Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 30 maq. 157-161
  • Se ka re Thusang ho Hlōla Tšabo ea Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka re Thusang ho Hlōla Tšabo ea Rōna
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Petrose o Latola Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 30 maq. 157-161

Khaolo ea 30

Se ka re Thusang ho Hlōla Tšabo ea Rōna

NA U fumana ho sebeletsa Jehova ho le bonolo?— Mosuoe e Moholo ha aa ka a re ho ne ho tla ba bonolo. Bosiung ba pele Jesu a bolaoa, o ile a re ho baapostola ba hae: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea.”—Johanne 15:18.

Ka boikhantšo, Petrose o ile a re a ke ke a tlohela Jesu le ka mohla, empa Jesu o ile a re hona bosiung boo Petrose o tla latola ka makhetlo a mararo hore oa mo tseba. ’Me sena ke sona seo Petrose a ileng a se etsa! (Matheu 26:31-35, 69-75) Seo se ne se ka etsahala joang?— Seo se ile sa etsahala hobane Petrose o ile a tšoha, le baapostola ba bang ba ile ba tšoha.

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha baapostola ba ile ba tšoha?— Ba ile ba hlōleha ho etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo. Ho ithuta ka sena ho tla re thusa hore re sebeletse Jehova ho sa tsotellehe hore na batho ba re’ng kapa ba etsa’ng. Ka hona, re lokela ho qala ka ho hlahloba se ileng sa etsahala bosiung ba ho qetela boo Jesu a ileng a bo qeta a e-na le baapostola ba hae.

Ba ile ba qala ka ho keteka Paseka ba le ’moho. Paseka e ne e le mokete oa lijo tse khethehileng o neng o tšoaroa selemo le selemo ho hopotsa batho ba Molimo ka ho lopolloa ha bona bokhobeng Egepeta. Ka mor’a moo Jesu a theha mokete o mong oa lijo tse khethehileng le bona. Re tla buisana ka oona hamorao khaolong e ’ngoe le ho hlalosa kamoo lijo tseo li re thusang ho hopola Jesu kateng. Ka mor’a lijo tseo le ka mor’a ho khothatsa baapostola ba hae, Jesu o ile a ba etella pele ho ea tšimong ea Gethesemane. E leng sebaka seo ba neng ba tloaetse ho ea ho sona.

Jesu a tsoela thōkoana a le mong moo tšimong ho ea rapela. A bolella Petrose, Jakobo le Johanne hore le bona ba rapele. Empa ba robala. Jesu a tsoela thōkoana a le mong ka makhetlo a mararo ho ea rapela, ’me ka makhetlo a mararo ha a khutla a fumana Petrose le ba bang ba ithobaletse! (Matheu 26:36-47) Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha ba ne ba lokela ho lula ba falimehile ba rapela?— A re ke re bue ka taba ena.

Pejana mantsiboeeng ao, Judase Iskariota o ne a e-na le Jesu le baapostola ba bang Pasekeng. Kea kholoa u sa hopola hore Judase e ne e le lesholu. Joale e se e le moeki. O ne a tseba sebaka seo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba tloaetse ho ea ho sona tšimong Gethesemane. Kahoo Judase a isa masole moo ho ea tšoara Jesu. Ha ba fihla moo, Jesu a ba botsa: “Le batla mang?”

Masole a araba a re: ‘Re batla Jesu.’ Jesu o ne a sa tšoha, kahoo a araba a re: “Ke ’na enoa.” Masole a ile a makalla sebete seo Jesu a neng a e-na le sona hoo a ileng a chechela morao ’me a oela fatše. Joale Jesu a re: ‘Haeba le batla ’na, tlohelang baapostola ba ka ba tsamaee.’—Johanne 18:1-9.

Ha masole a tšoara Jesu le ho mo tlama, baapostola ba ile ba tšoha ’me ba baleha. Empa Petrose le Johanne ba ne ba batla ho tseba hore na ho etsahala’ng, kahoo ba latela ba le hōjana. Qetellong, Jesu a tlisoa tlung ea Kaifase, moprista ea phahameng. Kaha moprista ea phahameng o ne a tseba Johanne, molebeli oa heke o ile a mo lumella hore a kene le Petrose ka lebaleng.

Baprista ba ne ba se ba ntse ba phuthehile ka tlung ea Kaifase ho tšoara nyeoe. Ba ne ba batla hore Jesu a bolaoe. Kahoo ba tlisa lipaki tse buang mashano ka eena. Batho ba betsa Jesu ka lifeisi le ho mo jabela. Ha sena sohle se ntse se etsahala, Petrose o ne a ntse a le haufi.

Lekhabunyane le leng, e leng molebeli oa heke ea ileng a lumella Petrose le Johanne ho kena, la hlokomela Petrose. La re: “Le uena u ne u e-na le Jesu!” Empa Petrose a latola hore o tseba Jesu. Ka mor’a nakoana ngoanana e mong a lemoha Petrose ’me a re ho ba emeng haufi: “Monna enoa o ne a e-na le Jesu.” Petrose a boela a latola hore oa mo tseba. Nakoana hamorao sehlopha se seng sa batho sa bona Petrose ’me sa re ho eena: “Ka sebele le uena u e mong oa bona.” Petrose a latola ka lekhetlo la boraro a re: “Monna eo ha ke mo tsebe!” Petrose a ba a ikana hore o bua ’nete, ’me Jesu a reteleha a mo sheba.—Matheu 26:57-75; Luka 22:54-62; Johanne 18:15-27.

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Petrose a ile a bua leshano?— E, ke hobane o ne a tšohile. Empa ke hobane’ng ha a ne a tšohile? O ile a hlōleha ho etsa’ng hore a be sebete? Ak’u nahane ka sena. Jesu o ile a etsa’ng hore a be sebete?— O ile a rapela Molimo, ’me Molimo o ile a mo thusa hore a be sebete. ’Me u hopole hore Jesu o ne a ile a bolella Petrose ka makhetlo a mararo hore a rapele ’me a lule a falimehile le ho lula a lebetse. Empa ho ile ha etsahala’ng?—

Lekhetlo ka leng Petrose o ile a robala. Ha aa ka a rapela, ’me ha aa ka a lula a lebetse. Kahoo ho tšoaroa ha Jesu ho ile ha mo tsometsa. Hamorao nyeoeng, ha ba otla Jesu le ha ba rera ho mo bolaea, Petrose o ile a tšoha. Leha ho le joalo, lihora li se kae pejana, Jesu o ile a re baapostola ba hae ba lokela ho lebella eng?— Jesu o ile a ba bolella hore feela joalokaha lefatše le ne le mo hloile, le bona le ne le tla ba hloea.

Joale a re ke re nahane ka se ka ’nang sa re hlahela ho tšoana le se ileng sa hlahela Petrose. A re nke hore u ka tlelaseng ’me bana ba bang ba qala ho bua hampe ka batho ba sa lumeliseng folakha kapa ba sa ketekeng Keresemese. Joale ho thoe’ng haeba ngoana e mong a ka retelehela ho uena ’me a u botsa a re: “Na ke ’nete hore ha u lumelise folakha?” Kapa ba bang ba re: “Re utloa ho thoe le Keresemese ha u e keteke!” Na u tla tšaba ho bua ’nete?— Na u tla lekeha hore u bue leshano joaloka Petrose?—

Ka mor’a moo, Petrose o ile a soaba haholo hore ebe o ile a latola hore o tseba Jesu. Ha a hlokomela seo a se entseng, o ile a tsoela ka ntle ’me a lla. E, o ile a khutlela ho Jesu. (Luka 22:32) Joale ak’u nahane ka taba ena. Ke’ng se ka re thusang hore re se ke ra tšoha eaba re bua joaloka Petrose?— Hopola hore Petrose o ile a hlōleha ho rapela le ho lula a lebetse. Kahoo, u ka re ke’ng seo re lokelang ho se etsa hore re be balateli ba Mosuoe e Moholo?—

Ka sebele re lokela ho rapela Jehova hore a re thuse. Ha Jesu a ne a rapela, na ua tseba hore na Molimo o ile a mo etsetsa’ng?— O ile a romela lengeloi hore le mo matlafatse. (Luka 22:43) Na mangeloi a Molimo a ka re thusa?— Bibele e re: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.” (Pesaleme ea 34:7) Empa e le hore Molimo a re thuse, ha rea lokela ho rapela feela. Na ua tseba hore na re lokela ho etsa’ng hape?— Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba lule ba falimehile le hore ba lule ba lebetse. U nahana hore re ka etsa seo joang?—

Re lokela ho mamela ka hloko se boleloang libokeng tsa rōna tsa Bokreste le ho ela hloko seo re se balang Bibeleng. Empa hape re lokela ho rapela Jehova kamehla le ho mo kōpa hore a re thuse ho mo sebeletsa. Haeba re etsa joalo, re tla fumana thuso ea ho hlōla tšabo ea rōna. Joale re tla thaba ha re fumana monyetla oa ho bolella ba bang ka Mosuoe e Moholo le ka Ntate oa hae.

Mangolo ana a ka re thusa hore le ka mohla re se ke ra lumella ho tšaba batho ba bang ho re thibela ho etsa se nepahetseng: Liproverbia 29:25; Jeremia 26:12-15, 20-24; le Johanne 12:42, 43.

[Setšoantšo se leqepheng la 159]

Ke hobane’ng ha Petrose, Jakobo le Johanne ba ne ba lokela ho lula ba falimehile?

[Setšoantšo se leqepheng la 160]

Ke hobane’ng ha Petrose a ne a tšohile hoo a ileng a bua leshano ka taba ea hore o tseba Jesu?

[Setšoantšo se leqepheng la 160]

U ka ’na ua iphumana u le boemong bo tšoanang le ba Petrose joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela