Khaolo ea Pele
Melaetsa ea Jehova Bakeng sa Nako e Fetileng le Kajeno
1, 2. Ba bang ba ’nile ba batla matlotlo a patiloeng joang, empa ke eng e ka u thusang hore u thabele bophelo?
HAESALE batho ba bangata ba ntse ba lakatsa ho fumana matlotlo a patiloeng. Na u kile ua bala litlaleho tsa histori tse buang ka bafuputsi, batho ba epollang lintho tsa khale le ba bang ba hlileng ba tsoa letšolo ho ea batla matlotlo a joalo? Le haeba mohlomong uena u ka ’na ua se ke ua kena letšolong le joalo, ho thoe’ng haeba u ka fumana letlotlo? Haeba letlotlo leo le ne le ka ntlafatsa bophelo ba hao kapa la etsa hore u thabe u be u atlehe haholoanyane bophelong, ka sebele u ne u tla be u bolaile!
2 Le hoja batho ba bangata ba ke ke ba kena matšolong a ho batla matlotlo a sebele, ba ka ’na ba leka ho fumana thabo ka ho lelekisa chelete, bophelo bo botle le ho ba le lelapa le thabileng, e leng matlotlo ao u ke keng ua a fumana ka ho a cheka mobung. Ho feta moo, ha ho na ’mapa oa sebele o re bontšang tsela e lebang matlotlong ana. Ua tseba hore lintho tsena ha li fumanoe habonolo feela tjee. Ke ka lebaka leo ba bangata ba thabelang keletso e ka ba thusang hore ba finyelle lipakane tseo ba ipehetseng tsona le hore ba thabe ba be ba atlehe haholoanyane bophelong.
3, 4. Ke hokae moo u ka fumanang keletso e ka u bontšang tsela eo u lokelang ho phela ka eona?
3 Keletso ena ea bohlokoa, e seng e thusitse ba bang hore ba thabe, e hona mona ka pel’a mahlo a hao. Joalokaha ba bangata ba hlokometse, Bibele e fana ka keletso ea bohlokoa ka ho fetisisa e bontšang hore na re phele joang. Mongoli oa Lenyesemane, Charles Dickens, o ile a re ka Bibele: “Ke buka e molemo ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng kapa e tla ke e be teng lefatšeng . . . hobane e u ruta lintho tsa bohlokoahali tseo motho leha e le ofe . . . a ka tataisoang ke tsona.”
4 Bohle ba nkang Bibele e le buka e bululetsoeng ke Molimo ha ba makatsoe ke mantsoe ao. Mohlomong u lumellana le mantsoe ana a kholisang ao re a balang ho 2 Timothea 3:16, a reng: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” Sena se bolela hore Bibele e na le boitsebiso bo molemo haholo bo ka bontšang batho tsela eo ba lokelang ho phela ka eona har’a mathata a aparetseng lefatše kajeno. Ba tataisoang ke Bibele ba ka qetella ba thabile ba bile ba atlehile haholoanyane bophelong.
5-7. Ke libuka life tseo u ka batlang tataiso e molemo ho tsona ka Bibeleng?
5 Empa u nahana hore u ka fumana keletso eo hokae ka Bibeleng? Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba ka e fumana Thutong ea Thabeng moo Jesu a ileng a fana ka likeletso tsa bohlokoa tse ka sebelisoang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba ka e fumana mangolong a moapostola Pauluse. Hape bohle ba ka fumana keletso ea bohlokoa bukeng ea Lipesaleme le ea Liproverbia—e leng libuka tse fanang ka bohlale. ’Nete ke hore, buka e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele, esita le tse buang haholo-holo ka histori joaloka Joshua ho ea fihla ho Esthere, li ka u tsoela molemo ho latela maemo a hao kapa mathata a hao. Histori e libukeng tsena ke temoso ho bohle ba batlang ho sebeletsa Molimo ka thabo. (1 Bakorinthe 10:11) Ka sebele libuka tsena li na le likeletso tse ka u tataisang hore u atlehe bophelong. Hopola mantsoe ana a ’nete: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4; Joshua 1:8; 1 Likronike 28:8, 9.
6 Leha ho le joalo, ho na le libuka tse ling tsa Bibele tseo batho ba bangata ba e-s’o ka ba ithuta tsona tseo ba ka fumanang matlotlo ho tsona. Libuka tsena li 12 ’me li atisa ho bitsoa Mangolo a Manyenyane a Boprofeta. Hangata li latela libuka tse khōloanyane tsa Bibele, e leng Ezekiele le Daniele empa li tla pele ho Kosepele ea Matheu. (Libibeleng tse ngata, libuka tsena tse 12 li latellana tjena: Hosea, Joele, Amose, Obadia, Jonase, Mikea, Nahume, Habakuke, Sofonia, Hagai, Zakaria le Malakia.) Joalokaha re se re hlokometse, Bibele e bululetsoe ke Molimo ’me e molemo bakeng sa ho ruta batho le ho ba bontša hore na ba phele joang. Ekaba libuka tsee le tsona li etsa see?
7 Hantle haholo! ’Nete ke hore libuka tsena tse bitsoang Mangolo a Manyenyane a Boprofeta li na le likeletso tse kang letlotlo tse re tataisang hore na re phele joang mehleng ena. E le hore u utloisise lebaka leo ka lona batho ba bang ba sa nkeng libuka tsena tse 12 e le tsa bohlokoa, nahana ka lebitso leo libuka tsena tse 12 li le rehiloeng lipuong tse ngata, li bitsoa Mangolo a Manyenyane a Boprofeta. Na ebe lebitso lee le susumelitse tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka libuka tsee? Na ebe le uena maikutlo a hao a susumelitsoe ke lebitso lee?
NA “MANGOLO A MANYENYANE A BOPROFETA” HASE A BOHLOKOA HAKAALO?
8. (a) Ke mokhoa ofe oa bohlokoa oo Molimo a ’nileng a o sebelisa ho tataisa batho? (b) Libuka tse 12 tseo re buang ka tsona li atisa ho bitsoa’ng ka lipuo tse ling, empa ha e le hantle see se mpa se bolela’ng?
8 Moapostola Pauluse o ile a qala lengolo la hae le eang ho Baheberu ka ho re: “Molimo, eo khale a ileng a bua ka makhetlo a mangata le ka litsela tse ngata le baholo-holo ba rōna ka baprofeta, bofelong ba matsatsi ana o buile le rōna ka Mora.” (Baheberu 1:1, 2) Molimo o ne a fetisa melaetsa ea hae ka baprofeta, kahoo, ha rea lokela ho nka hore e mong oa bona hase oa bohlokoa hakaalo kapa hore seo a se ngotseng hase sa bohlokoa hakaalo. Empa kaha libuka tsena li bitsoa “Mangolo a Manyenyane a Boprofeta,” sena se entse hore ba bang ba nke hore litaba tsa tsona hase tsa bohlokoa hakaalo. Ba bang ba lumela hore melaetsa e libukeng tsena hase ea bohlokoa joaloka melaetsa e libukeng tse ling tsa Bibele. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha lipuo tse ngata li re ke “Mangolo a Manyenyane a Boprofeta,”a sena se mpa se bolela hore libuka tsena tse 12 li khutšoanyane ho feta tse ling.
9. Ke hobane’ng ha bolelele kapa bokhutšoanyane ba buka ea Bibele bo sa bontše hore na ke ea bohlokoa kapa che?
9 Ho re buka ea Bibele e khutšoanyane ha ho bolele hore hase ea bohlokoa ho uena kapa hore ha e na molemo oa letho. Buka ea Ruthe e khutšoanyane haholo ho feta libuka tse tlang pele ho eona le tse tlang ka mor’a eona, leha ho le joalo, e na le boitsebiso bo amang maikutlo hakaakang! Buka eo e khutšoanyane e hatisa hore re lokela ho rata borapeli ba ’nete haholo, e bontša kamoo Molimo a nkang basali e le batho ba bohlokoa kateng, ’me e fana ka lintlha tsa bohlokoa ka leloko la Jesu. (Ruthe 4:17-22) Mohlala o mong ke buka ea Juda e ho elella qetellong ea Bibele. Libibeleng tse ling e khutšoanyane hoo e sa tlaleng le leqephe feela. Ho sa tsotellehe seo, e na le boitsebiso ba bohlokoa le tataiso ea bohlokoa hakaakang: e re bolella tsela eo Molimo a sebetsanang le mangeloi a khopo ka eona, e re lemosa ka batho ba babe ba nyonyobelang phutheho ’me e re khothatsa hore re loane ntoa e thata ea tumelo! Kahoo, ha ho pelaelo hore le hoja libuka tsena tseo ho thoeng ke Mangolo a Manyenyane a Boprofeta li le khutšoanyane, hase ’nete hore li bua litaba tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo kapa hore ha li u thuse ka letho.
HO BOLELOA’NG HA HO THOE KE TSA BOPROFETA?
10, 11. (a) Ba bang ba ka ’na ba nahana ka eng ha ba utloa lentsoe “baprofeta”? (b) Bibele e re baprofeta e ne e le batho ba joang, hona ba ne ba etsa’ng?
10 Taba e ’ngoe eo re lokelang ho nahana ka eona ke lentsoe “baprofeta” le lentsoe “boprofeta.” Mantsoe ana a ka ’na a etsa hore motho a nahane ka ho bolela seo e leng hona se tla etsahala. Batho ba bangata ba nahana hore moprofeta e mpa feela e le motho ea bolelang lintho esale pele—tseo mohlomong e leng liphiri tse ka hlalosoang ka litsela tse sa tšoaneng—tseo e leng hona li tla etsahala nakong e tlang. Sena se ama tsela eo batho ba bang ba ikutloang ka eona ka libuka tsena tse 12.
11 Ke ’nete hore ha u ntse u bala libuka tsena tse 12, u lemoha kapele hore li bua haholo ka lintho tseo e leng hona li tla etsahala, haholo-holo ka letsatsi le leholo la Jehova le tlang. Ke sona se boleloang ka ho toba ke lentsoe “moprofeta.” Moprofeta e ne e le motho ea neng a e-na le kamano e haufi-ufi le Molimo ’me hangata o ne a sebelisoa ho senola lintho tseo e leng hona li tla etsahala. Ho qala ka Enoke, baprofeta ba bangata ba Bibele ba ne ba bolela seo e leng hona se tla etsahala.—1 Samuele 3:1, 11-14; 1 Marena 17:1; Jeremia 23:18; Liketso 3:18; Juda 14, 15.
12. U ka bontša joang hore mosebetsi oa moprofeta e ne e se feela ho bolela lintho tseo e leng hona li tla etsahala?
12 Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore mosebetsi oa baprofeta ba Jehova e ne e se feela ho bolela lintho tseo Molimo a li boletseng esale pele. Hangata Molimo o ne a sebelisa baprofeta ho tsebisa batho ba bang thato ea hae. Ka mohlala, e ka ’na eaba ha re nahane hore Abrahama, Isaka le Jakobo ba ne ba bolela lintho tseo e leng hona li tla etsahala, leha ho le joalo, Pesaleme ea 105:9-15 e re ke baprofeta. Ka linako tse ling Molimo o ne a ba sebelisa ho senola lintho tseo e leng hona li tla etsahala, ’me mohlala oa sena ke ha Jakobo a ne a hlohonolofatsa bara ba hae. Empa banna bana bao e neng e le lihlooho tsa malapa e ne e boetse e le baprofeta kaha ba ile ba tsebisa ba malapa a bona seo Jehova a se boletseng ha a ne a re ba tla phetha karolo morerong oa Molimo. (Genese 20:7; 49:1-28) Ntho e ’ngoe e bontšang hore ka Bibeleng lentsoe “moprofeta” le pharaletse, ke hore Arone e ile ea e-ba moprofeta oa Moshe. Arone e ile ea e-ba moprofeta ka hore e be ’muelli kapa “molomo” oa Moshe.—Exoda 4:16; 7:1, 2; Luka 1:17, 76.
13, 14. (a) Fana ka mehlala e bontšang hore baprofeta ba ne ba sa bolele feela lintho tseo e leng hona li tla etsahala. (b) Ho tseba hore baprofeta ba ne ba sa bolele feela lintho tseo e leng hona li tla etsahala ho ka u tsoela molemo joang?
13 Hape, nahana ka moprofeta Samuele le moprofeta Nathane. (2 Samuele 12:25; Liketso 3:24; 13:20) Le hoja Jehova a ile a ba sebelisa hore ba bolele lintho tseo e leng hona li tla etsahala, o ile a boela a ba sebelisa e le baprofeta ka litsela tse ling. E le moprofeta, Samuele o ile a khothalletsa Baiseraele hore ba khaotse ho rapela litšoantšo ’me ba boele borapeling bo hloekileng. Hape o ile a bolella Morena Saule kahlolo eo Molimo a mo ahlotseng ka eona, e re rutang hore Jehova o nka ho mamela e le ha bohlokoa ho feta mahlabelo. Kahoo, mosebetsi oa Samuele oa ho profeta o ne o akarelletsa ho bolella ba bang tsela e nepahetseng eo Molimo a batlang hore ba phele ka eona. (1 Samuele 7:3, 4; 15:22) Moprofeta Nathane o ile a bolela esale pele hore Solomone o ne a tla haha tempele le hore ’muso oa hae o ne o tla tiisoa ka thata. (2 Samuele 7:2, 11-16) Empa Nathane e ile ea boela ea e-ba moprofeta ha a totobatsa sebe sa Davida le Bathe-sheba esita le kamoo Davida a ileng a siteloa Uria kateng. Ke mang ea ka lebalang kamoo Nathane a ileng a pepesa bofebe ba Davida kateng—a sebelisa papiso ea morui ea ileng a nkela mofutsana konyana ea hae eo a neng a e rata haholo ebile e le ’ngoe to! ka monoana? Nathane o ile a boela a kenya letsoho ha ho hlophisoa borapeli ba ’nete sehalalelong sa Molimo.—2 Samuele 12:1-7; 2 Likronike 29:25.
14 Taba ea bohlokoa ke hore ha rea lokela ho nahana hore melaetsa e libukeng tsena tsa boprofeta e bua ka lintho tseo e leng hona li tla etsahala feela. Libukeng tsena re fumana seo Molimo a se buileng ka lintho tse ling tse ngata, hape li re thusa ho utloisisa ka mokhoa o batsi hore na batho ba Molimo mehleng eo ba ne ba lokela ho phela joang le hore na rōna re lokela ho phela joang kajeno. Kahoo, re kholisehile hore seo re se balang ka Bibeleng eohle ho kopanyelletsa le libukeng tsena tse 12, ke sa bohlokoa ebile se ka thusa batho ho fumana tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela. Libuka tsena tse bululetsoeng li re fa maele a bohlokoa a ka re thusang “ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.”—Tite 2:12.
KAMOO RE KA RUANG MOLEMO KATENG
15, 16. (a) “Mangolo a Manyenyane a Boprofeta” a tlalehile lintho life tse tšoantšetsang? (b) Boprofeta bo libukeng tsee bo hlalosa’ng?
15 Ho bala Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ho ka re ruisa molemo ka litsela tse ngata. Libuka tse ling tsa Bibele li re bolella se etsahetseng ka nako e itseng, tse ling li akarelletsa lithothokiso ’me kaofela ke tsa bohlokoa ka tsela e ikhethang. Tse ling tsona, tse kang libuka tsena tse 12, lia tšoantšetsa. Ka mohlala, Jesu o ne a bua ka se tlalehiloeng bukeng ea Jonase ha A re: “Moloko o khopo le o febang o ntse o tsoela pele ho batla pontšo, empa ha ho pontšo eo o tla e fuoa haese pontšo ea moprofeta Jonase. Etsoe feela joalokaha Jonase a ile a ba ka mpeng ea tlhapi ea tonanahali ka matsatsi a mararo le masiu a mararo, kahoo Mor’a motho o tla ba pelong ea lefatše ka matsatsi a mararo le masiu a mararo. Batho ba Ninive ba tla tsoha kahlolong le moloko ona ’me ba tla o ahlola; hobane ba ile ba baka ka lebaka la seo Jonase a ileng a se bolela, empa, bonang! ho hong ho fetang Jonase ho teng mona.”—Matheu 12:39-41.
16 Ho hlakile hore Jesu o ne a sa nke buka ea Jonase e le buka ea histori feela e tlalehang kamoo Molimo a ileng a sebetsana le Jonase kateng, hammoho le seo moprofeta enoa a ileng a se etsa Ninive le se ileng sa etsahala ha Jonase a phatlalatsa molaetsa oa temoso o tsoang ho Molimo. Jesu o ne a tseba hore moprofeta Jonase o ne a tšoantšetsa eena Jesu Kreste, esita le ho shoa ha hae le ho tsosoa ha hae ka letsatsi la boraro. Ntle ho moo, seo Baninive ba ileng ba se etsa se ne se fapane haholo le seo Bajuda ba bangata ba ileng ba se etsa ha Jesu a ba bolella litaba tse molemo ba bile ba bona le mesebetsi ea hae. (Matheu 16:4) Kahoo, rea utloisisa hore libukeng tsena tse 12 ho na le boprofeta bo hlalosang kamoo Molimo a sebetsanang kateng le batho mehleng ena. Lithuto tse joalo li monate ebile li molemo.b
17. Buka ee e tšohla se ngotsoeng libukeng tse 12 joang?
17 Leha ho le joalo, bukeng ena ha ho tšohloe hore na litaba tsa tšoantšetso tse tlalehiloeng bukeng ea Jonase kapa libukeng tse ling tse 11 li bolela eng. Ebile libuka tsena ha li tšohloe temana ka temana. Ho e-na le hoo, ho tšohloa haholo-holo boitsebiso bo libukeng tsena boo re ka bo sebelisang bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ak’u ipotse: ‘Libukeng tsee tse 12, ke keletso efe e molemo kapa taeo ea bohlokoahali eo Jehova a mphang eona? Libuka tsee li ka nthusa joang hore ke ‘phele ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ee ea hona joale ea lintho’? “Kaha letsatsi la Jehova lea tla, etsoe le haufi,” li nthuta eng ka tsela eo Mokreste a lokelang ho phela ka eona, boitšoaro, bophelo ba lelapa esita le boikutlo ba batho matsatsing aa a ho qetela?’ (Tite 2:12; Joele 2:1; 2 Timothea 3:1) Ha u ntse u fumana likarabo tse khotsofatsang, mohlomong u tla fumana litemana tseo u tla li rata haholo, tseo u e-s’o ka u li sebelisa ha u fa ba bang keletso e tsoang ka Bibeleng. Ka tsela ena letlotlo la hao la tsebo ea litemana tsa bohlokoa tsa Bibele le tla eketseha.—Luka 24:45.
18. Buka ee e ngotsoe joang, ’me see se ka u tsoela molemo joang?
18 Likhaolo tsa buka ena li arotsoe ka likarolo tse ’nè. Ha u qala ho bala karolo ka ’ngoe, leka ho fumana hore na e bua ka eng. Khaolong e ’ngoe le e ’ngoe likhaolong tse latelang tse 13, u tla fumana mabokose a mabeli a etselitsoeng ho u thusa hore u ikhopotse seo u ithutileng sona. Lipotso tse mabokoseng ana li tla u thusa hore u thuise ka seo u qetang ho se bala ’me u nahanisise ka bohlokoa ba sona le kamoo u ka se sebelisang kateng. Lebokose la pele le moo e batlang e le bohareng ba khaolo. Ha u fihla lebokoseng leo, nahanisisa ka lipotso tse ka hare ho lona. Sena se tla u thusa hore u tebisetse seo u sa tsoa ithuta sona pelong ea hao. (Matheu 13:8, 9, 23; 15:10; Luka 2:19; 8:15) Lebokose la bobeli le tla u thusa hore u ikhopotse seo u se balileng karolong e qetellang ea khaolo ’me u lule u se hopola. Kahoo, iphe nako ea ho hlahloba mabokose ana. Ka sebele a ka u thusa hore u lemohe mekhoa eo ha u e sebelisa, u ka ruang molemo ho seo u ntseng u se bala.
19. Pele, u lokela ho ikhopotsa eng ka libuka tsee tse 12?
19 Ha re bua ka tsela ea tšoantšetso re ka re, e le ho hleka sebae pele u ithuta buka ena, ipotse hore na ebe ke eng eo u e tsebang bukeng ka ’ngoe libukeng tsena tse 12. Ke bo-mang bao Molimo a ileng a ba sebelisa ho fetisa melaetsa ee, hona e ne e le batho ba mofuta ofe? Ba phetse neng, ’me ba ne ba profeta tlas’a maemo afe? (Chate e bontšang tatellano ea liketsahalo leqepheng la 20 le la 21 e tla ba molemo haholo; e shebe khafetsa ha u ntse u ithuta likhaolo tse latelang.) Ha li ne li ngoloa, molaetsa oa tsona e ne e le ofe kapa o ile oa sebetsa joang, hona ho tseba see ho tla u thusa joang hore u utloisise boitsebiso boo ho latela taba eo ho buuoang ka eona? Sehlooho se latelang se tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tsa bohlokoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Encyclopaedia Judaica e re lebitso lena “ho bonahala le nkiloe lentsoeng la Selatine le sebelisitsoeng ho Vulgate (Prophetae Minores). Sehlakisi ‘a manyenyane,’ se sebelisitsoeng lebitsong lena la ‘Mangolo a Manyenyane a Boprofeta’ ha se bontše hore baprofeta ba 12 hase ba bohlokoa ha ba bapisoa le Esaia, Jeremia le Ezekiele, ho e-na le hoo, se mpa se bontša hore libuka tsena li khutšoanyane ho feta tse ling.”—Volume 12, leqepheng la 49.
b Ka mohlala, ha u batla tlhaloso e qaqileng ea lengolo la Hagai le la Zakaria, bala buka ea Paradise Restored to Mankind—By Theocracy! e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova empa eo hona joale e seng e sa hatisoe.
KAMOO LIBUKA TSENA LI KA U TSOELANG MOLEMO KATENG
• U lokela ho qoba maikutlo afe a fosahetseng ka “Mangolo a Manyenyane a Boprofeta”?—Baroma 15:4.
• Ke hobane’ng ha u ka lebella ho rua molemo ka ho hlahloba libuka tse 12 tsa boprofeta?—2 Timothea 3:16.
• U ka lebella melemo efe ha u ntse u ithuta libuka tsee?—1 Bathesalonika 2:13.