Karolo ea 4
Lebella Letsatsi la Jehova ka Thabo
Jehova o ile a sebelisa baprofeta ba hae ho lemosa ka seo e neng e le hona se tla etsahala—e leng nako eo a tla tšolla khalefo ea hae ka eona. Empa ha rea lokela ho nahana hore ke Molimo ea bohale. O ‘thabile ka lebaka la [sechaba sa hae] ka mehoo ea thabo.’ Ha re ntse re lutse re lebeletse letsatsi la hae le leholo, re na le mabaka a utloahalang a ho ‘nyakalla ’me [re] thabe ka pelo eohle.’ (Sofonia 3:14, 17) U ka bontša see joang ka liketso le ka tsela eo u ikutloang ka eona? Hona ke hobane’ng ha u lokela ho ananela lintho tseo u ithutang tsona libukeng tse 12 tsa boprofeta?