“Ka Holim’a Lintho Tsohle, le Bontšane Lerato le Matla Haholo”
“Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. . . . Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo.”—1 PETROSE 4:7, 8.
ESU o ne a tseba hore lihora tse seng kae tse mo saletseng a e-na le baapostola ba hae e ne e le tsa bohlokoa. O ne a tseba se larileng ka pele ho bona. Ba ne ba e-na le mosebetsi o mongata oo ba neng ba lokela ho o phetha, empa ba ne ba tla hlouoa ba be ba hlorisoe, feela joaloka eena. (Johanne 15:18-20) Ka makhetlo a ’maloa bosiung boo ba ho qetela ba le ’moho, o ile a ba hopotsa hore ho hlokahala hore ba ‘ratane.’—Johanne 13:34, 35; 15:12, 13, 17.
2 Moapostola Petrose, ea neng a le teng bosiung boo, o ile a utloisisa seo hantle. Lilemo tse ngata hamorao, ha Petrose a ngola nakoana pele Jerusalema e timetsoa, o ile a hatisa bohlokoa ba lerato. O ile a eletsa Bakreste a re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. . . . Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo.” (1 Petrose 4:7, 8) Mantsoe a Petrose a bohlokoa haholo ho batho ba phelang “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho. (2 Timothea 3:1) “Lerato le matla haholo” ke le joang? Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re bontše ba bang lerato la mofuta o joalo? Hona re ka bontša joang hore re na le lona?
“Lerato le Matla Haholo”—Ke le Joang?
3 Ba bangata ba nka hore lerato ke boikutlo bo lokelang ho itlela ka tlhaho. Empa Petrose o ne a sa bue ka lerato la mofuta leha e le ofe; o ne a bua ka mofuta o babatsehang ka ho fetisisa oa lerato. Ho 1 Petrose 4:8 lentsoe “lerato” le fetolela lentsoe la Segerike a·gaʹpe. Lentsoe leo le bolela lerato le se nang boithati le tataisoang kapa le laoloang ke molao-motheo. Buka e ’ngoe e re: “Lerato la agape le khona ho laoloa hobane hase hakaalo boikutlo empa ke seo motho a entseng qeto ea ho se etsa, se mo susumetsang hore a etse lintho ka tsela e itseng.” Kaha re tsoetsoe re sekametse boithating, re hloka likhopotso tsa hore re bontšane lerato, ’me re le bontše ka litsela tseo melao-motheo ea Molimo e laelang hore le bontšoe ka tsona.—Genese 8:21; Baroma 5:12.
4 Sena ha se bolele hore re lokela ho ratana feela ka lebaka la hore re tlamehile ho etsa joalo. A·gaʹpe ha e haelloe ke mofuthu le boikutlo. Petrose o itse re lokela ho ‘bontšana lerato le matla haholo’ [ka ho toba, “le sarolohang”].a (Kingdom Interlinear) Leha ho le joalo, lerato le joalo le hloka boiteko. Ha setsebi se seng se bua ka lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “matla haholo,” se re: “Le etsa hore motho a nahane ka semathi se sarollang mesifa ha se ntša matla a sona a ho qetela ha se fihla qetellong ea peiso.”
5 Kahoo, lerato la rōna ha lea lokela ho bonahala feela ha re etsa lintho tse re nolofallang kapa ho bontšoa feela ho batho ba seng bakae. Lerato la Bokreste le hloka hore re “sarolle” lipelo tsa rōna, re bontše lerato esita leha ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa joalo. (2 Bakorinthe 6:11-13) Ntle ho pelaelo, hoa hlokahala hore re hlaolele lerato la mofuta ona re be re ikemisetse ho le bontša, feela joalokaha semathi se lokela ho ikoetlisa le ho ikemisetsa ho ntlafatsa bokhoni ba sona. Ke habohlokoa hore re bontšane lerato la mofuta ona. Ka mabaka afe? Bonyane ka mabaka a mararo.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Ratana?
6 Lebaka la pele ke “hobane lerato le tsoa ho Molimo.” (1 Johanne 4:7) Jehova, Mohloli oa tšoaneleho ena e ratehang, o re ratile pele. Moapostola Johanne o re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Johanne 4:9) Mora oa Molimo o ile a ‘romeloa’ ka hore a fetohe motho, a phethe tšebeletso ea hae a be a shoele thupeng ea tlhokofatso—tsena tsohle e le “hore re ka fumana bophelo ka eena.” Pontšo ee e phahameng ka ho fetisisa ea lerato la Molimo e lokela ho re susumelletsa ho etsa eng? Johanne o re: “Haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale re tlamehile ho ratana.” (1 Johanne 4:11) Hlokomela hore ha Johanne a ngola o re, “Haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona”—ha a bue ka uena u le mong empa o bua ka rōna kaofela. Taba e hlakile: Haeba Molimo a rata balumeli-’moho le rōna, le rōna re tlameha ho ba rata.
7 Lebaka la bobeli ke hore ho bohlokoa ka ho khethehileng hore re ratane haholo hona joale e le hore re khone ho thusa barab’abo rōna ba hlokang kahobane “bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” (1 Petrose 4:7) Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Maemo a lefatše, likoluoa tsa tlhaho le khanyetso li re bakela mathata. Ha re le tlas’a maemo a lekang, ho hlokahala hore re atamelane haufi-ufi. Lerato le matla haholo le tla re tlama re be ngatana-’ngoe ’me le re susumelletse ho ‘hlokomelana.’—1 Bakorinthe 12:25, 26.
8 Lebaka la boraro ke hore ho hlokahala hore re ratane hobane ha re batle ho “lumella Diabolose sebaka” sa hore a nke monyetla ka rōna. (Baefese 4:27) Satane o potlakela ho sebelisa ho se phethahale ha balumeli-’moho le rōna—bofokoli ba bona, litšito tsa bona le liphoso tsa bona—ho re khopisa ka tsona. Na mantsoe ao motho a a buang a sa nahane kapa ketso e hlokang mosa li tla etsa hore re lahle phutheho? (Liproverbia 12:18) Eseng haeba re bontšana lerato le matla ka ho fetisisa! Lerato le joalo le re thusa hore re boloke khotso ’me re sebeletse Molimo “ka mahetla a bapileng” re momahane.—Sofonia 3:9.
Litsela Tsa ho Bontša Hore U Rata ba Bang
9 Ho bontša lerato ho lokela ho qala lapeng. Jesu o ile a re balateli ba hae ba ’nete ba ne ba tla tsejoa ka lerato leo ba ratanang ka lona. (Johanne 13:34, 35) Lerato ha lea lokela ho bonahala ka phuthehong feela empa hape le lokela ho bonahala ka lapeng—pakeng tsa banyalani le pakeng tsa batsoali le bana. Ha hoa lekana hore re be le lerato ho litho tsa lelapa; ho hlokahala hore re le bontše ka litsela tse ntle.
10 Banyalani ba ka bontšana lerato joang? Monna ea ratang mosali oa hae e le kannete o mo bolella ka mantsoe le ka liketso—phatlalatsa le boinotšing—hore o mo nka e le oa bohlokoa. O hlompha seriti sa hae ’me o nahanela mehopolo ea hae, pono ea hae le maikutlo a hae. (1 Petrose 3:7) O etelletsa thabo ea mosali oa hae pele ho ea hae, ’me o etsa sohle seo a ka se khonang ho mo fa seo a se hlokang linthong tse bonahalang, moeeng le maikutlong. (Baefese 5:25, 28) Mosali ea ratang monna oa hae e le kannete o mo fa “tlhompho e tebileng,” esita le haeba ka linako tse ling monna a sa etse seo a se lebeletseng. (Baefese 5:22, 33) O tšehetsa monna oa hae ebile o ikokobelletsa eena, ha a batle sena le sane, empa o sebelisana le eena ho boloka pono ea bona e tsepame linthong tsa moea.—Genese 2:18; Matheu 6:33.
11 Batsoali, le ka bontša lerato ho bana ba lōna joang? Boikemisetso ba lōna ba ho sebetsa ka thata hore le ba fe lintho tse bonahalang ke bopaki ba hore lea ba rata. (1 Timothea 5:8) Empa ho na le ho hong hoo bana ba ho hlokang ntle ho lijo, liaparo le lehae. E le hore ba tle ba hōle ba rata Molimo oa ’nete ba bile ba mo sebeletsa, ba hloka ho koetlisoa linthong tsa moea. (Liproverbia 22:6) Sena se bolela ho ipha nako le le lelapa bakeng sa ho ithuta Bibele, ho kopanela tšebeletsong le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. (Deuteronoma 6:4-7) Ho hlokahala boitelo bo boholo hore le etse lintho tsena kamehla, haholo-holo linakong tsena tse mahlonoko. Kameho ea lōna le boiteko boo le bo etsang hore le fe bana ba lōna lintho tseo ba li hlokang moeeng ke pontšo ea lerato, kaha ka ho etsa joalo le bontša hore ka sebele le batla hore ba rue molemo ka ho sa feleng.—Johanne 17:3.
12 Ke habohlokoa hore batsoali ba boele ba bontše lerato ka hore ba fe bana lintho tseo ba li hlokang maikutlong. Bana ba hlaseloa habonolo; lipelo tsa bona tse nyenyane li hloka ho kholisoa hore lea ba rata. Ba bolelleng hore lea ba rata, ’me le ba bontše ka litsela tse ngata hore lea ba rata, hobane lipontšo tse joalo li ba kholisa hore baa rateha ebile ke ba bohlokoa. Ba babatseng ka mofuthu le ka tsela e se nang boikaketsi, kaha sena se etsa hore ba tsebe hore le lemoha boiteko boo ba bo etsang ebile lea bo ananela. Ba khalemeleng ka lerato, kaha khalemelo e joalo e ba bolella hore le amehile ka hore na ba fetoha batho ba mofuta ofe. (Baefese 6:4) Lipontšo tsena tsohle tse ntle tsa lerato li thusa ho haha lelapa le thabileng, le momahaneng le hlomeletsoeng hamolemo ho tobana le mathata a matsatsing ana a ho qetela.
13 Lerato le re susumelletsa hore re hlokomolohe bofokoli ba ba bang. Hopola hore ha Petrose a khothatsa babali ba hae hore ba “bontšane lerato le matla haholo,” o ile a fana ka lebaka la hore na ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa haholo, a re: “Hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.” (1 Petrose 4:8) Ho ‘koahela’ libe ha ho bolele ho pata libe tse tebileng. Ka nepo libe tse joalo li tlaleheloa ba nang le boikarabelo ka phuthehong ’me li sebetsoa ke bona. (Levitike 5:1; Liproverbia 29:24) E tla ba ho hloka lerato haholo—ebile ho tla be ho sa lumellane le Mangolo—ho lumella ba etsang libe tse tebileng hore ba tsoele pele ba utloisa ba se nang molato bohloko kapa ba ba hanyapetsa.—1 Bakorinthe 5:9-13.
14 Hangata liphoso le litšito tsa balumeli-’moho le rōna lia fokola. Ka linako tse ling kaofela ha rōna re khoptjoa lipuong kapa liketsong, re soabisa ba bang kapa re ba utloisa bohloko. (Jakobo 3:2) Na re lokela ho potlakela ho jala-jala bofokoli ba ba bang? Ho etsa joalo ho ka baka likhohlano feela ka phuthehong. (Baefese 4:1-3) Haeba re laoloa ke lerato, re ke ke ra “hlahatsa molato” oa molumeli-’moho le rōna. (Pesaleme ea 50:20) Feela joalokaha samente le pente li koahela likoli tse leboteng, le lerato le koahela likoli tsa ba bang.—Liproverbia 17:9.
15 Lerato le tla etsa hore re thuse ba hlokang e le kannete. Ha maemo a matsatsing a ho qetela a tsoela pele ho senyeha, ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona balumeli-’moho le rōna ba hlokang hore re ba thuse ka lintho tse bonahalang kapa re ba etsetse lintho tse itseng. (1 Johanne 3:17, 18) Ka mohlala, na setho sa phutheho ea habo rōna se mathateng a tebileng a lichelete kapa se lahlehetsoe ke mosebetsi? Haeba ho joalo, mohlomong re ka se thusa ka lintho tse bonahalang, ho latela seo maemo a rōna a re lumellang ho se etsa. (Liproverbia 3:27, 28; Jakobo 2:14-17) Na ntlo ea mohlolohali ea seng a hōlile e hloka ho lokisoa? Haeba ho joalo, mohlomong re ka nka khato e loketseng ea ho thusa ka ho etsa mosebetsi o mong.—Jakobo 1:27.
16 Ha rea lokela ho bontša lerato feela ho bao e ka ’nang eaba ba lula sebakeng sa habo rōna. Ka linako tse ling re ka ’na ra utloa litlaleho tse itseng mabapi le bahlanka ba Molimo linaheng tse ling ba hlasetsoeng ke lifefo tse matla, litšisinyeho tsa lefatše kapa merusu. Ho ka etsahala hore ebe ba bothateng ba lijo, liaparo le lintho tse ling. Ha ho tsotellehe hore na ke ba moloko o mong kapa morabe o mong. Re na le “lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” (1 Petrose 2:17) Kahoo, joaloka liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo, re ikemiselitse ho tšehetsa litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho ba phallela. (Liketso 11:27-30; Baroma 15:26) Ha re bontša lerato ka litsela tseo tsohle, re matlafatsa maqhama a re kopantseng matsatsing ana a ho qetela.—Bakolose 3:14.
17 Lerato le re susumelletsa hore re bolelle ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Nahana ka mohlala oa Jesu. Ke hobane’ng ha a ile a bolela a ba a ruta? O ne a “susumetsoa ke khauho” bakeng sa matšoele ka lebaka la boemo ba ’ona bo otlang pelo ba moea. (Mareka 6:34) A ne a lahliloe kherehloa ’me a khelositsoe ke balisa ba bohata ba bolumeli, ba neng ba lokela hore ebe ba a rutile linnete tsa moea ’me ba a file tšepo. Kahoo, kaha Jesu o ne a susumetsoa ke lerato le tebileng le tlohang pelong le qenehelo, o ile a tšelisa batho ka “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.”—Luka 4:16-21, 43.
18 Le kajeno, batho ba bangata ba lahliloe kherehloa moeeng ’me ba khelositsoe ba bile ba hloka tšepo. Haeba joaloka Jesu, re amehile ka seo batho ba e-s’o ka ba tseba Molimo oa ’nete ba se hlokang moeeng, joale lerato le qenehelo li tla re susumelletsa hore re ba bolelle litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 6:9, 10; 24:14) Ka lebaka la nako e setseng e seng e fokola haholo, ho bohlokoa haholo-holo hona joale hore re bolele molaetsa ona o pholosang bophelo.—1 Timothea 4:16.
“Bofelo ba Lintho Tsohle bo Atametse”
19 Hopola hore pele Petrose a fana ka keletso ea hore re ratane, o ile a re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” (1 Petrose 4:7) Haufinyane, lefatše lena le khopo le tla nkeloa sebaka ke lefatše le lecha le lokileng la Molimo. (2 Petrose 3:13) Ka hona, kajeno hase nako ea ho ba ba sa tsotelleng. Jesu o ile a re lemosa a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.”—Luka 21:34, 35.
20 Ka hona, a re ikemisetseng ka hohle hore re ‘lule re lebetse,’ re ntse re hlokometse hore na re phela nakong efe. (Matheu 24:42) A re itebeleng litekong leha e le life tsa Satane tse ka ’nang tsa re khelosa. Le ka mohla a re se lumelleng lefatše lena le se nang botsoalle le le se nang lerato hore le re thibele ho bontša ba bang lerato. Ka holim’a tsohle, a re atameleng haufi-ufi le Molimo oa ’nete, Jehova, eo haufinyane ’Muso oa hae oa Bomesia o tlang ho phethahatsa morero oa hae o thabisang ka lefatše lena.—Tšenolo 21:4, 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho 1 Petrose 4:8, liphetolelo tse ling tsa Bibele li re re lokela ho ratana “e le kannete,” “ka ho teba,” kapa “ka tieo.”
LIPOTSO TSA HO ITHUTA
• Ha Jesu a arohana le barutuoa ba hae, o ile a ba fa keletso efe, hona ke eng se bontšang hore Petrose o ile a e utloisisa hantle? (Lir. 1-2)
• “Lerato le matla haholo” ke le joang? (Lir. 3-5)
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ratana? (Lir. 6-8)
• U ka bontša joang hore u rata ba bang? (Lir. 9-18)
• Ke hobane’ng ha hona joale e se nako ea ho ba ba sa tsotelleng, hona re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? (Lir. 19-20)
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lelapa le momahaneng le hlomeletsoe hamolemo ho tobana le mathata a matsatsi ana a ho qetela
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Lerato le re susumelletsa ho phallela ba hlokang e le kannete
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ke ketso e bontšang lerato