Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kp maq. 24-27
  • “E le Hore le se ke la Kena Molekong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “E le Hore le se ke la Kena Molekong”
  • Le Lule le Lebetse!
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Teko ea ho Etsa Eng?
  • “Le Rapele le sa Khaotse”
  • U se ke Ua Lebella Lintho Tse ke Keng Tsa Etsahala
  • Hopola Tseko
  • “Atamelang ho Molimo”
  • Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?
    Tsoha!—2014
  • “Ke Jehova Molimo oa Hao eo u Lokelang ho mo Rapela”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Liteko le ho Nyahama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Le Lule le Lebetse!
kp maq. 24-27

“E le Hore le se ke la Kena Molekong”

“Lulang le lebetse ’me le rapele le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong.”—MATHEU 26:41.

JESU KRESTE, Mora oa Molimo, o ne a thatafaletsoe—ho ne ho se mohla a kileng a thatafalloa joalo. O ne a le haufi le ho shoa e le motho mona lefatšeng. Jesu o ile a lemoha hore haufinyane o ne a tla tšoaroa, a ahloleloe lefu a be a khokhotheloe thupeng ea tlhokofatso. O ne a tseba hore liqeto tsohle tseo a li etsang le liketso tsohle tsa hae li ne li tla ama lebitso la Ntate oa hae. Hape Jesu o ne a tseba hore monyetla oa batho oa ho phela nakong e tlang o ne o itšetlehile ka se neng se tla etsahala. Ha a le bothateng boo bo boholo, o ile a etsa’ng?

2 Jesu o ile a ea serapeng sa Gethesemane le barutuoa ba hae. Ke sebaka seo Jesu a neng a atisa ho ea ho sona. Ha a le moo, o ile a tloha ho barutuoa ba hae a ea sebakana. Ha a le mong, o ile a kōpa matla ho Ntate oa hae oa leholimo, a mo phetlela sefuba ha a rapela a tebisitse maikutlo—eseng hanngoe feela empa hararo. Le hoja Jesu a ne a phethahetse, ha aa ka a nka hore o ne a ka khona ho jara bothata boo a neng a le ho bona ka matla a hae.—Matheu 26:36-44.

3 Kajeno, le rōna re thatafaletsoe. Qalong ea bukana ena, re ile ra tšohla bopaki ba hore re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena e khopo. Liteko le likhatello tsa lefatše la Satane li ntse li ipha matla. Liqeto le liketso tsa e mong le e mong oa rōna ea ipolelang hore o sebeletsa Molimo oa ’nete li ama lebitso la Hae ’me menyetla ea rōna re le batho ka bomong ea ho phela lefatšeng la Hae le lecha e itšetlehile haholo ka tsona. Re rata Jehova. Re batla ho ‘mamella ho isa bofelong’—bofelong ba bophelo ba rōna kapa bofelong ba tsamaiso ena, ho itšetlehile ka hore na ho tla hofe pele. (Matheu 24:13) Empa re ka etsa joang hore re lule re ntse re lemoha hore metsotso e jele babeli ’me re lule re lebetse?

4 Kaha Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae—morao koo esita le kajeno—le bona ba ne ba tla thatafalloa, o ile a ba eletsa a re: “Lulang le lebetse ’me le rapele le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong.” (Matheu 26:41) Mantsoe aa a bolela’ng ho rōna kajeno? U tobane le teko efe? Hona u ka ‘lula u lebetse’ joang?

Teko ea ho Etsa Eng?

5 Letsatsi le letsatsi, kaofela ha rōna re tobana le teko ea hore re inehele “lerabeng la Diabolose.” (2 Timothea 2:26) Bibele e re lemosa hore Satane o korotse barapeli ba Jehova ka ho khetheha. (1 Petrose 5:8; Tšenolo 12:12, 17) Ka sepheo sefe? Hase hakaalo ka sepheo sa ho re bolaea. Satane a ke ke a ikotla sefuba haeba re shoa re tšepahala ho Molimo. Satane oa tseba hore ka nako ea Hae e loketseng, Jehova o tla etsa lefu lefeela ka tsoho.—Luka 20:37, 38.

6 Satane o batla ho senya ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta bophelo ba rōna ba hona joale—e leng botšepehi ba rōna ho Molimo. Satane o etsa sohle se matleng a hae ho paka hore a ka etsa hore re khaotse ho rapela Jehova. Kahoo, haeba re ka susumetsoa hore re se tšepahale—re khaotse ho bolela litaba tse molemo kapa re furalle melao-motheo ea Bokreste—joale Satane o ne a tla ikotla sefuba! (Baefese 6:11-13) Kahoo, “Moleki” o beha liteko ka pel’a rōna.—Matheu 4:3.

7 Satane o sebelisa “maqiti a thetsang” a fapa-fapaneng. (Baefese 6:11, Jewish New Testament) A ka ’na a re leka ka lerato la lintho tse bonahalang, tšabo, lipelaelo kapa ho lelekisa menyaka. Empa o mong oa mekhoa ea hae e atlehang haholo ke ho nyahama. Kaha ke ramenyetla ea bolotsana, oa tseba hore ho felloa ke tšepo ho ka re fokolisa, ha etsa hore re hlaselehe habonolo. (Liproverbia 24:10) Kahoo, haholo-holo ha re ‘sithabetse’ maikutlong, o re hlahisetsa teko ea hore re tele.—Pesaleme ea 38:8.

8 Ha re ntse re kenella haholoanyane matsatsing a ho qetela, ho bonahala lintho tse nyahamisang batho li eketseha, ’me le rōna lia re ama. (Bona lebokose le reng “Lintho Tse Ling Tse Bakang ho Nyahama.”) Ho sa tsotellehe hore na ho bakoa ke eng, ho nyahama ho ka re qeta matla. ‘Ho ithekela nako e loketseng’ bakeng sa ho etsa lintho tsa moea tseo re tlamehileng ho li etsa—tse akarelletsang ho ithuta Bibele, ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho kopanela tšebeletsong—ho ka ba thata haeba u khathetse ’meleng, kelellong le maikutlong. (Baefese 5:15, 16) U hopole hore Moleki o batla hore u panolle. Empa ena hase nako ea ho khoehlisa kapa ho lebala hore linakong tseo re phelang ho tsona metsotso e se e jele babeli! (Luka 21:34-36) U ka etsa joang hore u hlōle teko ’me u lule u lebetse? Nahana ka litlhahiso tse ’nè tse ka thusang.

“Le Rapele le sa Khaotse”

9 Itšetlehe ka Jehova ka thapelo. Hopola mohlala oa Jesu serapeng sa Gethesemane. Ha a ne a imetsoe haholo maikutlong, o ile a etsa’ng? O ile a kōpa thuso ho Jehova, a rapela a tebisitse maikutlo hoo ‘mofufutso oa hae o ileng oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.’ (Luka 22:44) Ak’u nahane ka seo. Jesu o ne a tseba Satane hantle. Ha Jesu a le leholimong o ne a ile a bona liteko tsohle tseo Satane a li sebelisang ha a leka ho tšoasa bahlanka ba Molimo. Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a nka hore o ne a ka khona habobebe feela ho tobana le eng kapa eng eo Moleki a neng a ka mo leka ka eona. Haeba Mora ea phethahetseng oa Molimo o ile a bona ho hlokahala hore a rapelle thuso ea Molimo le matla a hae, hakaakang ka rōna!—1 Petrose 2:21.

10 Hopola hape hore ka mor’a hore Jesu a eletse barutuoa ba hae hore ba ‘rapele ba sa khaotse,’ o ile a re: “Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.” (Matheu 26:41) Jesu o ne a bua ka nama ea mang? Ho hlakile hore o ne a sa bue ka nama ea hae; nakong ea ha e ne e le motho ho ne ho se letho le fokolang nameng ea hae e phethahetseng. (1 Petrose 2:22) Empa ho ne ho se joalo ho barutuoa ba hae. Ka lebaka la ho se phethahale hoo ba ho futsitseng le ho sekamela boetsalibeng, ka ho khetheha ba ne ba tla hloka thuso hore ba hlōle teko. (Baroma 7:21-24) Ke ka lebaka leo a ileng a ba eletsa—hammoho le Bakreste bohle ba ’nete ho tloha nakong ea bona—hore ba rapelle thuso ea hore ba se ke ba hlōloa ke teko. (Matheu 6:13) Jehova o araba lithapelo tse joalo. (Pesaleme ea 65:2) Joang? Bonyane ka litsela tse peli.

11 Tsela ea pele ke hore Molimo o re thusa ho lemoha liteko. Liteko tsa Satane li tšoana le maraba a qhalakantsoeng tseleng e lefifi. Haeba u sa a bone, a ka ’na a u tšoasa. Ka Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, Jehova o khantša maraba a Satane hore a bonahale, ’me o re nolofalletsa ho qoba ho hlōloa ke teko. Ka lilemo tse ngata, nako le nako lingoliloeng le mananeo a likopano tse khōlō le tse nyenyane li ’nile tsa re lemosa ka likotsi tse kang ho tšaba batho, boitšoaro bo bobe, lerato la lintho tse bonahalang le liteko tse ling tsa Satane. (Liproverbia 29:25; 1 Bakorinthe 10:8-11; 1 Timothea 6:9, 10) Na ha u lebohe Jehova hore ebe o re lemositse maqiti a Satane? (2 Bakorinthe 2:11) Litemoso tse joalo kaofela ke karabo ea lithapelo tsa hao ha u kōpa thuso hore u hlōle teko.

12 Tsela ea bobeli ke hore Jehova o araba lithapelo tsa rōna ka ho re fa matla a ho mamella teko. Lentsoe la hae le re: “Molimo . . . a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa.” (1 Bakorinthe 10:13) Le ka mohla Molimo a ke ke a lumella hore teko e be matla hoo re tlang ho haelloa ke matla a moea a ho e hlōla—hafeela re tsoela pele ho itšetleha ka eena. O ‘re bulela tsela ea ho tsoa’ joang? O ‘fana ka moea o halalelang ho ba mo kōpang.’ (Luka 11:13) Moea oo o ka re thusa ho hopola melao-motheo ea Bibele e ka etsang hore re tsoele pele re ikemiselitse ho etsa se nepahetseng ’me oa re thusa ho etsa liqeto tse bohlale. (Johanne 14:26; Jakobo 1:5, 6) O ka re thusa hore re bontše litšoaneleho tseo re hlileng re li hlokang e le hore re hlōle mekhoa e fosahetseng. (Bagalata 5:22, 23) Moea oa Molimo o ka ba oa susumetsa balumeli-’moho le rōna hore e be ‘thuso e matlafatsang ho rōna.’ (Bakolose 4:11) Na ha u lebohe hore ebe Jehova o arabela ka litsela tse lerato joalo ha u mo rapela hore a u thuse?

U se ke Ua Lebella Lintho Tse ke Keng Tsa Etsahala

13 E le hore re lule re lebetse, ho hlokahala hore re se ke ra lebella lintho tse ke keng tsa etsahala. Ka lebaka la mathata a teng bophelong, kaofela ha rōna ka linako tse ling rea tepella. Empa re lokela ho hopola hore ha ho mohla Molimo a kileng a tšepisa hore re tla phela bophelo bo se nang mathata tsamaisong ena ea khale. Esita le mehleng ea Bibele, bahlanka ba Molimo ba ne ba e-ba har’a litsietsi, ho kopanyelletsa mahloriso, bofutsana, ho tepella maikutlo le boloetse.—Liketso 8:1; 2 Bakorinthe 8:1, 2; 1 Bathesalonika 5:14; 1 Timothea 5:23.

14 Kajeno, le rōna re ntse re e-na le mathata. Re ka ’na ra hlorisoa, ra ba le mathata a lichelete, ra loantšana le ho tepella maikutlo, ra kula ra ba ra utloa bohloko ka litsela tse ling. Haeba Jehova a ne a ka re sireletsa ka mohlolo linthong tsohle tse utloisang bohloko, na seo e ne e ke ke ea e-ba lebaka la hore Satane a nyelise Jehova? (Liproverbia 27:11) Ehlile Jehova o lumella bahlanka ba hae hore ba lekoe, ’me ka linako tse ling esita le ho isa bohōleng ba hore ba bolaoe ke bahanyetsi ho sa lebelloa.—Johanne 16:2.

15 Joale Jehova o tšepisitse hore o tla etsa’ng? Joalokaha re se re boletse, o tšepisitse hore o tla etsa hore re khone ho hlōla teko leha e le efe e ka re hlahelang, hafeela re mo tšepile ka ho feletseng. (Liproverbia 3:5, 6) Ka Lentsoe la hae, moea oa hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, o re sireletsa moeeng, o re thusa hore re sireletse kamano ea rōna le eena. Ha kamano eo e ntse e le teng, esita leha re ka shoa, re tla be re hlōtse. Ha ho letho—esita le lefu—le ka thibelang Molimo ho putsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Baheberu 11:6) ’Me lefatšeng le lecha leo joale le seng le le haufi haholo, ha ho pelaelo hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tse ling kaofela tsa hae tse babatsehang bakeng sa ba mo ratang.—Pesaleme ea 145:16.

Hopola Tseko

16 E le hore re mamelle ho isa bofelong, re lokela ho hopola tseko ea bohlokoa e etsang hore Molimo a lumelle bokhopo. Haeba ka linako tse ling ho bonahala mathata a rōna a le boima haholo ’me re batla ho panolla, re lokela ho ikhopotsa hore Satane o re Jehova ha a na tšoanelo ea ho busa. Mothetsi enoa o boetse o belaelletse ho tiea ha boinehelo le botšepehi ba barapeli ba Molimo. (Jobo 1:8-11; 2:3, 4) Tseko e mabapi le lintho tsena hammoho le tsela eo Jehova a khethileng ho e rarolla ka eona ke lintho tsa bohlokoa ho feta bophelo ba rōna. Joang?

17 Ho lumella ha Molimo mathata ka nakoana ho file ba bang monyetla oa ho amohela ’nete. Ak’u nahane ka sena: Jesu o ile a utloa bohloko e le hore re ka fumana bophelo. (Johanne 3:16) Na ha re lebohe seo? Empa na re ikemiselitse ho mamella mathata ka nakoana e eketsehileng molemong oa hore ba bang hape ba ka fumana bophelo? E le hore re mamelle ho isa bofelong, re lokela ho lumela hore bohlale ba Jehova bo phahametse ba rōna hōle. (Esaia 55:9) O tla felisa bokhopo ha e le nako e molemo ka ho fetisisa ea ho rarolla ka ho sa feleng tseko e ileng ea etsoa ’me o tla etsa sena bakeng sa hore re rue molemo oa ka ho sa feleng. Na ho ka ba le tsela e molemo ho feta ee? Ha ho na ho hloka toka ho Molimo!—Baroma 9:14-24.

“Atamelang ho Molimo”

18 E le hore re lule re ntse re elelloa hore metsotso e jele babeli, ho hlokahala hore re lule re le haufi le Jehova. Le ka mohla u se ke ua lebala hore Satane o etsa sohle se matleng a hae ho senya kamano ea rōna e ntle le Jehova. Satane a ka rata hore re lumele hore bofelo bo ke ke ba hlola bo tla, le hore ha ho thuse ho bolela litaba tse molemo kapa ho phela ka melao-motheo ea Bibele. Empa “o leshano ’me ke ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Re lokela ho ikemisetsa ho ‘hanyetsa Diabolose.’ Kamano ea rōna le Jehova ke ntho eo le ka mohla re sa lokelang ho e nkela fatše. Bibele e re eletsa ka lerato e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:7, 8) U ka atamela ho Jehova joang?

19 Ho thuisa nakong ea ha u etsa thapelo ke habohlokoa. Ha mathata a bophelo a bonahala a e-ba boima haholo, phetlela Jehova sefuba. Ha u bua ka tsela e hlileng e tobang haholoanyane lithapelong tsa hao, ho tla ba bonolo haholoanyane hore u bone kamoo a arabelang likōpo tsa hao kateng. Hase kamehla karabo e tla ba kamoo u neng u nahanne kateng, empa haeba takatso ea hao ke ho mo tlotlisa le ho lula u tšepahala, o tla u fa thuso eo u e hlokang hore u mamelle ka katleho. (1 Johanne 5:14) Ha u ntse u lemoha tataiso ea hae bophelong ba hao, u tla atamela ho eena haholoanyane. Hape ke habohlokoa ho bala ka litšoaneleho tsa Jehova le litsela tsa hae, hammoho le ho nahanisisa ka tsona joalokaha li senotsoe ka Bibeleng. Ho thuisa joalo ho u thusa hore u mo tsebe hamolemo; ho susumetsa pelo ea hao ’me ho tebisa lerato la hao ho eena. (Pesaleme ea 19:14) Lerato leo, ho feta ntho leha e le efe, le tla u thusa hore u hlōle teko u be u lule u lebetse.—1 Johanne 5:3.

20 E le hore re lule re le haufi le Jehova, ke habohlokoa hore re lule re le haufi le balumeli-’moho le rōna. Sena se tla tšohloa karolong e qetellang ea bukana ena.

LIPOTSO TSA HO ITHUTA

• Jesu o ile a etsa’ng ha a thatafaletsoe nakong ea ha a le haufi le ho shoa, hona o ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba etse’ng? (Lir. 1-4)

• Ke hobane’ng ha Satane a korotse bahlanka ba Jehova, hona o re leka ka litsela life? (Lir. 5-8)

• E le hore re hlōle teko, ke hobane’ng ha re lokela ho rapela re sa khaotse (Lir. 9-12), re sa lokela ho lebella lintho tse ke keng tsa etsahala (Lir. 13-15), re lokela ho hopola tseko (Lir. 16-17), ’me re lokela ho ‘atamela ho Molimo’ (Lir. 18-20)?

[Lebokose le leqepheng la 25]

Lintho Tse Ling Tse Bakang ho Nyahama

Bophelo/botsofali. Haeba re kuletse ruri kapa botsofali bo re sitisa ho etsa lintho tse itseng, re ka ’na ra tepella maikutlo kahobane re sa khone ho etsa ho eketsehileng ha re sebeletsa Molimo.—Baheberu 6:10.

Ho khathala matla. Re ka ’na ra nyahama haeba ho se liphello tse ntle hakaalo ha re bolela Lentsoe la Molimo.—Liproverbia 13:12.

Ho inka re se ba bohlokoa. Ka lebaka la ho tšoaroa hampe ka lilemo tse ngata, motho a ka ’na a kholiseha hore ha a ratoe, esita le hore Jehova ha a mo rate.—1 Johanne 3:19, 20.

Ho khopeha. Haeba motho a khopisitsoe haholo ke molumeli-’moho le eena, a ka ’na a ferekana hoo a ka nahanang ho khaotsa ho ea libokeng tsa Bokreste kapa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.—Luka 17:1.

Mahloriso. Ba bang ba seng bolumeling bo le bong le uena ba ka ’na ba u hanyetsa, ba u hlorisa kapa ba u soma.—2 Timothea 3:12; 2 Petrose 3:3, 4. 

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Jesu o ile a re eletsa hore re ‘rapele re sa khaotse’ re kōpe thuso ea ho loantša teko

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela