Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bh leq. 222-leq. 223
  • Na re Lokela ho Keteka Matsatsi a Phomolo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Lokela ho Keteka Matsatsi a Phomolo?
  • Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Itseng a Phomolo?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Matsatsi a Phomolo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Easter Kapa Sehopotso—Ke Efe eo U Lokelang ho e Keteka?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na ke Mekete Eohle e Khahlisang Molimo?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
bh leq. 222-leq. 223

Na re Lokela ho Keteka Matsatsi a Phomolo?

MATSATSI a tloaelehileng a phomolo a bolumeli le ao e seng a bolumeli a ketekoang libakeng tse ngata tsa lefatše kajeno ha a simolohe ka Bibeleng. Joale mekete ee e qalile hokae? Haeba u khona ho batlisisa libukeng tsa laebrari, u tla thabela ho utloa seo libuka tsa litšupiso li se buang ka matsatsi a phomolo a tloaelehileng sebakeng seo u phelang ho sona. Nahana ka mehlala ena e seng mekae.

“Easter.” The Encyclopædia Britannica e re: “Ha ho letho Testamenteng e Ncha le bontšang hore ho ne ho ketekoa mokete oa Easter.” Easter e qalile joang? E qalile borapeling ba bohetene. Le hoja ho thoe letsatsi lena la phomolo ke la ho keteka ho tsoha ha Jesu bafung, meetlo e etsoang nakong ea Easter hase ea Bokreste. Ka mohlala, The Catholic Encyclopedia e re ka “’mutlanyane oa Easter” o ratoang: “’Mutlanyane ke letšoao la bohetene ’me haesale o tšoantšetsa matla a ho ba le bana.”

Mekete ea Selemo se Secha. Letsatsi la ho keteka Selemo se Secha le meetlo e etsoang ka lona e fapana ho ea ka linaha. The World Book Encyclopedia e re ka qaleho ea mokete ona: “’Musi oa Moroma Julius Caesar o ile a khetha la 1 January e le Letsatsi la Selemo se Secha ka 46 B.C. Letsatsi lena ke leo Baroma ba neng ba le khethetse ho tlotlisa Janus, molimo oa liheke, menyako le qaleho. Khoeli ea January e ile ea rehelloa ka Janus, ea neng a e-na le lifahleho tse peli—se seng se shebile pele ha se seng se shebile morao.” Kahoo mekete ea Selemo se Secha e thehiloe lineanong tsa bohetene.

“Halloween.” The Encyclopedia Americana e re: “Meetlo e meng e etsoang ka Halloween e ka fumanoa moketeng oa Madruid [baprista ba boholo-holo ba Macelt] o neng o tšoaroa mehleng ea pele ho Bokreste. Macelt a ne a etsetsa melimo e ’meli e meholo mekete—e leng molimo oa letsatsi le molimo oa bafu . . . , eo mokete oa hae o neng o tšoaroa ka la 1 November, ha Selemo se Secha sa Macelt se qala. Mokete ona oa bafu o ile oa kenyelletsoa butle-butle litšebeletsong tsa Bokreste.”

Matsatsi a Mang a Phomolo. Ho ke ke ha khoneha hore re tšohle mekete eohle e ketekoang lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, Jehova ha a amohele mekete e tlotlisang batho kapa mekhatlo e itseng e entsoeng ke batho. (Jeremia 17:5-7; Liketso 10:25, 26) U hopole hape hore qaleho ea mekete ea bolumeli e ama taba ea hore na e khahlisa Molimo kapa che. (Esaia 52:11; Tšenolo 18:4) Melao-motheo ea Bibele e boletsoeng Khaolong ea 16 ea buka ena e tla u thusa ho hlokomela hore na Molimo o ikutloa joang ka ho kopanela matsatsing a phomolo ao e seng a bolumeli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela