a maholo. (Matheu 24:14, 21, 22; Tšenolo 7:9, 10) Bana le bona ba hloka lijo tsa moea, ’me ba li feptjoa ke sehlopha sa lekhoba. Kahoo, hore re khahlise Jehova ho hlokahala hore re amohele taeo eo a fanang ka eona ka mocha oa hae le ho nka bohato tumellanong le oona.

9, 10. (a) Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le tokisetso efe bakeng sa ho arabela lipotso tse amang thuto le ho fana ka tataiso ea ho bolela litaba tse molemo? (b) Ke tokisetso efe e teng kajeno bakeng sa ho hokahanya mesebetsi ea batho ba Jehova?

9 Ka linako tse ling, ho hlaha lipotso ka thuto le mekhoa e sebelisoang. Joale, ebe ho etsahala’ng? Liketso khaolo ea 15 e re bolella kamoo khang e mabapi le basokolohi ba Balichaba e ileng ea lokisoa kateng. Taba eo e ile ea isoa ho baapostola le baholo ba Jerusalema, ba neng ba sebeletsa e le sehlopha se setsing se busang. Banna bao ba ne ba fosa, empa Molimo o ile a ba sebelisa. Ba ile ba hlahloba seo Mangolo a se buang ka taba eo hammoho le bopaki ba tšebetso ea moea oa Molimo ha ho qaloa tšimo ea Balichaba. Eaba ba etsa qeto. Molimo o ile a hlohonolofatsa tokisetso eo. (Liketso 15:1-29; 16:4, 5) Sehlopha seo se setsing se ile sa roma batho ho ea ntšetsa pele ho bolela ka ’Muso.

10 Mehleng ea rōna Sehlopha se Busang sa mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova se entsoe ka barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ka moea ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng ’me se ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Sehlopha se Busang se ntšetsa pele borapeli bo hloekileng naheng e ’ngoe le e ’ngoe ka tlas’a bohlooho ba Jesu Kreste, se hokahanya mesebetsi ea ho bolela ea Lipaki tsa Jehova liphuthehong tsa tsona tse likete tse mashome. Ba Sehlopheng se Busang ba na le maikutlo a tšoanang le a moapostola Pauluse, ea ileng a ngolla Bakreste-’moho le eena: “Eseng hore re laola tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna, kaha ke ka tumelo ea lōna le emeng.”—2 Bakorinthe 1:24.

11. (a) Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethoa joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisana haufi-ufi le ba khethiloeng?

11 Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li itšetlehile ka Sehlopha se Busang bakeng sa ho khetha barab’abo rōna ba tšoanelehang bao le bona ba filoeng matla a hore ba khethe baholo le bahlanka ba sebeletsang hore ba hlokomele liphutheho. Se hlokoang ho ba khethoang se boletsoe ka Bibeleng ’me ho nahaneloa le hore banna bao ha baa phethahala ’me ba etsa liphoso. Baholo ba buellang le ba khethang ba jara boikarabelo bo tebileng ka pel’a Molimo. (1 Timothea 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9) Kahoo, ba rapella thuso ea moea oa Molimo ’me ba batla tataiso Lentsoeng la hae le bululetsoeng. (Liketso 6:2-4, 6; 14:23) A re bontšeng ho ananela ha rōna ‘limpho tsena tseo e leng banna,’ ba re thusang kaofela hore re fihlele ‘bonngoe tumelong.’—Baefese 4:8, 11-16.

12. Jehova o sebelisa basali joang tokisetsong ea puso ea Molimo?

12 Mangolo a laela hore bolebeli ka phuthehong bo hlokomeloe ke banna. Hona hase ho nyelisa basali, hobane ba bang ba bona ke majalefa a ’Muso oa leholimo, ebile ke bona ba etsang mosebetsi o mongata oa ho bolela. (Pesaleme ea 68:11) Hape, ka ho hlokomela boikarabelo ba bona ba malapa ka botšepehi, basali ba tlatsetsa botumong bo botle ba phutheho. (Tite 2:3-5) Empa ho ruta ka phuthehong ho hlokomeloa ke banna ba khethiloeng.—1 Timothea 2:12, 13.

13. (a) Ke pono efe eo Bibele e khothalletsang hore baholo ba be le eona mabapi le boemo ba bona? (b) Kaofela ha rōna re ka kopanela tokelong efe?

13 Lefatšeng, motho ea nang le setulo se phahameng o nkoa e le oa bohlokoa, empa ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo molao o re: “Ea itšoarang joaloka e monyenyane har’a lōna kaofela ke eena e moholo.” (Luka 9:46-48; 22:24-26) Mangolo a eletsa baholo hore ba be hlokolosi hore ba se ke ba iketsa marena holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa, ho e-na le hoo, ba behele mohlape mohlala. (1 Petrose 5:2, 3) Hase feela palo e fokolang e khethiloeng, empa Lipaki tsa Jehova kaofela, ba batona le ba batšehali, li na le tokelo ea ho emela ’Musi oa bokahohleng, ka boikokobetso li bua ka lebitso la hae le ho bolella batho hohle ka ’Muso oa hae.

14. U sebelisa mangolo a qotsitsoeng, tšohla lipotso tse thathamisitsoeng qetellong ea serapa.

14 Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke hlile ke ananela kamoo Jehova a tsamaisang mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang kateng? Na maikutlo a ka, lipuo le liketso tsa ka li bontša seo?’ Ho nahana ka lintlha tse latelang ho ka re thusa ho itlhahloba.

Haeba kannete ke ikokobelletsa Kreste joaloka Hlooho ea phutheho, joalokaha ho bontšitsoe mangolong a latelang, ke tla be ke etsa’ng? (Matheu 24:14; 28:19, 20; Johanne 13:34, 35)

Ha ke amohela ka kananelo litokisetso tsa moea tse tlang ka sehlopha sa lekhoba le Sehlopha se Busang sa sona, ke bontša ho hlompha mang? (Luka 10:16)

E mong le e mong ka phuthehong, haholo-holo baholo, ba lokela ho sebelisana joang le ba bang? (Baroma 12:10)

15. (a) Ka boikutlo ba rōna mokhatlong o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova, re bontša eng? (b) Re na le menyetla efe ea ho paka hore Diabolose o leshano le ho thabisa pelo ea Jehova?

15 Kajeno Jehova o re tataisa ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang o tlas’a Kreste. Boikutlo ba rōna ka tokisetso ena bo bontša hore na re ikutloa joang ka tseko ea bobusi. (Baheberu 13:17) Satane o pheha khang ka hore ntho e ka sehloohong eo re amehileng ka eona ke rōna. Empa haeba re sebeletsa ka tsela efe le efe e hlokahalang ’me re qoba lintho tse ka etsang hore re ikhulele tlhokomelo ka tsela e sa hlokahaleng, re paka hore Diabolose o leshano. Haeba re rata le ho hlompha ba etellang pele har’a rōna empa re hana ho ‘khahloa ke batho ba phahameng molemong oa rōna,’ re thabisa Jehova. (Juda 16; Baheberu 13:7) Ka ho tšepahala mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, re bontša hore Jehova ke Molimo oa rōna le hore re kopane ha re mo rapela.—1 Bakorinthe 15:58.

Tlhahlobo

• Mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova ke ofe kajeno? Morero oa oona ke ofe?

• Hlooho e khethiloeng ea phutheho ke mang, hona ke litokisetso life tse bonahalang tseo ka tsona a re fang tataiso e lerato?

• Ke boikutlo bofe bo molemo boo re lokelang ho bo hlaolela ho ba leng ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova?

[Litšoantšo tse leqepheng la 133]

Jehova o re tataisa ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang o tlas’a Kreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela