Karolo ea 2
“A Ruta . . . le ho Bolela Litaba Tse Molemo”
’Metli. Moetsi oa mehlolo. Mofolisi. Jesu o ne a etsa lintho tsena le tse ling tse ngata. Empa batho ba ne ba sa mo bitse ka mabitso ao. Ba ne ba re ke Mosuoe. Ha e le hantle, mosebetsi oo a neng a lula a o etsa e ne e le oa ho “ruta . . . le ho bolela litaba tse molemo.” (Matheu 4:23) Kaha re balateli ba Jesu, le rōna ke oona mosebetsi oo re lokelang ho o etsa. Karolong ena, re tlil’o ithuta ka mohlala oo a o behileng, o re bontšang tsela ea ho o etsa.