Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kp maq. 12-15
  • “Hora ea ho Ahlola” e Fihlile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hora ea ho Ahlola” e Fihlile
  • Le Lule le Lebetse!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolumeli ba Bohata—Timetso ea Bona e Tšosang e Bonoa Esale Pele
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Motse o Moholo oa Ripitloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Babilona e Moholo ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Babylona e Moholo—O Oele ’me o Ahlotsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Le Lule le Lebetse!
kp maq. 12-15

“Hora ea ho Ahlola” e Fihlile

TŠENOLO, buka ea ho qetela ea Bibele, e re hlokomelisa ’nete ea hore lengeloi le fofang sebakeng le na le “litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang.” Le re ka lentsoe le phahameng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile.” (Tšenolo 14:6, 7) ‘Hora eo ea ho ahlola’ e kopanyelletsa ho phatlalatsoa le ho phethahatsoa ha kahlolo ea Molimo. “Hora” ke nako e batlang e le khutšoanyane. Ho lihuoa ha kahlolo ho fihla e le sehlohlolo sa ‘matsatsi a ho qetela’ ao hona joale re phelang ho ’ona.—2 Timothea 3:1.

“Hora ea ho ahlola” ke litaba tse molemo ho ba ratang ho loka. Ke nako eo ka eona Molimo a tla tlisa phomolo ho bahlanka ba hae ba ’nileng ba utloisoa bohloko ke tsamaiso ena ea lintho e tletseng pefo, le e se nang lerato.

Hona joale, pele “hora ea ho ahlola” e qetella ka timetso ea tsamaiso ea hona joale ea lintho, re eletsoa hore: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise.” Na u etsa joalo? Sena se feta hōle ho re feela, “Ke lumela ho Molimo.” (Matheu 7:21-23; Jakobo 2:19, 20) Ho tšaba Molimo ka ho loketseng ho lokela ho re susumelletsa hore re mo hlomphe. Ho lokela ho re etsa hore re furalle bobe. (Liproverbia 8:13) Ho lokela ho re thusa hore re rate se molemo le ho hloea se sebe. (Amose 5:14, 15) Haeba re hlompha Molimo, re tla mo mamela ka tlhompho e khōlō. Re ke ke ra tšoareha haholo ka lintho tse ling hoo re sitoang ho bala Lentsoe la hae, Bibele, kamehla. Re tla mo tšepa ka linako tsohle le ka lipelo tsohle tsa rōna. (Pesaleme ea 62:8; Liproverbia 3:5, 6) Ba mo hlomphang e le kannete baa hlokomela hore joaloka ’Mōpi oa leholimo le lefatše, ke ’Musi oa Bokahohle, ’me ka lerato ba ikokobelletsa eena e le ’Musi oa bophelo ba bona. Haeba rea lemoha hore re lokela ho ela lintho tsena hloko haholoanyane, a re etseng joalo hang-hang.

Nako ea phethahatso ea kahlolo eo lengeloi le buileng ka eona e boetse e tsejoa e le “letsatsi la Jehova.” “Letsatsi” le joalo le ile la tlela Jerusalema ea boholo-holo ka 607 B.C.E. kahobane baahi ba eona ba sa ka ba ela hloko litemoso tsa Jehova ka baprofeta ba hae. Kaha ba ne ba nahana hore letsatsi la Jehova le hōle, ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho eketsehileng. Jehova o ne a ba lemositse a re: “Le haufi, ’me le potlakile haholo.” (Sofonia 1:14) ‘Letsatsi le leng la Jehova’ le ile la tlela Babylona ea boholo-holo ka 539 B.C.E. (Esaia 13:1, 6) Kaha Bababylona ba ne ba tšepile liqhobosheane tsa bona le melimo ea bona, ba ile ba hlokomoloha litemoso tse neng li fanoa ke baprofeta ba Jehova. Empa ka bosiu bo le bong, Babylona e khōlō e ile ea haptjoa ke Bamede le Bapersia.

Re tobane le eng kajeno? Re tobane le ‘letsatsi le leng la Jehova’ le bileng le nang le liphello tse tebileng haholoanyane. (2 Petrose 3:11-14) Kahlolo ea Molimo ho “Babylona e Moholo” e se e phatlalalitsoe. Ho latela Tšenolo 14:8, lengeloi le re: “Babylona e Moholo o oele.” Sena se se se etsahetse. A ke ke a hlola a thibela barapeli ba Jehova. Bobolu ba hae le ho kenella ha hae lintoeng ho ’nile ha pepesoa haholo. Hona joale timetso ea hae ea ho qetela e haufi. Ka lebaka leo, Bibele e eletsa batho hohle e re: “Tsoang ho eena [Babylona e Moholo] . . . haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae. Etsoe libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.”—Tšenolo 18:4, 5.

Babylona e Moholo ke eng? Ke tsamaiso ea lefatše lohle ea bolumeli e nang le lintho tseo e tšoanang ka tsona le Babylona ea boholo-holo. (Tšenolo, khaolo ea 17 le ea 18) Nahana ka tse ling tsa tsona:

• Baprista ba Babylona ea boholo-holo ba ne ba ikakhetse ka setotsoana litabeng tsa lipolotiki tsa sechaba. Ho joalo le ka malumeli a mangata kajeno.

• Hangata baprista ba Babylona ba ne ba hlohlelletsa lintoa tsa sechaba. Hangata bolumeli ba kajeno bo ’nile ba itlhoma pele ho hlohonolofatseng masole ha lichaba li leba ntoeng.

• Lithuto le mekhoa ea Babylona ea boholo-holo li ile tsa etsa hore sechaba se etse boitšoaro bo bobe bo nyonyehang. Ha baeta-pele ba bolumeli kajeno ba qhelela molao oa Bibele oa boitšoaro ka thōko, boitšoaro bo bobe bo ja setsi har’a baruti le batho ba kenang kereke. Hape ke habohlokoa ho tseba hore kahobane Babylona e Moholo e etsa botekatse le lefatše le litsamaiso tsa lona tsa lipolotiki, Tšenolo e e tšoantša le seotsoa.

• Hape Bibele e re Babylona e Moholo e phela “ka menono ea ho se hlajoe ke lihlong.” Babylona ea boholo-holo, tempele e ne e e-na le sebaka se seholo, ’me baprista ba ne ba hlaheletse ka mahetla khoebong. Kajeno, ho phaella ho libaka tsa borapeli, Babylona e Moholo e na le khoebo e khōlō le libaka tse khōlō. Lithuto tsa eona le matsatsi a eona a phomolo lia e ruisa li bile li ruisa ba bang ba nang le khoebo.

• Tšebeliso ea litšoantšo, boselamose le boloi e ne e tloaelehile Babylona ea boholo-holo, joalokaha e tloaelehile libakeng tse ngata kajeno. Lefu le ne le nkoa e le mokhoa oa ho fetela bophelong bo bong. Babylona e ne e tletse litempele le matlo a thapelo a tlotlisang melimo ea eona, empa Bababylona ba ne ba hanyetsa barapeli ba Jehova. Litumelo tsona tseo le mekhoa eona eo li khetholla Babylona e Moholo.

Mehleng ea boholo-holo, Jehova o ile a susumetsa lichaba tse matla lipolotiking le tse nang le sesole se matla hore li otle ba neng ba tsoela pele ba sa mo hlomphe ba bile ba sa hlomphe thato ea hae. Kahoo, Samaria e ile ea felisoa ke Baassyria ka 740 B.C.E. Jerusalema e ile ea senngoa ke Bababylona ka 607 B.C.E. le ke Baroma ka 70 C.E. Babylona eona e ile ea haptjoa ke Bamede le Bapersia ka 539 B.C.E. Mehleng ea rōna, Bibele e bolela esale pele hore mebuso ea lipolotiki, joaloka sebata, e tla hlasela “seotsoa” ’me e se hlobolise, e pepese seo se hlileng se leng sona. E tla se felisa ka ho feletseng.—Tšenolo 17:16.

Na mebuso ea lefatše e tla hle e etse ntho e joalo? Bibele e bolela hore ‘Molimo o tla kenya seo ka lipelong tsa eona.’ (Tšenolo 17:17) E tla ba ntho ea tšohanyetso, ea lesumatha, e tšosang, e ke ke ea e-ba ntho e lebeletsoeng kapa e etsahalang butle-butle.

Ho hlokahala hore u nke khato efe? Ipotse: ‘Na ke sa ntse ke khomaretse mokhatlo oa bolumeli o silafalitsoeng ke lithuto le mekhoa e o khethollang e le karolo ea Babylona e Moholo?’ Esita le haeba ha u setho sa oona, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na ke lumeletse moea oa oona hore o ntšusumetse?’ Moea ofe? Moea oa ho amohela boitšoaro bo hlephileng, oa ho rata lintho tse bonahalang le menyaka ho e-na le ho rata Molimo, kapa oa ho se hlomphe Lentsoe la Jehova ka boomo (esita le linthong tse bonahalang li le nyenyane). Nahana karabo ea hao ka hloko.

E le hore re amoheloe ke Jehova, ke habohlokoa hore ka liketso tsa rōna le ka litakatso tsa lipelo tsa rōna, re fane ka bopaki ba hore ka sebele ha re karolo ea Babylona e Moholo. Sebaka se lekane motinyane. Ha Bibele e re lemosa hore bofelo bo tla tla ka tšohanyetso, e re: “Ka ho akheloa ka sekhahla Babylona motse o moholo o tla liheloa tlaase ka tsela eo, ’me le ka mohla a ke ke a fumanoa hape.”—Tšenolo 18:21.

Empa ho tla etsahala lintho tse ling hape. Tšobotsing e ’ngoe ea ‘hora eo ea ho ahlola,’ Jehova Molimo o tla ahlola tsamaiso ea lefatše lohle ea lipolotiki, babusi ba eona le bohle ba hlokomolohang bobusi ba hae bo loketseng boo a bo bonahatsang ka ’Muso oa hae oa leholimo o matsohong a Jesu Kreste. (Tšenolo 13:1, 2; 19:19-21) Pono ea boprofeta e tlalehiloeng ho Daniele 2:20-45 e tšoantša mebuso ea lipolotiki ho tloha nakong ea Babylona ea boholo-holo ho fihlela nakong ea joale le setšoantšo sa setonanahali se entsoeng ka khauta, silevera, koporo, tšepe le letsopa. Mabapi le mehla ea rōna, boprofeta boo bo ile ba re esale pele: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla.” ’Me ha Bibele e bua ka seo e leng hona ’Muso oo o tla se etsa nakong ea ‘hora ea Jehova ea ho ahlola,’ e re: “O tla silakanya o felise mebuso ena [ea batho] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

Bibele e lemosa barapeli ba ’nete hore ba se ke ba rata “lintho tse lefatšeng”—mokhoa oa bophelo o buelloang ke lefatše le ikarotseng ho Molimo oa ’nete. (1 Johanne 2:15-17) Na liqeto tsa hao le liketso tsa hao li bontša hore u tšehetsa ’Muso oa Molimo ka hohle-hohle? Na ruri u o beha sebakeng sa pele bophelong ba hao?—Matheu 6:33; Johanne 17:16, 17.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Bofelo bo Tla Tla Neng?

“Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.”—Matheu 24:44.

“Le lule le lebetse . . . hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”—Matheu 25:13.

“E ke ke ea siuoa ke nako.”—Habakuke 2:3.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Na ho ne ho Tla Etsa Phapang Haeba U ne U Tseba?

Haeba u ne u tseba hantle hore ho tla feta lilemo tse ’maloa pele kahlolo ea Molimo e tlang e phethahatsoa, na seo se ne se tla fetola tsela eo u phelang ka eona? Haeba bofelo ba tsamaiso ee ea khale ha boa tla kapele kamoo u neng u lebeletse kateng, na u lumeletse see hore se etse hore u khoehlise tšebeletsong ea Jehova?—Baheberu 10:36-38.

Ho se tsebe ha rōna nako e tobileng ho re fa monyetla oa ho bontša hore re sebeletsa Molimo ka sepheo se setle. Ba tsebang Jehova baa tseba hore ho cheseha ka motsotso oa ho qetela ho ke ke ha khahla Molimo, ea bonang seo pelo e leng sona.—Jeremia 17:10; Baheberu 4:13.

Ho ba ratang Jehova e le kannete, ke eena ea tlang pele ka linako tsohle. Bakreste ba ’nete ba ka ’na ba etsa mosebetsi oa boipheliso joaloka batho ba bang. Leha ho le joalo, pakane ea bona hase ho rua, empa ke ho ba le lintho tse bonahalang tse lekaneng esita le ho ba le seo ba tla se fa ba bang. (Baefese 4:28; 1 Timothea 6:7-12) Hape ba thabela boithabiso bo botle ’me ba thabela le hore ka nakoana ba fetole tsela eo ba tloaetseng ho etsa lintho ka eona, empa takatso ea bona ke hore ba khatholohe, eseng feela ho etsa seo bohle ba se etsang. (Mareka 6:31; Baroma 12:2) Joaloka Jesu Kreste, ba thabela ho etsa thato ea Molimo.—Pesaleme ea 37:4; 40:8.

Bakreste ba ’nete ba batla ho phela ka ho sa feleng le ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. Bohlokoa ba tšepo eo ha bo fokotsoe ke hore ba lokela ho letela litlhohonolofatso tse ling haleletsana ho feta kamoo ba bang ba neng ba lebeletse.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tseko ea Bobusi

E le hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola a makana, ho hlokahala hore re ele hloko tseko ea bobusi. Bobusi ke eng? Ke bolaoli bo phahameng ka ho fetisisa.

Kahobane Jehova ke ’Mōpi, o na le tokelo ea ho busa lefatše le bohle ba phelang ho lona. Leha ho le joalo, Bibele e hlalosa hore qalong ea histori ea batho, ho ile ha belaeloa ka bobusi ba Jehova. Satane Diabolose o ile a bolela hore Jehova o ne a khina batho ka ho sa hlokahaleng, hore O ne a thetsitse batsoali ba rōna ba pele ka se neng se tla etsahala haeba ba ne ba ka tlōla molao oa Molimo ’me ba etsa lintho kamoo ba ratang kateng, le hore ha e le hantle ho ne ho tla ba molemo haeba ba ne ba ipusa ntle ho tataiso ea Molimo.—Genese, khaolo ea 2 le 3.

Haeba Molimo a ne a ile a bolaea marabele ao hang-hang, seo se ka be se bonahalitse matla a hae, empa se ka be se sa rarolla tseko e entsoeng. Ho e-na le ho bolaea marabele hang-hang, Jehova o file mangeloi le batho monyetla oa ho bona phello ea borabele. Le hoja sena se ile sa kenyelletsa ho utloa bohloko, se boetse se re file monyetla oa hore re tsoaloe.

Ho feta moo, ka tahlehelo e khōlō, Jehova ka lerato o ile a etsa tokisetso ea hore batho ba neng ba tla mo mamela le ho bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Mora oa hae ba ka lokolloa sebeng le liphellong tsa sona ’me ba phela Paradeiseng. Haeba ho hlokahala, sena se ne se ka etsahala ka tsoho ea bafu.

Ho fana ka nako ea ho rarolla tseko ho boetse ho file bahlanka ba Molimo monyetla oa ho bontša hore ba khona ho ananela lerato la Molimo le ho paka botšepehi ba bona ho Jehova tlas’a maemo ’ohle. Ho rarolla tseko ea bobusi ba Molimo, hammoho le tseko e amanang le eona ea botšepehi ba batho, ho bohlokoa e le hore melao e teng bokahohleng e hlomphuoe ka ho loketseng. Ha e sa hlomphuoe, ha ho mohla ho tla ba le khotso ea ’nete.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tseko ena hammoho le seo e hlileng e se bolelang e tšohloa ka ho qaqileng haholoanyane bukeng ea Atamela ho Jehova, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo]

Tsamaiso ea lefatše lohle ea puso ea lipolotiki e tla fela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela