Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gl maq. 16-17
  • Iseraele Mehleng ea Davida le Solomone

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Iseraele Mehleng ea Davida le Solomone
  • ‘Bona Naha e Ntle’
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ha Jehova a ne a Hlahisa Baahloli’
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Naha E Tšepisitsoeng
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Iseraele Sebakeng se e Potolohileng
    ‘Bona Naha e Ntle’
  • Jesu “Naheng ea Bajuda”
    ‘Bona Naha e Ntle’
Bala Tse Ling
‘Bona Naha e Ntle’
gl maq. 16-17

Iseraele Mehleng ea Davida le Solomone

MOLIMO o ile a tšepisa hore o tla fa peō ea Abrame naha ‘e tlohang nōkeng ea Egepeta ho ea nōkeng ea Eufrate.’ (Ge 15:18; Ex 23:31; De 1:7, 8; 11:24) Ka mor’a hore Joshua a kene Kanana, ho ile ha feta lilemo tse ka bang makholo a mane pele meeli ea Naha e Tšepisitsoeng e fihla moo.

Morena Davida o ile a hlōla ’muso oa Baarame oa Zoba, o neng o namme ho ea fihla Eufrate ka leboea ho Syria.a Ka nģ’a boroa, tlhōlo ea Davida khahlanong le Bafilista e ile ea etsa hore sebaka seo a se busang se fihle moeling oa Egepeta.—2Sa 8:3; 1Likr 18:1-3; 20:4-8; 2Likr 9:26.

Meeli
Davida le Solomone

Joale Solomone a busa “ho tloha Nōkeng [ea Eufrate] ho ea naheng ea Bafilista le ho ea moeling oa Egepeta,” e leng ho neng ho tšoantšetsa puso ea Mesia ea khotso. (1Ma 4:21-25; 8:65; 1Likr 13:5; Pes 72:8; Zak 9:10) Leha ho le joalo, ka tloaelo ho ne ho thoe sebaka seo Baiseraele ba neng ba lula ho sona se namme “ho tloha Dane ho ea Beerseba.”—2Sa 3:10; 2Likr 30:5.

Morena Solomone ha aa ka a mamela Molimo ’me a ipokella lipere le likoloi tsa ntoa. (De 17:16; 2Likr 9:25) A li tsamaisa litseleng tse nyenyane le tse khōlō. (Jos 2:22; 1Ma 11:29; Esa 7:3; Mat 8:28) Re na le boitsebiso bo qaqileng ba litsela tse ’maloa feela, joaloka “tsela e khōlō e nyolohang Bethele ho ea Shikeme le ka nģ’a boroa ho Lebona.”—Bhl 5:6; 21:19.

Buka ea The Roads and Highways of Ancient Israel e re: “Bothata bo totobetseng ka ho fetisisa ba ho batlisisa marang-rang a litsela tsa Iseraele ea boholo-holo ke hore ha ho na le moneketsela oa litsela tsa naha ena ho tloha nakong ea Testamente ea Khale, hobane litsela li ne li sa katoe [mehleng eo].” Leha ho le joalo, sebōpeho sa naha le mesaletsa ea metse e bontša moo litsela tse ngata li neng li le teng.

Hangata litsela li ne li laola metsamao ea masole. (1Sa 13:17, 18; 2Ma 3:5-8) E le hore ba ka hlasela Baiseraele, Bafilista ba ile ba tsamaea ho tloha Ekrone le Gathe ho ea sebakeng se “pakeng tsa Soko le Azeka.” Lebotho la Saule le ile la khahlana le bona “khohlong ea Ela.” Ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, Bafilista ba ile ba balehela Gathe le Ekrone, ’me Davida a nyolohela Jerusalema.—1Sa 17:1-54.

Lakishe (D10), Azeka (D9), le Bethe-shemeshe (D9) li ne li le litseleng tsa tlhaho tse pholletsang le Shefela le tse fetelang maralleng a Judea. Kahoo metse ena e ne e le ea bohlokoa tabeng ea ho thibela lira tse tsamaeang ka Via Maris hore li se ke tsa kena khubung ea naha ea Iseraele.—1Sa 6:9, 12; 2Ma 18:13-17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Naha ea Barubene e ne e fella Lefeelleng la Syria, ’me ka bochabela e ne e le Eufrate.—1Likr 5:9, 10.

[Lebokose leqepheng la 16]

LIBUKA TSA BIBELE TSE NGOTSOENG HO TLOHA NAKONG ENA:

1 le 2 Samuele

Lipesaleme (karolo e itseng)

Liproverbia (karolo e itseng)

Sefela sa Lifela

Moeklesia

[Limmapa leqepheng la 17]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

Naha Le Litsela Nakong Ea ’Muso O Kopaneng

Meeli (nakong ea Solomone)

Tifsa

Hamathe

Tadmore

Berothai (Kune?)

Sidone

Damaseka

Tyre

Dane

Jerusalema

Gaza

Aroere

Beerseba

Tamare

Ezione-gebere

Elathe (Elothe)

[Linōka le melapo]

Eufrate

P.M.P. ea Egepeta

Davida le Solomone (litsela)

B10 Gaza

C8 Jopa

C9 Ashdode

C10 Ashkelone

C11 Ziklage

C12 LEFELLA LA PARANE

D5 Dore

D6 Hefere

D8 Afeke

D8 Rama

D9 Shalbime

D9 Gezere

D9 Makaze

D9 Ekrone

D9 Bethe-shemeshe

D9 Gathe

D9 Azeka

D10 Soko

D10 Adulame

D10 Keila

D10 Lakishe

D11 Jatire

D12 Beerseba

E2 Tyre

E4 Kabule

E5 Jokneame (Jokmeame?)

E5 Megido

E6 Tanake

E6 Arubothe

E7 Pirathone

E8 Lebona

E8 Zarthane

E8 Bethele

E9 Bethe-horone e ka Tlaase

E9 Bethe-horone e ka Holimo

E9 Geba

E9 Gibeone

E9 Gibea

E9 Kiriathe-jearime

E9 Nobe

E9 Baale-perazime

E9 Jerusalema

E9 Bethlehema

E10 Tekooa

E10 Hebrone

E11 Zife

E11 Horeshe?

E11 Karmele

E11 Maone

E11 Eshtemooa

F5 Ene-dore

F5 Shuneme

F5 Jezriele

F6 Bethe-sheane

F7 Tirza

F7 Shikeme

F8 Zereda

F8 Shilo

F8 Ofra?

F9 Jeriko

F11 Ene-gedi

G2 Abele-bethe-maaka

G2 Dane

G3 Hazore

G3 MAAKA

G5 Lo-debare (Debire)

G5 Roglime

G6 Abele-mehola

G7 Sukothe

G7 Mahanaime

H1 SYRIA

H4 GESHURE

H6 Ramothe-gileade

H8 Raba

H9 Medeba

H11 Aroere

H12 MOABE

I4 Helame?

I9 AMMONE

Litsela Tse Khōlō

C10 Via Maris

H6 Tsela ea Morena

[Lithaba]

F5 Thaba ea Gilboa

[Moo ho Nang le Metsi]

C8 Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)

F10 Leoatle la Letsoai (Leoatle le Shoeleng)

G4 Leoatle la Galilea

[Seliba]

E9 Ene-rogele

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Ka ho le letona: Khohlo ea Ela, ha u talima nģa bochabela maralleng a Juda

Ka tlaase: Marang-rang a litsela a ne a etsa hore ho be bonolo ho tsamaea Naheng e Tšepisitsoeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela