Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wt khao. 20 maq. 175-183
  • Lulang le Hopola Letsatsi la Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lulang le Hopola Letsatsi la Jehova
  • Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Falimehela Pontšo
  • Ho Aroloa ha Batho
  • Ke Eng e Larileng ka Pele?
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Baapostola ba Kopa Pontšo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
wt khao. 20 maq. 175-183

Khaolo ea Mashome a Mabeli

Lulang le Hopola Letsatsi la Jehova

1. Ha u qala ho ithuta hore ho lopolloa masisa-pelong a tsamaiso ee ea khale ho haufi, u ile ua ikutloa joang?

E ’NGOE ea lintho tsa pele tseo u ithutileng tsona Bibeleng ke hore morero oa Jehova ke hore lefatše lohle e be paradeise. Lefatšeng leo le lecha, ntoa, tlōlo ea molao, bofuma, ho kula, ho sotleha le lefu li tla fela. Le bafu ba tla phela hape. Ke tebello e babatsehang hakaakang! Bohaufi ba litebello tseo kaofela bo hatisoa ke bopaki ba hore ho ba teng ha Kreste a sa bonahale e le Morena ea busang bo qalile ka 1914 le hore ho tloha ka nako eo re bile matsatsing a ho qetela a lefatše lena le khopo. Qetellong ea matsatsi ana a ho qetela, Jehova o tla felisa tsamaiso ena ea hona joale ea lintho ’me a tlise lefatše le lecha le tšepisitsoeng!

2. “Letsatsi la Jehova” ke eng?

2 Bibele e bitsa nako ena e tlang ea timetso “letsatsi la Jehova.” (2 Petrose 3:10) Ke ‘letsatsi la bohale ba Jehova’ khahlanong le lefatše lohle la Satane. (Sofonia 2:3) Le fihla tlhōrōng ea lona “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle . . . , [eo] ka Seheberu [e] bitsoang Har–Magedone [Armagedone],” eo ho eona “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a tlang ho timetsoa. (Tšenolo 16:14, 16) Na tsela eo u phelang ka eona e bontša hore u kholisehile hore “letsatsi la Jehova” le haufi?—Sofonia 1:14-18; Jeremia 25:33.

3. (a) Letsatsi la Jehova le tla tla neng? (b) Taba ea hore Jehova ha aa senola “letsatsi leo kapa hora eo” e ipakile e le molemo joang?

3 Bibele ha e re bolelle letsatsi le tobileng leo Jesu Kreste a tlang ho tla ka lona e le Mophethahatsi oa Kahlolo oa Jehova khahlanong le tsamaiso ea Satane ea lintho. Jesu o itse: “Malebana le letsatsi leo kapa hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi leholimong kapa Mora, haese Ntate.” (Mareka 13:32) Haeba ho e-na le ba hlileng ba sa rateng Jehova, ba tla ba le tšekamelo ea ho chechisa letsatsi la hae likelellong tsa bona ebe ba retelehela mesebetsing ea lefatše. Empa ba hlileng ba ratang Jehova ba tla mo sebeletsa ka moea oohle, ho sa tsotellehe hore na bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo tla neng.—Pesaleme ea 37:4; 1 Johanne 5:3.

4. Jesu o itse’ng ha a re lemosa tabeng ee?

4 Ha a lemosa ba ratang Jehova, Jesu o re: “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.” (Mareka 13:33-37) O re phehella hore re se ke ra lumella ho ja le ho noa kapa “matšoenyeho a bophelo” ho hapa tlhokomelo e khōlō ea rōna hoo re fifalloang ke pono ea bohlokoa ka linako tsena.—Luka 21:34-36; Matheu 24:37-42.

5. Joalokaha Petrose a hlalositse, letsatsi la Jehova le tla tlisa eng?

5 Ka tsela e tšoanang Petrose o re eletsa hore re hopole “ho ba teng ha letsatsi la Jehova, leo ka lona maholimo ha a cha a tlang ho qhibiliha le thepa ea motheo ha e chesa ka matla haholo e tlang ho qhibiliha.” Mebuso eohle ea batho—e leng “maholimo”—e tla felisoa, ho felisoe le mokhatlo oohle o khopo oa batho—e leng “lefatše”—le “thepa ea motheo,” e leng likhopolo le mesebetsi ea lefatše lena le khopo, tse kang boikutlo ba lona ba ho ipusa kantle ho Molimo le tsela ea lona ea bophelo ea boitšoaro bo bobe le ea ho rata lintho tse bonahalang. E tla nkeloa sebaka ke “maholimo a macha [’Muso oa Molimo oa leholimo] le lefatše le lecha [mokhatlo o mocha oa lefatše]” tseo “ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:10-13) Liketsahalo tsena tse thumakanyang lefatše li tla qala ka tšohanyetso ka letsatsi le hora tse sa lebelloang.—Matheu 24:44.

Falimehela Pontšo

6. (a) Karabo ea Jesu potsong ea barutuoa ba hae e ile ea sebetsa qetellong ea tsamaiso ea Sejuda ho isa bohōleng bofe? (b) Ke likarolo life tsa karabo ea Jesu tse hlokomelisang ka liketsahalo tsa ho tloha ka 1914 ho ea pele?

6 Ha ho talingoa linako tseo re phelang ho tsona, re lokela ho tloaelana hantle le makolopetso a pontšo e nang le likarolo tse ngata e khethollang matsatsi a ho qetela—“qetello ea tsamaiso ea lintho.” Hopola hore ha Jesu a araba potso ea barutuoa ba hae, e tlalehiloeng ho Matheu 24:3, tse ling tsa lintho tseo a li hlalositseng temaneng ea 4 ho ea ho ea 22 li phethahetse ka tsela e fokolang tsamaisong ea Sejuda pakeng tsa 33 le 70 C.E. Empa boprofeta boo bo phethahetse haholoanyane ho tloha ka 1914, e leng nako ea ‘ho ba teng ha [Kreste] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho.’ Matheu 24:23-28 e bolela se neng se tla etsahala ho tloha ka 70 C.E. ho ea nakong ea ho ba teng ha Kreste. Liketsahalo tse hlalositsoeng ho Matheu 24:29–25:46 li etsahala nakong ea qetello.

7. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho falimehela kamoo maemo a hona joale a phethahatsang pontšo kateng? (b) Araba lipotso tse qetellong ea serapa, u bontše kamoo pontšo e phethahalitsoeng kateng ho tloha ka 1914.

7 Rōna ka borōna re lokela ho ela hloko liketsahalo le maikutlo tse phethahatsang pontšo. Ho amahanya liketsahalo tsena le boprofeta ba Bibele ho tla re thusa ho lula re hopola letsatsi la Jehova. Hape ho tla re nolofalletsa ho ba ba susumetsang ha re lemosa ba bang ka bohaufi ba letsatsi leo. (Esaia 61:1, 2) Re hopotse lipakane tsena, a re hlahlobeng lipotso tse latelang tse totobatsang likarolo tsa pontšo eo, joalokaha li tlalehiloe ho Matheu 24:7 le Luka 21:10, 11.

Ke ka tsela efe e sa tloaelehang ‘ho tsohelana matla ha lichaba le hore ’muso o tla tsohela ’muso o mong matla’ ho boletsoeng esale pele ho phethahetseng ho tloha ka 1914? Mabapi le lintoa ho etsahetse’ng ho tloha ka nako eo?

Ka 1918, ke seoa sefe se ileng sa bolaea batho ba bangata ho feta Ntoa ea I ea Lefatše? Ho sa tsotellehe tsebo ea motho ea bongaka, ke maloetse afe a ntseng a bolaea ba limilione?

Khaello ea lijo e amme lefatše ho isa bohōleng bofe, ho sa tsotellehe tsoelo-pele ea saense lekholong le fetileng la lilemo?

Ke eng se u kholisang hore 2 Timothea 3:1-5, 13 ha e hlalose tsela eo bophelo bo ’nileng ba e-ba ka eona, empa tsela eo maemo a mabe a ’nileng a eketseha ka eona ha re ntse re leba qetellong ea matsatsi aa a qetello?

Ho Aroloa ha Batho

8. (a) Ke ketsahalo efe hape, e hlalositsoeng ho Matheu 13:24-30, 36-43, eo Jesu a e amahantseng le qetello ea tsamaiso ea lintho? (b) Papiso ea Jesu e bolela eng?

8 Ho na le liketsahalo tse ling tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li amahanya le qetello ea tsamaiso ea lintho. E ’ngoe ea tsona ke ho aroloa ha “bara ba ’muso” ho “bara ba ea khopo.” Jesu o buile ka sena papisong ea hae e neng e bua ka tšimo ea koro eo sera se ileng sa jalella mofoka ho eona. “Koro” papisong ea hae e emela Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng. “Mofoka” ke ba ipolelang hore ke Bakreste empa ba ipaka e le “bara ba ea khopo” ka lebaka la ho itšoarella lefatšeng le busoang ke Diabolose. Ba arotsoe ho “bara ba ’muso” oa Molimo ’me ba tšoaetsoe timetso. (Matheu 13:24-30, 36-43) Na see se hlile se etsahetse?

9. (a) Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ke ho aroloa hofe ho hoholo ha bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ho etsahetseng? (b) Bakreste ba tlotsitsoeng ba fane ka bopaki ba hore ke bahlanka ba ’nete ba ’Muso joang?

9 Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ho ile ha aroloa bohle ba neng ba ipolela hore ke Bakreste lihlopha tse peli: (1) Baruti ba Bokreste-’mōtoana le balateli ba bona, ba ileng ba hlaha ba tšehetsa ka matla Selekane sa Lichaba (seo hona joale e leng Machaba a Kopaneng), empa ba ntse ba tšoarelletse ka thata bochabeng ba bona, le (2) Bakreste ba ’nete ba nakong eo ea ka mor’a ntoa, ba ileng ba tšehetsa ’Muso oa Molimo oa Bomesia ka matla, eseng lichaba tsa lefatše lena. (Johanne 17:16) Bana ba ipakile e le bahlanka ba ’nete ba ’Muso oa Molimo ka ho etsa mosebetsi oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” lefatšeng lohle. (Matheu 24:14) Ka liphello life?

10. Phello ea pele ea mosebetsi oo oa ho bolela ka ’Muso e bile efe?

10 Pele, ho bile le ho bokelloa ha masala a ba tlotsitsoeng ka moea oa Molimo, ba nang le tšepo ea ho ba le Kreste e le karolo ea ’Muso oa leholimo. Le hoja ba ne ba hasane lichabeng, ba ile ba tlisoa bonngoeng ka mokhatlo o hlophisitsoeng. Ho tiisoa ha ho qetela ha bana ba tlotsitsoeng ho ntse ho atamela.—Tšenolo 7:3, 4.

11. (a) Ke mosebetsi ofe oa ho bokella o tsoelang pele, hona o tumellanong le boprofeta bofe? (b) Ho phethahala ha boprofeta boo ho bolela eng?

11 Joale, tlas’a tataiso ea Kreste, ho ile ha qala ho bokelloa ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.’ Bana ba etsa “linku tse ling” tse tla phonyoha ‘matšoenyeho a maholo’ ho kena lefatšeng le lecha la Molimo. (Tšenolo 7:9, 14; Johanne 10:16) Mosebetsi ona oa ho bolela ’Muso oa Molimo pele bofelo bo fihla o ntse o tsoela pele ho fihlela mehleng ea kajeno. Ka botšepehi, bongata bo boholo ba linku tse ling, boo hona joale bo baloang ka limilione, bo thusa masala a tlotsitsoeng hore a phatlalatse molaetsa oa bohlokoa oa ’Muso. Molaetsa ona o utluoa lichabeng tsohle.

Ke Eng e Larileng ka Pele?

12. Ke mosebetsi o mongata hakae oa ho bolela o lokelang ho etsoa pele letsatsi la Jehova le fihla?

12 Bopaki bohle bo ka holimo bo bontša hore re haufi le qetello ea matsatsi a ho qetela le hore letsatsi la Jehova le haufi. Empa na ho sa na le boprofeta bo lokelang ho phethahala pele letsatsi leo le tšabehang le qala? E. Ka mohlala, ho aroloa ha batho tsekong ea ’Muso ha ho e-s’o phethoe. Libakeng tse ling moo ho neng ho e-na le khanyetso e matla ka lilemo tse telele, hona joale ho na le keketseho ea barutuoa ba bacha. Esita le moo batho ba hanang litaba tse molemo, mosa oa Jehova o bonahatsoa ka hore re fane ka bopaki. Kahoo, tsoelang pele ka mosebetsi! Jesu o re tiisetsa hore, ha mosebetsi o phethiloe, bofelo bo tla tla.

13. Joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Bathesalonika 5:2, 3, ke ketsahalo efe e hlokomelehang e sa ntsaneng e tla etsahala, hona e tla bolela eng ho rōna?

13 Boprofeta bo bong ba bohlokoa haholo ba Bibele bo bolela esale pele: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.” (1 Bathesalonika 5:2, 3) Hore na polelo eo e reng “khotso le tšireletseho” e tla ba ka sebōpeho sefe ke hona ho tla bonahala. Empa ka sebele e tla be e sa bolele hore baeta-pele ba lefatše ba tla be ba hlile ba rarolotse mathata a batho. Ba lulang ba hopotse letsatsi la Jehova ba ke ke ba khelosoa ke polelo eo. Baa tseba hore hang ka mor’a moo, ho tla tla timetso ea tšohanyetso.

14. Ho tla etsahala liketsahalo life nakong ea matšoenyeho a maholo, hona ka tatellano efe?

14 Qalong ea matšoenyeho a maholo, babusi ba tla fetohela Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ’me ba e felise. (Matheu 24:21; Tšenolo 17:15, 16) Ka mor’a moo lichaba li tla retelehela ho ba tšehetsang bobusi ba Jehova, ho qholotsa khalefo ea Jehova khahlanong le mebuso ea lipolotiki le batšehetsi ba eona, e leng ho tla fella ka ho timetsoa ha eona ka ho feletseng. Hoo e tla ba sehlohlolo sa Armagedone matšoenyehong a maholo. Joale Satane le bademona ba hae ba tla akheloa sekoting, moo ba ke keng ba hlola ba susumetsa moloko oa batho. Ena e tla ba qetello ea letsatsi la Jehova ha ho tla be ho phahamisoa lebitso la hae.—Ezekiele 38:18, 22, 23; Tšenolo 19:11–20:3.

15. Ke hobane’ng ha e ka ba bothoto ho nahana hore letsatsi la Jehova le sa le hōle?

15 Bofelo ba tsamaiso ena bo tla fihla hantle ka nako, ho latela kemiso ea Molimo. Bo ke ke ba lieha. (Habakuke 2:3) Hopola, ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. ho ile ha tla ka potlako, Bajuda ba sa ho lebella, ba nahana hore kotsi e fetile. Ho thoe’ng ka Babylona ea boholo-holo? E ne e le matla, e itšepile, ebile e sirelelitsoe ka marako a maholo. Empa e ile ea oa ka bosiu bo le bong. Ka ho tšoanang, le tsamaiso ea hona joale e khopo e tla oeloa ke timetso ea tšohanyetso. Ha e fihla, e se eka re ka fumanoa re kopane borapeling ba ’nete, re lutse re hopotse letsatsi la Jehova.

Tlhahlobo

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lula re hopola letsatsi la Jehova? Re ka ho etsa joang?

• Rōna re angoa joang ke ho aroloa ha batho ho etsahalang?

• Ho sa ntsane ho larile eng ka pele, pele letsatsi la Jehova le qaleha? Kahoo re lokela hore ebe re etsa joang ka bomong?

[Litšoantšo tse leqepheng la 180, 181]

Haufinyane matsatsi a ho qetela a tla fela ha ho timetsoa tsamaiso ea Satane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela