Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 45 maq. 232-237
  • ’Muso oa Molimo ke Eng? Kamoo re ka Bontšang Kateng Hore Rea o Batla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo ke Eng? Kamoo re ka Bontšang Kateng Hore Rea o Batla
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Lebaka Leo re Lokelang ho Rata Jesu ka Lona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 45 maq. 232-237

Khaolo ea 45

’Muso oa Molimo ke Eng? Kamoo re ka Bontšang Kateng Hore Rea o Batla

NA U tseba thapelo eo Jesu a ileng a e ruta balateli ba hae?— Haeba ha u e tsebe, re ka e bala hammoho ka Bibeleng ho Matheu 6:9-13. Thapelo ena, eo ba bangata ba e bitsang Thapelo ea Morena, e akarelletsa mantsoe a reng: “’Muso oa hao o ke o tle.” Na ua tseba hore na ’Muso oa Molimo ke eng?—

E-re ke u hlalosetse, morena ke ’musi oa naha kapa oa sebaka. ’Me puso ea hae e bitsoa ’muso. Linaheng tse ling motho ea okametseng pusong o bitsoa mopresidente. ’Musi oa puso ea Molimo o bitsoa’ng?— O bitsoa Morena. Ke kahoo puso ea Molimo e bitsoang ’Muso.

Na ua tseba hore na Jehova Molimo o khethile mang hore e be Morena pusong ea Hae?— O khethile Mora oa Hae, Jesu Kreste. Ke hobane’ng ha a le molemo ho feta ’musi leha e le ofe eo batho ba ka ’nang ba mo khetha?— Ke hobane Jesu o hlile o rata Ntate oa hae, Jehova. Kahoo o etsa se lokileng kamehla.

Nako e telele pele Jesu a tsoalloa Bethlehema, Bibele e ile ea bolela ka ho tsoaloa ha hae ’me ea re e ne e tla ba ’Musi ea khethiloeng ke Molimo. A re ke re bale ka taba ena ho Esaia 9:6, 7, ho ea ka Bibele—Phetolelo e Ncha. E re: “Rōna re tsoaletsoe Ngoana, rōna re filoe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitsoa . . . Khosana ea Khotso. O tla hōlisa ’muso oa hae, o be le khotso e sa feleng.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha moo ’Musi oa ’Muso oa Molimo a bitsoa “Khosana”?— Khosana ena ke mora oa morena. ’Me Jesu ke Mora oa Morena e Moholo, Jehova. Empa Jehova o boetse o entse hore Jesu e be Morena pusong ea Hae, e tla busa lefatše ka lilemo tse sekete. (Tšenolo 20:6) Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a qala “ho bolela ’me a re: ‘Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.’”—Matheu 4:17.

U nahana hore ke hobane’ng ha Jesu a ile a re ’Muso o atametse?— Ke hobane Morena, eo hamorao a neng a tla busa a le leholimong, o ne a le har’a bona! Ke kahoo Jesu a ileng a re ho batho: “’Muso oa Molimo o har’a lōna.” (Luka 17:21) Na u ne u ke ke ua rata ho ba haufi le Morena oa Jehova hoo u neng u ka ba ua mo tšoara?—

Joale ak’u mpolelle, Jesu o ne a tletse ho tla etsa mosebetsi ofe oa bohlokoa lefatšeng?— Jesu o ile a araba potso eo, a re: ‘Ke lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.’ (Luka 4:43) Jesu o ne a tseba hore o ne a ke ke a etsa mosebetsi oohle oa boboleli a le mong. Joale, u nahana hore o ile a etsa’ng?—

Jesu o ile a tsamaea le batho ba bang ’me a ba bontša tsela ea ho etsa mosebetsi ona oa boboleli. O ile a qala ka ho koetlisa ba 12 bao a ileng a ba khetha hore e be baapostola. (Matheu 10:5, 7) Empa na Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae hore e be bona feela ba etsang mosebetsi oo? Che, Bibele e bontša hore Jesu o ile a boela a koetlisetsa ba bang ba bangata ho bolela. Ka nako e ’ngoe, o ile a roma barutuoa ba bang ba 70 hore ba mo etelle pele ba tsamaea ka bobeli. ’Me ba ne ba ruta batho eng?— Jesu o ile a re: “Le tsoele pele ho ba bolella, ‘’Muso oa Molimo o atametse ho lōna.’” (Luka 10:9) Ka tsela ena batho ba ile ba ithuta ka puso ea Molimo.

Iseraele mehleng ea boholo-holo, marena a macha a ne a kena motseng a kaletse petsana ea tonki ho iponahatsa ho sechaba. Joale sena ke seo Jesu a ileng a se etsa ha a ne a etela Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela. Ha e le hantle, Jesu e ne e il’o ba ’Musi ’Musong oa Molimo. Na batho ba ne ba batla hore e be Morena oa bona?—

Ha a ntse a tsamaea a kaletse petsana, batho ba bangata ba ile ba qala ho ala liaparo tsa bona tsa ka ntle tseleng. Ba bang ba ile ba rema makala a lifate ’me ba a ala tseleng. Ka ho etsa sena ba ne ba bontša hore ba batla hore Jesu e be Morena oa bona. Ba ile ba hooa ba re: “Ho hlohonolofetse Ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova!” Empa batho ba bang ba ne ba sa thaba. Ha e le hantle, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba bile ba re ho Jesu: ‘Bolella barutuoa ba hao hore ba khutse.’—Luka 19:28-40.

Matsatsi a mahlano hamorao Jesu o ile a tšoaroa ’me a isoa ka tlung ea borena ho ea hlaha ka pel’a ’musisi, Ponse Pilato. Lira tsa Jesu li ile tsa re Jesu o ipitsa morena le hore o khahlanong le ’muso oa Roma. Kahoo Pilato o ile a botsa Jesu ka taba ena. Jesu o ile a re o ne a sa leke ho inkela puso. O ile a re ho Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”—Johanne 18:36.

Joale Pilato o ile a tsoela ka ntle ’me a bolella batho hore o fumana Jesu a se na molato. Empa joale batho ba ne ba se ba sa batle hore Jesu e be Morena oa bona. Ba ne ba sa batle hore a lokolloe. (Johanne 18:37-40) Ka mor’a hore Pilato a bue le Jesu hape, o ile a kholiseha hore Jesu ha aa etsa letho le phoso. Kahoo, qetellong, ka mor’a hore a ntšetse Jesu ka ntle ka lekhetlo la ho qetela, Pilato o ile a re: “Bonang! Morena oa lōna!” Empa batho ba ile ba hooa ba re: “Mo tlose! Mo tlose! Mo khokhothele thupeng!”

Pilato o ile a botsa a re: “Ke khokhothele morena oa lōna thupeng?” Baprista ba ka sehloohong ba ile ba araba ba re: “Ha re na morena haese Cesare.” Ak’u nahane feela! Baprista bao ba khopo ba ne ba khonne ho etsa hore batho ba fetohele Jesu!—Johanne 19:1-16.

Kajeno boemo bo tšoana hantle le ba nakong eo. Batho ba bangata ha ba hlile ha ba batle hore Jesu e be Morena oa bona. Ba ka ’na ba re ba lumela ho Molimo, empa ha ba batle hore Molimo kapa Kreste a ba bolelle seo ba lokelang ho se etsa. Ba batla ho ba le mebuso ea bona hona mona lefatšeng.

Ho thoe’ng ka rōna? Ha re ithuta ka ’Muso oa Molimo le ka lintho tsohle tse babatsehang tseo o tla li etsa, seo se etsa hore re ikutloe joang ka Molimo?— Akere se etsa hore re mo rate?— Joale re ka bontša Molimo joang hore rea mo rata le hore re batla ho busoa ke ’Muso oa hae?—

Re ka bontša Molimo kamoo re ikutloang kateng ka ho latela mohlala oa Jesu. ’Me Jesu o ile a etsa’ng ho bontša hore o rata Jehova?— Jesu o ile a hlalosa a re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Johanne 8:29) E, Jesu o ne a tletse ho tla ‘etsa thato ea Molimo’ lefatšeng le ho ‘qeta mosebetsi oa hae.’ (Baheberu 10:7; Johanne 4:34) Nahana ka seo Jesu a ileng a se etsa pele a qala mosebetsi oa hae oa boboleli.

Jesu o ile a theohela ho Johanne Mokolobetsi Nōkeng ea Jordane. Ha ba se ba kene ka metsing, Johanne o ile a qoelisa Jesu ka ho feletseng ka metsing ’me a boela a mo phahamisa. Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Johanne a ile a kolobetsa Jesu?—

Jesu o ne a kōpile Johanne hore a mo kolobetse. Empa re tseba joang hore Molimo o ne a batla hore Jesu a kolobetsoe?— Rea tseba hobane ha Jesu a tsoa ka metsing, o ile a utloa lentsoe la Molimo le tsoa leholimong le re: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.” Molimo o ile a ba a theolela moea oa hae o halalelang ho Jesu o le ka sebōpeho sa leeba. Kahoo ka ho kolobetsoa, Jesu o ile a bontša hore o batla ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba hae, ha e le hantle, ka ho sa feleng.—Mareka 1:9-11.

Hona joale u sa le ngoana. Empa u tla etsa’ng ha u se u hōlile?— Na u tla etsisa Jesu ’me le uena u kolobetsoe?— U lokela ho mo etsisa, kaha Bibele e re o u sietse ‘mohlala hore u latele mehato ea hae haufi-ufi.’ (1 Petrose 2:21) Ha u kolobetsoa, u tla be u bontša hore u hlile u batla ho busoa ke ’Muso oa Molimo. Empa ho kolobetsoa feela ha hoa lekana.

Re lokela ho etsa lintho tsohle tseo Jesu a li rutileng. Jesu o itse ha rea lokela ho ba “karolo ea lefatše.” Na re tla be re mo mamela haeba re kopanela linthong tsa lefatše lee? Jesu le baapostola ba hae ba ile ba qoba lintho tse joalo. (Johanne 17:14) Ho e-na le hoo ba ile ba etsa’ng?— Ba ile ba bua le batho ba bang ka ’Muso oa Molimo. Oo e ne e le mosebetsi o ka sehloohong bophelong ba bona. Na le rōna re ka etsa mosebetsi o tšoanang?— E, re ka o etsa haeba re hlile re tiile ha re rapela hore ’Muso oa Molimo o tle.

Ke kōpa u shebe mangolo ana a mang a re bolellang seo re ka se etsang ho bontša hore re batla hore ’Muso oa Molimo o tle: Matheu 6:24-33; 24:14; 1 Johanne 2:15-17; le 5:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 232, 233]

Jesu o ne a tletse ho tla etsa mosebetsi ofe lefatšeng?

[Litšoantšo tse leqepheng la 235]

Ke hobane’ng ha batho ba ile ba fetola maikutlo a bona tabeng ea hore Jesu e be Morena oa bona?

[Setšoantšo se leqepheng la 236]

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a kolobetsoa, hona Molimo o ile a bontša joang hore o amohela seo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 237]

Re ka bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo ha re le hokae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela