Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jd khao. 4 maq. 43-55
  • Jehova—Molimo ea Bolelang Bokamoso Esale Pele ea Bileng a bo Phethahatsang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova—Molimo ea Bolelang Bokamoso Esale Pele ea Bileng a bo Phethahatsang
  • Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’MUSI EA LERATO O KHONA HO LAOLA LITABA KA BOTLALO
  • EA SA KOENEHELENG LITŠEPISO TSA HAE
  • NTATE EA LERATO
  • HO TŠOARELOA HO BULA TSELA EA POLOKO
  • Baprofeta Bao Melaetsa ea Bona e ka re Amang
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • Letsatsi la Jehova ke Taba ea Bohlokoa
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • “Jehova o Batla Eng ho Uena?”
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • Ho Tšolleloa “Tlhohonolofatso ho Fihlela ho se ho se Letho le Hlokoang”
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
Bala Tse Ling
Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
jd khao. 4 maq. 43-55

Khaolo ea Bone

Jehova—Molimo ea Bolelang Bokamoso Esale Pele ea Bileng a bo Phethahatsang

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha ho ea khonang ho laola lintho tse etsahalang bophelong? (b) Baprofeta ba 12 ba hlalosa botho ba Jehova joang?

BATHO ba bangata ba re ha ba sa khona ho laola bophelo ba bona. Seo ba se balang likoranteng se etsa hore ba lumele hore batho bohle ba selebaletsoe. Ho bonahala matsapa a ho ntša lefatše maqakabetsing a mpefatsa boemo le ho feta. Ke habohlokoa ho tseba hore baprofeta ba bang ho bana ba 12 bao re ithutang ka bona ba ile ba hlaheloa ke mathata a tšoanang le a rōna, le hore ba ngotse melaetsa e fanang ka tšepo e ka re tsoelang molemo ea ba ea re thusa hore re tšelise ba bang.—Mikea 3:1-3; Habakuke 1:1-4.

2 U tla fumana hore taba ea sehlooho libukeng tsena tsa boprofeta ke hore Jehova, ’Musi oa bokahohle, o khona ho laola litaba tsa batho ka botlalo ebile o thahasella hore re atlehe. Ha e le hantle, e mong le e mong oa rōna a ka re, “O thahasella hore ’na ke atlehe.” Baprofeta ba 12 ba hlalosa “Jehova oa mabotho” ka tsela e ipiletsang. Le hoja Molimo a ka ‘ama naha, e le hore e qhibilihe,’ o bolella batho ba hae mantsoe ana a khothatsang: “Ea le amang o ama leihlo la ka.” (Zakaria 2:8; Amose 4:13; 9:5) Na ha u khothale ha u bala litemana tse bontšang kamoo liketso tsa Molimo li susumetsoang ke lerato kateng le kamoo a bontšang mohau a bileng a tšoarelang kateng? (Hosea 6:1-3; Joele 2:12-14) Ke ’nete hore baprofeta bana ha ba tšohle tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea botho ba Molimo; libuka tse 66 tsa Bibele ke tsona tseo ha li kopana kaofela li tšohlang tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea botho ba Molimo. Leha ho le joalo, libuka tsena tse 12 li etsa hore re utloisise ka ho hlaka botho ba Molimo bo ratehang le liketso tsa hae.

3. Mangolo a baprofeta ba 12 a hlakisa joang hore Jehova ke Molimo ea nang le morero?

3 Libuka tsa baprofeta ba 12 li ka etsa hore re kholisehe haholoanyane hore Jehova a ka tšeptjoa ha A bolela bokamoso esale pele le hore O na le matla a feletseng a ho phethahatsa morero oa hae. Li tiisa hore qetellong o tla etsa lefatše paradeise tlas’a ’muso oa Molimo. (Mikea 4:1-4) Ba bang ba baprofeta bao ba hlalosa kamoo Jehova a ileng a hlekela Mesia tsela kateng a ba a lokisetsa le thekollo e neng e tla lokolla batho sebeng le lefung. (Malakia 3:1; 4:5) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba see sohle?

’MUSI EA LERATO O KHONA HO LAOLA LITABA KA BOTLALO

4, 5. (a) Baprofeta ba 12 ba hatisa ’nete efe ea bohlokoa ka Molimo? (b) Taba ea hore Jehova o matla ’ohle e u ama joang?

4 Hopola kamoo Molimo a ileng a qosoa kateng mabapi le tokelo ea hae ea ho busa, joalokaha ho bontšitsoe khaolong e fetileng. Ho fetohela bolaoli ba Jehova—le ho mo belaella—ho ile ha etsa hore ba bang leholimong ba se ke ba mamela Molimo ba be ba bake moferefere lefatšeng. Ka ho hlakileng, ho hlokahala hore batho ba hlomphe bobusi ba Jehova ba be ba ikokobeletse bona e le hore ho be le kutloano e feletseng bokahohleng ’me ho be le khotso har’a batho. Ka hona, ka nepo Jehova o ikemiselitse ho tlosa qoso bobusing ba hae. A re ke re hlahlobeng kamoo libuka tse 12 tsa boprofeta li ka re thusang kateng ho bona sena ka ho hlakileng haholoanyane.

5 Kaha baprofeta e ne e le manģosa a Jehova, ba ne ba hatisa boemo ba hae bo phahameng. Ka mohlala, Amose o ile a tlotlisa lebitso la Molimo a ba a thoholetsa bobusi ba Ea Matla ’Ohle ka ho sebelisa tlotla “’Musi Morena” ka makhetlo a 21. Sena se bontša hore Molimo oa ’nete o moholo hoo a ke keng a lekanngoa ebile ha a hlōloe ke letho. (Amose 9:2-5; bona lebokose le reng “Jehova Ea Matla ’Ohle.”) Jehova ke eena feela ea nang le tokelo ea ho ba ’Musi oa bokahohle, ebile o phahame hoo a ke keng a bapisoa le melimo ea litšoantšo e sa pheleng. (Mikea 1:7; Habakuke 2:18-20; Sofonia 2:11) Kaha Jehova ke Moetsi oa lintho tsohle, ho hlakile hore ke eena ea nang le tokelo ea ho busa lintho tsohle. (Amose 4:13; 5:8, 9; 9:6) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa ho uena?

6. Ho phethahala ha morero oa Molimo ho ama motho e mong le e mong joang?

6 Haeba u kile ua khetholloa kapa ua bontšoa leeme kapa lehloeo, u ka tšelisoa ke ho tseba hore ’Musi ea lerato o rata batho bohle. Jehova o ne a atamelane haholo le sechaba se le seng sa boholo-holo, empa o ile a bolela hore o ikemiselitse ho thusa batho ba lichaba tsohle le lipuo tsohle. Ke “Morena oa ’nete oa lefatše lohle.” (Mikea 4:13) Molimo o ile a tšepisa hore lebitso la hae “le tla ba leholo har’a lichaba.” (Malakia 1:11) Ha Ntate oa rōna ea leholimong a ntse a itsebahatsa a sa khetholle, ‘[batho] ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba’ ba lumela ka mafolofolo ha a ba memela hore e be barapeli ba hae.—Zakaria 8:23.

7. Ke hobane’ng ha moelelo oa lebitso la Jehova e le oa bohlokoa?

7 Ho tseba Molimo hantle le ho tseba seo a tla se etsa ho amana haufi-ufi le ho tseba lebitso la hae. (Pesaleme ea 9:10) Mehleng ea Mikea, lebitso la Jehova le ile la nyefoloa hobane ba bangata ba neng ba ipitsa ka lebitso la Hae ba ne ba sa mo mamele ka ho soabisang. Moprofeta enoa o ile a bululeloa hore a hatise “bophahamo ba lebitso la Jehova” a be a bontše hore “motho ea nang le bohlale bo sebetsang o tla tšaba lebitso la [Molimo.]” (Mikea 5:4; 6:9) Hobane’ng? Hobane tšepo leha e le efe ea sebele eo u nang le eona ea hore u ka phela ka ho sa feleng e amana le moelelo oa bohlokoa oa lebitso leo le bolelang hore “O Etsa Hore ho Be.” A k’u bale Joele 2:26 ’me u nahane hore na u lokela ho thaba hakaakang ha u ipitsa ka lebitso la Jehova u bile u bolella ba bang ka Molimo eo e ka bang sohle seo ho hlokahalang hore a be sona molemong oa libōpuoa tsohle tsa hae! Molimo o bontšitse hore ke eena ea nang le matla ’ohle a ho etsa eng kapa eng e hlokahalang. U ka bona bopaki ba sena boprofeteng bo bongata bo phethahetseng bo boletsoeng ke baprofeta ba 12.

8. Lebitso la Jehova le u tsositse molota ka litsela life?

8 Batho ba limilione ba ruile molemo ha ba ithuta hore Jehova a ka phethahatsa sohle seo a se batlang. Joele o ile a bontša sena mantsoeng a hae a tsebahalang a qotsitsoeng ke bangoli ba Bakreste a reng: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Joele 2:32; Liketso 2:21; Baroma 10:13) Na re ikutloa ka tsela e tšoanang le eo Mikea a neng a ikutloa ka eona ha a ne a tiisa hore “re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng”? (Mikea 4:5) E, ha re hlorisoa kapa re le maqakabetsing, ka sebete re ka “tšabela lebitsong la Jehova.”—Sofonia 3:9, 12; Nahume 1:7.

9. Molimo o khona ho laola babusi ba lefatše ho isa bohōleng bofe?

9 Ha u ntse u bala libuka tsena tsa boprofeta, u ka kholiseha le ho feta hore Jehova o khona ho laola esita le babusi ba lefatše le batho ba matla ba etsang liqeto. A ka ba susumetsa hore ba etse se lumellanang le thato ea hae. (Liproverbia 21:1) Nahana ka Dariuse e Moholo oa Persia. Lira tsa borapeli ba ’nete li ne li batla hore a li thuse ho thibela ho tsosolosoa ha tempele ea Jehova e Jerusalema. Ho ile ha etsahala se fapaneng le seo! Hoo e ka bang ka 520 B.C.E., Dariuse o ile a tsosolosa taelo ea Cyruse a ba a tšehetsa Bajuda mosebetsing oa bona oa ho haha. Ha ho hlaha litšitiso tse ling, Molimo o ile a re ho ’Musisi oa Mojuda Zorobabele: “‘Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho. U mang, Uena thaba e khōlō? U tla fetoha sebaka se motsitsa ka pel’a Zorobabele.” (Zakaria 4:6, 7) Ha ho letho le ka thibelang Jehova hore a felise tsamaiso ena e khopo ea lintho a be a tlise paradeise eo barapeli ba hae ba tla e thabela.—Esaia 65:21-23.

10. Ke lintho life tseo le tsona Molimo a khonang ho li laola, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

10 Hlokomela hape hore Jehova o khona ho laola lintho tsa tlhaho, tseo a ka li sebelisang ho timetsa lira tsa hae haeba a batla ho etsa joalo. (Nahume 1:3-6) Ha Zakaria a hatisa kamoo Jehova a ka sireletsang batho ba hae kateng, o ile a bua ka tsela ea tšoantšetso a re: “Jehova o tla bonoa holim’a bona, ’me ka sebele motsu oa hae o tla tsoa joaloka lehalima. ’Musi Morena Jehova o tla letsa lenaka, ’me ka sebele o tla ea ka sefefo sa boroa.” (Zakaria 9:14) Kahoo, na Molimo o tla thatafalloa ho bontša hore o phahametse lichaba tse sa mo tšabeng mehleng ea rōna? Le hanyenyane!—Amose 1:3-5; 2:1-3.

EA SA KOENEHELENG LITŠEPISO TSA HAE

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha batho ba ne ba nahana hore Ninive ke motse o ke keng oa haptjoa? (b) Ho ile ha etsahala’ng ka Ninive, joalokaha lentsoe la Molimo la boprofeta le ne le boletse?

11 A re re u ne u phela lilemong tsa bo-800 B.C.E. sebakeng seo hona joale ho thoeng ke Bochabela bo Hare. Ke motse ofe o moholo oo mohlomong u neng u ka be u utloetse ka oona? Ha ho pelaelo hore e ne e tla ba motse oa Ninive. E ne e le motse o tummeng oa Assyria o lebōpong le ka bochabela la Nōka ea Tigris, lik’hilomithara tse ka bang 900 ka leboea-bochabela ho Jerusalema. Mohlomong u ne u ka be u utloetse ka boholo ba oona—kaha ha u o potoloha o ne o ka ba lik’hilomithara tse 100! Batho ba ileng ba etela motseng oa Ninive ba ne ba o bapisa le Babylona ka botle, o ne o e-na le matlo a borena, litempele, literata tse sephara, lirapa tsa sechaba le laebrari e khōlōhali. Ho feta moo, litsebi tsa maqiti a ntoa li ile tsa bua ka marako a oona a maholo a leng ka ntle le ka hare ho motse, ao ho neng ho le thata ho kena ho ’ona.

12 E tlameha ebe ha batho ba bangata ba hlalosa Ninive ba ne ba re: “Ke motse o ke keng oa haptjoa!” Leha ho le joalo, baprofeta ba bang ba tsoang sechabeng se senyenyane sa Juda ba ne ba tiisa hore Jehova o ahloletse ‘motse oo oa tšollo ea mali’ timetso. Kaha batho ba ile ba baka ha ba utloa molaetsa oa Jonase, ka nakoana Molimo ha aa ka a ahlola motse oo. Leha ho le joalo, Baninive ba ile ba khutlela mekhoeng ea bona ea pele e khopo. Nahume o ile a bolela esale pele a re: “Ninive . . . sabole e tla u felisa . . . Ha ho phomolo bakeng sa tlokotsi ea hao.” (Nahume 3:1, 7, 15, 19; Jonase 3:5-10) Hoo e ka bang hona nakong eo, Molimo o ile a sebelisa Sofonia hore a bolele esale pele hore Ninive e ne e tla fetoha lesupi. (Sofonia 2:13) Na ebe ’muso oo o neng o ke ke oa haptjoa mehleng eo o ne o tla lihuoa joalokaha Jehova a boletse? Karabo ea potso ena e ile ea tsebahala hoo e ka bang ka 632 B.C.E. ha Bababylona, Baskitha le Bamede ba lika-liketsa Ninive. Meroallo ea tšohanyetso e ile ea thefula marako a motse, eaba bahlaseli ba khona ho phunyelletsa mekoallo ea motse. (Nahume 2:6-8) Ka potlako motse o kileng oa e-ba matla o ile oa fetoha qubu ea lithako. Ninive e ntse e le lesupi ho fihlela lena le holimo.a “Motse o thabileng” o ile oa sitoa ho thibela lentsoe la Molimo ho phethahala!—Sofonia 2:15.

13. Baprofeta ba 12 ba fana ka bopaki bofe ba boprofeta bo ileng ba phethahala?

13 Se ileng sa etsahalla Ninive e mpa e le mohlala o le mong feela oa boprofeta bo ileng ba phethahala. A k’u shebe ’mapa oa kajeno oa Bochabela bo Hare. Na u bona Ammone, Assyria, Babylona, Edomo kapa Moabe? U ke ke ua li bona! Le hoja lichaba tsena li kile tsa tuma, baprofeta ba 12 ba ile ba bolela esale pele hore li ne li tla felisoa. (Amose 2:1-3; Obadia 1, 8; Nahume 3:18; Sofonia 2:8-11; Zakaria 2:7-9) Lichaba tsena li ile tsa nyamela ka ho latellana. Jehova o ile a re li ne li tla fela, ’me ho ile ha fela ha e-ba joalo! Le seo baprofeta bana ba ileng ba se bolela esale pele ha ba re Bajuda ba bang ba ne ba tla khutla botlamuoeng Babylona se ile sa phethahala—hantle feela joalokaha ba boletse!

14. Ke hobane’ng ha u ka itšetleha ka litšepiso tsa Jehova ’me ua phela ka tsela e bontšang seo?

14 Ho tseba hore Jehova o khona ho bolela esale pele lintho tseo e leng hona li tla etsahala, ho etsa hore u ikutloe joang? Ho etsa hore u kholisehe hore Jehova o tla phetha litšepiso tsa hae; ke Molimo “ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Ho feta moo, ka Lentsoe la hae, Molimo o re tsebisa seo re lokelang ho se tseba. U ka phelela ho etsa thato ea Jehova ua ba ua kholiseha hore mantsoe a hae a boprofeta a tla phethahala. Boprofeta bo libukeng tse 12 hase mehlala feela ea boprofeta bo phethahetseng nakong e fetileng. Bo bongata ba bona bo ntse bo phethahala hona joale kapa bo haufi le ho phethahala. Kahoo, tlaleho e libukeng tsena tse 12 e ka u kholisa haholoanyane hore boprofeta bo amang mehla ea rōna le bo mabapi le nako e tlang bo tla fela bo phethahale. Ela boprofeta bona hloko.

NTATE EA LERATO

15. Ha u imetsoe ke mathata, ho tseba se ileng sa hlahela Mikea ho ka u thusa joang?

15 Taba ea hore Molimo a ka tšeptjoa ha e bontšoe feela ke se tla etsahalla lichaba kapa lefatše ka kakaretso. Jehova o bolela lintho esale pele a be a li phethe ka litsela tse u amang ka ho toba. Joang? Ka linako tse ling u ka ’na ua imeloa ke mathata ’me u lemohe hore hase feela taba ea ho fumana motho ea utloisisang—u hloka motho eo u ka tšepang hore o tla u thusa. Lilemong tsa bo-700 B.C.E., ho ka etsahala hore ebe Mikea o ne a hlorile haholo ha a le har’a sechaba se ikhohomosang sa Juda. Mohlomong ho ne ho bonahala eka ke eena motho oa ho qetela ea tšepahalang lefatšeng, kahoo, o ne a sitoa ho tšepa le ba lelapa labo. Hohle o ne a bona batho ba mabifi, ba thetsang le ba bolileng. Leha ho le joalo, Mikea o ile a khothatsoa ke ha Molimo a tšepisa hore o tla hlokomela batho ba Hae ba tšepahalang ho sa tsotellehe hore na ba bang bona ba etsa’ng. Le uena u ka tšelisoa ke seo, haholo-holo haeba ho e-na le barapeli ba Jehova ba seng bakae kapa e le uena feela morapeli oa Jehova ’me u le har’a batho ba sa hlompheng Molimo.—Mikea 7:2-9.

16. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Molimo o bona bobolu le khatello ’me o tla lopolla ba lokileng?

16 Batho ba ruileng le ba matla Iseraele le Juda ba ne ba le meharo ba bile ba le leeme, ’me hangata ho ba joalo le kajeno. Ka lebaka la tefiso e feteletseng ea lekhetho le ho nkela ba bang naha ea bona ka mahahapa, ba bangata ba ne ba entsoe makhoba le hoja molao o ne o sa lumele. Mafutsana a ne a sa tsotelloe, a bile a tšoaroa ka sehlōhō. (Amose 2:6; 5:11, 12; Mikea 2:1, 2; 3:9-12; Habakuke 1:4) A sebelisa manģosa a hae, Molimo o hlakisa hore ha a mamelle bobolu le khatello le hore o tla otla bafosi ba sa bakeng. (Habakuke 2:3, 6-16) O bolela esale pele hore o tla ‘lokisa litaba lichabeng tse matla’ ’me “ka sebele e mong le e mong [oa bahlanka ba hae bao a ba amohelang] o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:3, 4) A k’u nahane hore na seo se tla ba molemo hakaakang! Ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Molimo a ileng a li bolela esale pele a ba a li phetha. Ha ho pelaelo hore tšepiso ena le eona e tla phethahala.

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a fa batho tšepo? (b) Re lokela ho ikutloa joang ka taeo ea Jehova?

17 Jehova ha a phethe litšepiso tsa hae ka sepheo sa ho bontša hore o khona ho bolela lintho esale pele, joalokaha eka o batla ho khahlisa batho. Liketso tsa hae li susumetsoa ke lerato le laoloang ke melao-motheo, etsoe “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Hopola se ileng sa etsahalla Hosea, ea neng a phela lilemong tsa bo-700 B.C.E. Joalokaha Gomere, mosali oa Hosea, a ne a sa tšepahalle monna oa hae, Baiseraele le bona ba ne ba sa tšepahalle Jehova. Borapeli ba bona ba litšoantšo bo ne bo tšoana le bofebe; ba ne ba tsoaka borapeli ba Baale le borapeli bo hloekileng ba Jehova. Ka tsela ea tšoantšetso ba ile ba boela ba ‘etsa bohlola’ le Assyria le Egepeta. Jehova o ne a tla etsa joang? Hosea o ne a lokela ho leka ho khutlisa mosali oa hae ea sa tšepahaleng hore a furalle mekhoa ea hae. Jehova o ile a leka ho thusa batho ba hae ka lebaka la lerato. “Ke ’nile ka ba hula ka liropo tsa motho oa lefatše, ka lithapo tsa lerato, . . . ’me ka bonolo ka tlisetsa e mong le e mong lijo.” (Hosea 2:5; 11:4) Haeba ba ne ba ka baka e le kannete, Molimo o ne a tla ba tšoarela, e leng se neng se tla etsa hore ba boele ba be le kamano e ntle le eena. (Hosea 1:3, 4; 2:16, 23; 6:1-3; 14:4) Na ha u amehe maikutlo ha u bona kamoo Jehova a leng lerato kateng? A k’u ipotse, ‘Ha Jehova a ile a bontša lerato ka tsela ee nakong e fetileng, na see ha se nkholise hore oa nthata, ’me lerato la hae ke le bonolo, le tšepahalang, le sa fetoheng le le sa feleng?’—Hosea 11:8.

18 Libuka tse 12 tsa boprofeta li ka boela tsa u thusa hore u bone hore lerato la Molimo le ka akarelletsa hore a u khalemele. Jehova o ile a tiisetsa batho ba hae ba khelohileng hore ‘a ke ke a ba felisa [ka ho feletseng].’ (Amose 9:8) Molimo o ne a fana ka kotlo ha ho hlokahala, empa ho ne ho tšelisa hakaakang ho tseba hore kotlo ea hae e ne e tla ba ea nakoana feela! Malakia 1:6 e tšoantša Jehova le ntate ea lerato. Ua tseba hore ka tsela e itseng ntate a ka ’na a laea bana ba hae bao a ba ratang. (Nahume 1:3; Baheberu 12:6) Leha ho le joalo, lerato la Ntate oa rōna ea leholimong le etsa hore a liehe ho halefa, ’me Malakia 3:10, 16 e tiisa hore o tla fa bahlanka ba hae moputso ka seatla se bulehileng.

19. Re lokela ho itlhahloba ka ho ipotsa lipotso life?

19 Malakia o qala buka ea hae ka mantsoe ana a khothatsang: “‘Ke le ratile,’ ho boletse Jehova.” (Malakia 1:2) Ha u ntse u nahanisisa ka mantsoe ao a khothatsang ao a ileng a a bolella Baiseraele, ipotse: ‘Na ebe ke etsa ntho leha e le efe e ka ’nang ea thibela Molimo hore a nthate? Ke litšobotsi life tsa lerato la Molimo tseo ke batlang ho li tseba le tseo ke batlang hore li nkame haholoanyane?’ Ha u lemoha haholoanyane hore Molimo oa u rata, u tla kholiseha ka ho eketsehileng hore o tla u rata ka ho sa feleng.

HO TŠOARELOA HO BULA TSELA EA POLOKO

20. Ho tšoarela ha Molimo ho bula tsela ea poloko joang?

20 Ha u bala libuka tsena tsa boprofeta, u tla lemoha hore ka linako tse ling Jehova o ne a bolela tlokotsi esale pele. Hobane’ng? Hangata, e ne e le ho susumelletsa batho ba hae hore ba bake. Ke kahoo a ileng a lumella balichaba hore ba timetse Samaria ka 740 B.C.E. le Jerusalema ka 607 B.C.E. Seo Molimo a ileng a se bolela esale pele se ile sa phethahala, empa hamorao o ile a lumella ba bakileng hore ba khutlele naheng ea habo bona. E, libuka tsena li hatisa hore ka mosa Molimo oa tšoarela ebile o thusa ba khaotsang ho etsa sebe ebe ba khutlela ho eena. (Habakuke 3:13; Sofonia 2:2, 3) Mikea o ile a ikutloa a tlameha ho re: “Ke mang Molimo ea kang uena, ea tšoarelang phoso le ea tlohelang tlōlo ea masala a lefa la hae? Ka sebele a ke ke a tšoarella bohaleng ba hae ka ho sa feleng, etsoe o thabela mosa o lerato.” (Mikea 7:18; Joele 2:13; Zakaria 1:4) Ho phethahala ha boprofeta ho tiisa hore mantsoe ao ke ’nete.

21. (a) Baprofeta ba 12 ba ile ba re’ng ka Mesia? (b) Ke boprofeta bofe bo buang ka Mesia bo ipiletsang ho uena?

21 E le ha a bula tsela ea molao ea hore re tšoareloe ka ho sa feleng, Jehova o ile a bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tla, ’me a tele bophelo ba hae e le motho hore e be sehlabelo seo e neng e tla ba “thekollo e lekanang” molemong oa batho ba baetsalibe. (1 Timothea 2:6) Amose o ile a bolela hore Mesia, mora oa Davida, o ne a tla busetsa lintho malulong. (Amose 9:11, 12; Liketso 15:15-19) Mikea o bile a bolela sebaka seo Jesu a neng a tla tsoalloa ho sona, ha A tlisetsa bohle ba neng ba tla bontša tumelo sehlabelong sa Hae melemo e tla ba phelisa. (Mikea 5:2) Zakaria o ile a bua ka “Lehlōmela,” e leng Jesu, ea neng a tla “lula fatše le ho busa a le holim’a terone ea hae.” (Zakaria 3:8; 6:12, 13; Luka 1:32, 33) Ha ho pelaelo hore tumelo ea hao e tla matlafala ha u hlahloba boprofeta bo eketsehileng bo kang bona.—Bona lebokose le reng “Lintho Tsa Bohlokoa Tse Ileng Tsa Profetoa Mabapi le Mesia.”

22. Seo baprofeta ba 12 ba se senolang ka Jehova se etsa hore u mo tšepe haholoanyane joang?

22 Ha u ntse u bala melaetsa ea baprofeta ba 12, u tla kholiseha haholoanyane hore qetellong Molimo o tla hlōla. Jehova ke eena ’Mampoli oa rōna, ’me o tla etsa hore ho be le toka ea ’nete. Lentsoe la Molimo ha le fetohe. O hopola litumellano tseo a li entseng le batho ba hae, o rata bahlanka ba hae ’me o ba lopolla ho bahatelli bohle. (Mikea 7:8-10; Sofonia 2:6, 7) Jehova ha aa fetoha. (Malakia 3:6) Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore ha ho letho le qakang Molimo kapa le mo thibelang hore a phethe morero oa hae! Ha a re letsatsi la hae la kahlolo lea tla, le tla fela le tle. Kahoo, u lule u lebetse ho tla ha letsatsi la Jehova! “Jehova e tla ba morena oa lefatše lohle. Letsatsing leo Jehova o tla ba mong, ’me lebitso la hae le be leng.” (Zakaria 14:9) O bolela sena esale pele, ’me o tla se phetha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka November 2002, pele ho ntoa ea Iraq, Moprofesa Dan Cruickshank o ile a etela sebaka sena. Ha a tlaleha thelevisheneng ea BBC o ile a re: “Lithako tse moeling oa Mosul ke tsa motse o moholo oa Ninive. Motse oo hammoho le oa Nimrud, e ile ea epolloa ka mafolofolo ke baepolli ba Manyesemane ho tloha lilemong tsa bo-1840 ho ea pele. . . . Ha ho fuputsoa metse ena ea boholo-holo ea Assyria ho fumanoe hore ke metse e neng e tsoetse pele e seng e sa tsejoe—joalokaha eka ke ea tšōmong—e tsebiloeng feela ka lebaka la tlhaloso e khutšoanyane, eo ho leng thata ho e utloisisa e bileng e e behang ka mosing e hlahang ka Bibeleng.”

TUMELO EA HAO E MATLAFATSOA JOANG

• ke ho tseba hore Jehova o matla ’ohle?—Joele 1:15.

• ke ho tseba hore Molimo ha a ee ka leeme?—Zakaria 8:23.

• ke ho tseba hore lebitso la Molimo le na le ho hoholo hoo le ho bolelang?—Mikea 5:4.

U KA MATLAFATSA KAMANO EA HAO LE MOLIMO JOANG

• ka ho thuisa ka taba ea hore o khona ho phetha litšepiso tsa hae?—Joele 2:11.

• ka ho nahanisisa ka lerato la hae le bonolo?—Hosea 11:4; 14:4; Sofonia 3:17.

• ka ho nahanisisa ka mohau oa hae le ho tšoarela ha hae?—Hosea 2:23; Mikea 7:18.

[Lebokose le leqepheng la 45]

JEHOVA EA MATLA ’OHLE

Tlotla e filoeng Molimo ka Seheberu ke Shad·daiʹ, kapa “Ea Matla ’Ohle.” E fumanoa hanngoe feela libukeng tse 12 tsa boprofeta, ho Joele 1:15. Ho nahanoa hore moelelo oa eona oa sehlooho ke “ho ba matla” kapa “ho etsa ka matla.” Polelo e tšoanang le eona ke e reng ‘Jehova oa mabotho,’ ’me e fumanoa ka makhetlo a 107 libukeng tsena tse 12. Matla a bolela bonatla kapa bokhoni ba ho phethahatsa seo motho a rerileng ho se etsa. A boetse a bontša ho khona ho hlōla litšitiso kapa khanyetso. Hore Jehova o matla ’ohle ho kopanyelletsa hore o matla hoo ho seng letho le ka mo thibelang ho phethahatsa morero oa hae, ho phetha seo a se boletseng esale pele.

[Chate/Setšoantšo se leqepheng la 55]

LINTHO TSA BOHLOKOA TSE ILENG TSA PROFETOA MABAPI LE MESIA

Boprofeta Bo Fumanoa ho Boa Phethahala

O tsoaletsoe Bethlehema Mikea 5:2 Luka 2:4-11;

Johanne 7:42

O bitsoa moo a neng a Hosea 11:1 Matheu 2:14, 15

tšabetse teng Egepeta

O kena Jerusalema a Zakaria 9:9 Matheu 21:1-9;

palame esele Johanne 12:12-15

O ekoa ka likotoana tsa Zakaria 11:12 Matheu 26:15; 27:3-10

silevera tse 30

Ho otloa molisa, mohlape Zakaria 13:7 Matheu 26:31, 56

oa hasanngoa

O hlajoa a le thupeng Zakaria 12:10 Matheu 27:49;

Johanne 19:34, 37

O qeta likarolo tsa Jonase 1:17; Matheu 12:39, 40;

matsatsi a mararo 2:10 16:21;

lebitleng, ka mor’a moo 1 Bakorinthe 15:3-8

oa tsosoa

[Setšoantšo se leqepheng la 48]

Le hoja ho ne ho bonahala eka motse oa Ninive o ke ke oa haptjoa, ho ile ha etsahala joang ho latela boprofeta ba Jehova?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela