Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp2 khao. 24 maq. 199-207
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona Batsoali ba Qabanang
  • Seo U ka se Etsang
  • Seo U sa Lokelang ho se Etsa
  • Ke Lokela ho Etsa Eng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Tsoha!—2007
  • Ke Lokela ho Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Loana?
    Tsoha!—1989
  • Batsoali ba ka Baa Arohana—Ke Eng Seo ke Lokelang ho se Etsa?
    Tsoha!—1990
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Tsebe Batsoali ba Ka Hamolemo?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
yp2 khao. 24 maq. 199-207

Khaolong ea 24

Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?

Na ho ke ho etsahale hore batsoali ba hao ba qabane ka pel’a hao? Haeba ho joalo, linthong tse latelang, ke efe eo ba qabanang ka eona haholo?

□ Chelete

□ Mesebetsi ea lapeng

□ Beng ka rōna

□ ’Na

U lakatsa ho bolella batsoali ba hao eng ka tsela eo see se u amang ka eona? Ngola seo ka tlaase mona.

․․․․․

HA HO kamoo u ka qobang ho ameha kateng ha batsoali ba hao ba qabana. Etsoe ua ba rata ebile u itšetlehile ka bona hore ba u thuse. Kahoo u ka ’na ua tšoenyeha haholo ha u utloa ba qabana. U ka ’na ua lumellana le ngoanana e mong ea bitsoang Marie, ea reng: “Ho thata hore ke hlomphe batsoali ba ka empa ho bonahala eka bona ha ba hlomphane.”

Ho bona ha batsoali ba hao ba qabana ho etsa hore u hlokomele ’nete ena e utloisang bohloko: Ha baa phethahala joalokaha mohlomong u ne u nahana hore ba phethahetse. Ho hlokomela ’nete ena e bohloko ho ka etsa hore u tšoenyehe ka lintho tse ngata. Haeba ba qabana khafetsa kapa ba tjolietsana, u ka ’na ua tšoenyeha ka hore ba mothating oa ho hlalana. Marie o re: “Ha batsoali ba ka ba loana ke ee ke nahane hore ba tla hlalana ebe ke tlameha ho khetha hore na ke lula le ofe. Hape ke ee ke nahane hore ke tla arohanngoa le banab’eso.”

Ke hobane’ng ha batsoali ba qabana, hona u lokela ho etsa’ng ha qabang e qhoma ka lapeng?

Lebaka Leo ka Lona Batsoali ba Qabanang

Maemong a mangata, batsoali ba hao ba ka ’na ‘ba mamellana ka lerato.’ (Baefese 4:2) Empa Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Batsoali ba hao ha baa phethahala. Ka hona, ha ua lokela ho makala haeba ka linako tse ling lintho tse ba khopisang li bokellana ’me seo se ba qabanya.

Hape hopola hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Lintho tse kang ho tobana le likhatello tsa bophelo, ho lefa mekitlane le ho sebetsana le maemo a thata mosebetsing oa boipheliso, li ka etsa hore batsoali ba hule ka thata lenyalong. ’Me haeba batsoali ka bobeli baa sebetsa, ba ka ’na ba phehisana khang ka hore na ke mang ea tla etsa mosebetsi o itseng oa lapeng.

Kholiseha hore haeba batsoali ba hao ba sa lumellane tabeng e itseng, seo ha se bolele hore lenyalo la bona lea qhalana. Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba hao ba ntse ba ratana—le hoja ka linako tse ling ba fapana ka maikutlo lintlheng tse itseng.

Ka mohlala: Na u kile ua shebella baesekopo le metsoalle ’me ua hlokomela hore maikutlo a hao ka eona ha a tšoane le a metsoalle ea hao? Seo se ka etsahala. Esita le batho ba ntšanang se inong ba tla ’ne ba bone lintho tse itseng ka tsela e sa tšoaneng. Ho ka etsahala se tšoanang le ka batsoali ba hao. Mohlomong ka bobeli ba bona ba tšoenyehile ka boemo ba lelapa ba lichelete, empa e mong o bona lintho ka tsela e fapaneng le ea e mong ha ho tluoa tabeng ea ho sebelisa chelete; ka bobeli ba batla ho lokisetsa hore lelapa le ee phomolong, empa e mong o na le maikutlo a sa tšoaneng le a e mong ka hore na phomolo ke eng; kapa ka bobeli ba labalabela hore u atlehe sekolong, empa e mong o na le maikutlo a sa tšoaneng le a e mong ka hore na ke tsela efe e molemo eo ba ka u susumetsang ka eona hore u atlehe.

Taba ea bohlokoa mona ke hore ho lumellana ntlheng e itseng ha ho bolele hore batho ba be le maikutlo a tšoanang hantle ka eona. Ka linako tse ling, batho ba babeli ba ratanang ba ka ’na ba talima lintho ka litsela tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, u ka ’na ua utloa bohloko ha u utloa batsoali ba hao ba qabana. U ka re’ng kapa u ka etsa’ng e tla u thusa ho mamella boemo boo?

Seo U ka se Etsang

Ba hlomphe. Ho bonolo ho khopeha ha batsoali ba hao ba lula ba omana. Etsoe ke bona ba lokelang ho u behela mohlala, eseng hore uena u ba behele mohlala. Empa ho se hlomphe batsoali ba hao ho tla baka tsitsipano le ho feta ka lapeng. Habohlokoa le ho feta, Jehova Molimo o u laela hore u hlomphe batsoali ba hao ’me u ba mamele—esita le haeba ho se bonolo ho etsa joalo.—Exoda 20:12; Liproverbia 30:17.

Empa u lokela ho etsa’ng haeba taba eo batsoali ba hao ba sa lumellaneng ka eona e le e u amang ka ho toba? Ka mohlala, ha re re motsoali e mong ke Mokreste ’me e mong ha aa lumela. Ho ka ’na ha hlaha likhohlano lintlheng tse itseng tse amanang le bolumeli tseo ho tsona u lokelang ho emela se lokileng hammoho le motsoali ea tšabang Molimo. (Matheu 10:34-37) Kamehla u etse seo “ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” Mohlala oa hao o motle tabeng ena o ka ’na oa etsa hore ka le leng motsoali oa hao ea sa lumelang e be Mokreste.—1 Petrose 3:15.

Lula u sa nke lehlakore. U ka etsa’ng haeba batsoali ba hao ba batla hore u nke lehlakore litabeng tse sa u ameng ka ho toba? Leka ho lula u sa nke lehlakore. Mohlomong u ka intša litabeng ka ho bua ka tlhompho, u re, “’Mè le Ntate, kea le rata. Empa ke kōpa hore le se ke la etsa hore ke nke lehlakore tabeng ena. Ke lōna ba lokelang ho rarolla taba ena le le babeli.”

Bua le batsoali ba hao. U lokela ho ba bolella hore na u ikutloa joang ha ba qabana. Khetha nako eo u nahanang hore ba tla mamela seo u se buang u ntan’o ba bolella ka tlhompho kamoo liqabang tsa bona li u utloisang bohloko kateng, li u halefisang esita le ho u tšosa.—Liproverbia 15:23; Bakolose 4:6.

Seo U sa Lokelang ho se Etsa

U se ke ua iketsa moeletsi litabeng tsa lenyalo. Kaha u mocha ha u na tokelo ea ho rarolla liqabang tsa batsoali ba hao. Ka mohlala: Nka hore u palame sefofane se senyenyane ’me u utloa mokhanni a ngangisana le mothusi oa hae. Hoa utloahala hore seo se tla u tšoenya. Empa ho ka etsahala’ng haeba ka ho iketelletsa pele u qala ho ba bolella hore na ba fofise sefofane joang kapa u se u bile u leka ho se fofisa ka bouena?

Ka ho tšoanang, ho leka ‘ho fofisa sefofane’ ka hore u itšunya-tšunye mathateng a batsoali ba hao a lenyalo ho ka ’na ha mpefatsa boemo le ho feta. Bibele e re: “Ka ho iketelletsa pele motho o baka ntoa feela, empa ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” (Liproverbia 13:10) Mohlomong batsoali ba hao ba ka rarolla mathata a bona hamolemo ha ba buisana ba le bang.—Liproverbia 25:9.

U se ke ua ikenya litabeng tsa bona. Ke ntho e mpe ha batho ba babeli ba qhoelisana ka mantsoe. Motho oa boraro o tla mpefatsa boemo le ho feta. Ho sa tsotellehe hore na u batla ho kenella hakae litabeng tsa bona, ’nete ke hore hase boikarabelo ba hao ho rarolla liqabang tsa batsoali ba hao, empa ke bona feela ba ka li rarollang. Kahoo, leka ho sebelisa keletso ea Bibele ea hore ‘u hlokomele litaba tsa hao’ ho e-na le ho ikenya litabeng tsa bona. (1 Bathesalonika 4:11) U se ke ua kenella ntoeng ea bona.

U se ke ua qabanya batsoali ba hao. Ha e le hantle bacha ba bang ba qabanya batsoali ba bona. Ha ’Mè a ba hanela ho etsa ntho e itseng, ba ikhaula ho Ntate e le hore a ba lumelle ho etsa seo ’Mè a ba hanetseng sona. Ho etsa bomenemene bo joalo ho ka ’na ha etsa hore u fumane bolokolohi bo itseng, empa ha nako e ntse e ea seo se tla ntšetsa pele qabang ka lapeng.

U se ke ua itumella ho susumetsoa ke boitšoaro ba bona. Mocha e mong ea bitsoang Peter o ile a hlokomela hore o ne a etsa lintho tseo Bakreste ba sa lokelang ho li etsa e le hore a bakise ntate oa hae ea neng a ba hlekefetsa. Peter o re: “Ke ne ke batla ho mo utloisa bohloko. Ke ne ke hloile tsela eo a neng a ntšoara ka eona hammoho le ’Mè le khaitseli ea ka.” Empa ka mor’a nakoana, Peter o ile a tlameha ho kotula litholoana tsa liketso tsa hae. Re ithuta’ng ho see? Re ithuta hore ho etsa lintho tse tsoileng tseleng ho mpa ho tla mpefatsa lintho feela le ho feta lapeng.—Bagalata 6:7.

Lintlheng tse tšohliloeng khaolong ena, ngola eo u lokelang ho ntlafatsa haholo ho eona. ․․․․․

Ho hlakile hore u ke ke ua thibela batsoali ba hao ho qabana. Empa kholiseha hore Jehova a ka u thusa hore u sebetsane le matšoenyeho a tlisoang ke ha ba qabana.—Bafilipi 4:6, 7; 1 Petrose 5:7.

Leka ka hohle ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng ka holimo. Ha nako e ntse e ea, batsoali ba hao ba ka ’na ba susumelletseha ho nahana ka ho teba ka taba ea ho rarolla mathata a bona. Mohlomong ba ka ba ba khaotsa ho ngangisana.

KHAOLONG E LATELANG

U ka sebetsana joang le mathata a ho hōlisoa ke motsoali a le mong?

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.”—Bakolose 4:6.

KELETSO

Haeba batsoali ba hao ba qabana khafetsa ba bile ba tjolietsana, ka tlhompho ba khothalletse hore ba kōpe thuso.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ka linako tse ling, ho ka etsahala hore batho ba ratanang ba se ke ba lumellana.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ha batsoali ba ka ba qala ho ngangisana, ke tla ․․․․․

Haeba batsoali ba ka ba batla hore ke nke lehlakore, ke tla re ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha batsoali ba bang ba qabana?

● Ke hobane’ng ha e se molato oa hao hore ebe batsoali ba hao ba na le mathata?

● Ke’ng seo u ka ithutang sona ka ho shebella tsela eo batsoali ba hao ba etsang lintho ka eona?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 201]

“Ho tseba hore batsoali ba ka ha baa phethahala le hore ba na le mathata joaloka ’na ho nthusitse hore ke utloisise ha ba qabana.’’—Kathy

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 206, 207]

Ke Lokela ho Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Arohana?

Haeba batsoali ba hao ba arohana, u ka etsa lintho ka bohlale joang, le hoja e ka ’na eaba seo se u utloisitse bohloko ka ho tebileng? Nahana ka likeletso tse latelang:

● U se ke ua itšepisa lelea. Ntho ea pele eo u ka ’nang ua e etsa ke ho leka ho boelanya batsoali ba hao. Anne o re: “Ka mor’a hore batsoali ba rōna ba arohane, ka linako tse ling ba ne ba ntse ba intša le rōna re le lelapa. ’Na le ausi oa ka re ne re sebelana, re re, ‘Ha re mathele pele re ba siee ba le babeli.’ Empa seo ha sea ka sa sebetsa. Ha baa ka ba boelana.”

Liproverbia 13:12 e re: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo.” E le hore u se ke ua tšoenyeha ho sa hlokahale, hopola hore u ke ke ua laola seo batsoali ba hao ba se etsang. Hase uena ea entseng hore ba arohane, ebile hase uena ea ka etsang hore ba boelane.—Liproverbia 26:17.

● Qoba lehloeo. Ho hloea motsoali oa hao kapa ka bobeli ba bona le ho lula u halefile ho ka u bakela mathata a nako e telele. Tom o re ha a bua ka tsela eo a neng a ikutloa ka eona ha a le lilemo li 12: “Ke ile ka qala ho ikutloa ke halefetse Ntate haholo. Ha ke batle ho re ke ne ke mo ‘hloile’ empa ke ne ke sa batle ho utloa letho ka eena. Ke ne ke sa utloisise hore na ke joang a neng a ka re oa re tsotelle empa a re siile.”

Leha ho le joalo, ha batsoali ba arohana ha se feela taba ea hore motsoali e mong ha a na liphoso ka ho feletseng ’me e mong o mobe ka ho feletseng. ’Nete ke hore e ka ’na eaba batsoali ba hao ha baa u bolella mabaka ’ohle a entseng hore ba arohane; mohlomong le bona ha ba a utloisise. Kahoo u se ke ua etsa qeto ha u sa tsebe lintlha tsohle tse amehang. (Liproverbia 18:13) Ke ’nete hore ho thata ho ithiba hore u se ke ua halefa, ’me ho itlela ka tlhaho hore u qete nako e itseng u utloile bohloko bo tebileng. Empa ho lula u halefile ’me u tletse moea oa boiphetetso ho ka senya botho ba hao butle-butle. Ke ho utloahalang hore ebe Bibele e re: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo.”—Pesaleme ea 37:8.

● Sheba lintho ka tsela ea sebele. Ho fapana le hore ba hloee motsoali ea tlohileng lapeng, bacha ba bang ba feteletsa lintho, ba mo nkela holimo haholo. Ka mohlala, ntate oa mocha e mong e ne e le lekhoba la joala a bile a ithatela basali ’me a ’nile a tlohela lelapa ka makhetlo eaba qetellong o hlala mosali. Leha ho le joalo, mocha enoa o hopola hore ka lebaka le itseng o ne a se a nkela ntate oa hae holimo haholo!

Ho tloaelehile hore bacha ba bang ba nkele motsoali holimo ka tsela eo e fosahetseng. Naheng e ’ngoe, bana ba ka bang 90 ho ba lekholo bao batsoali ba bona ba hlalaneng ba lula le bo-’mè ba bona ’me ba etela bo-ntate. Kahoo, ’mè ke eena ea atisang ho jara boikarabelo ba ho hlokomela bana le ho ba khalemela. Ho sa tsotellehe hore ebe ’mè o fumana chelete ea sapoto, hangata o hula ka thata licheleteng ka mor’a tlhalo. Ka lehlakoreng le leng, ntate eena lintho li ka ’na tsa mo tsamaela hantle licheleteng. Phello e ba hore ha ba etetse ntate seo se bolela hore ba fuoa limpho le ho ba le nako e monate! Ho lula le ’mè ho bolela hore ba lokela ho baballa lintho le ho bolelloa hore na ba etse eng ’me ba se ke ba etsa eng. Ka masoabi, bacha ba bang ba tlohetse motsoali oa Mokreste e le hore ba il’o lula le motsoali ea sa lumelang, ea ikhonang ea bileng a ba lumellang hore ba iketsetse borata.—Liproverbia 19:4.

Haeba le uena u utloa eka u ka rata ho ba etsisa, sekaseka lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa. Hopola hore u hloka ho fuoa tataiso litabeng tsa boitšoaro le ho khalemeloa. Ha ho letho le fetang lena leo motsoali a ka u fang lona le tla u susumetsa ka ho teba le ho susumetsa tsela eo u phelang ka eona.—Liproverbia 4:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 202, 203]

Mocha ea bolellang batsoali ba hae hore na ba rarolle liqabang tsa bona joang o tšoana le mopalami ea bolellang bakhanni ba sefofane hore na ba se fofise joang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela