Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bt khao. 4 maq. 28-35
  • “Batho Feela ba Tloaelehileng ba sa Rutehang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Batho Feela ba Tloaelehileng ba sa Rutehang”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase “ka Matla a Rona” (Liketso 3:11-26)
  • “Re ke ke ra Khaotsa ho Bua” (Liketso 4:1-22)
  • Ba Ile “ba Rapela Molimo” (Liketso 4:23-31)
  • Re Ikarabella ho ‘Molimo Eseng ho Batho’ (Liketso 4:32–5:11)
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • O Loanne ka Thata Hore a Hlōle Tšabo le Lipelaelo
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
bt khao. 4 maq. 28-35

KHAOLO EA 4

“Batho Feela ba Tloaelehileng ba sa Rutehang”

Baapostola ba nka khato ka sebete, ’me Jehova oa ba hlohonolofatsa

E Thehiloe ho Liketso 3:1–5:11

1, 2. Ke mohlolo ofe oo Petrose le Johanne ba ileng ba o etsa haufi le monyako oa tempele?

THAPAMENG ena letsatsi le chabile ’me letšoele le ea holimo le tlaase. Bajuda ba chesehang le barutuoa ba Kreste ba fihla lebaleng la tempele. E tla tloha e ba hora ea ho rapela.a (Lik. 2:46; 3:1) Petrose le Johanne ba fohla har’a letšoele ba lebile monyako oa tempele o bitsoang Keiti e Ntle. Har’a liqi le lerata la batho ba qoqang mokopa-kopa ea tsoetsoeng a holofetse o hooa ka lentsoe le phahameng ’me o kopa limpho.—Lik. 3:2; 4:22.

2 Ha Petrose le Johanne ba atamela, mokopa-kopa eo o bua mantsoe ao a tloaetseng ho a bua ha a kopa chelete. Baapostola baa ema, ’me monna eo o ba sheba ka mohau. Petrose o re: “Ha ke na silevera kapa khauta empa ke u fa ntho eo ke nang le eona. Ka lebitso la Jesu Kreste oa Monazaretha, ema u tsamaee.” Nahana kamoo letšoele le maketseng kateng ha Petrose a tšoara motho enoa ea holofetseng ka letsoho ’me a ema tsoee! ka lekhetlo la pele bophelong ba hae. (Lik. 3:6, 7) Nahana feela monna eo a se a icheba maotong ’me a qala ho tataea! Hase feela a qalang ho tlola-tlola le ho rorisa Molimo ka lentsoe le phahameng!

3. Ke mpho efe e fetisisang e neng e ka fumanoa ke monna ea neng a holofetse le letšoele?

3 Letšoele le nyakaletseng le mathela ho Petrose le Johanne mathuleng a Solomone. A le sebakeng sena seo Jesu a kileng a ema ho sona a ba a ruta a le ho sona, Petrose o ba tsebisa bohlokoa ba se sa tsoa etsahala. (Joh. 10:23) O tšepisa letšoele le monna ea neng a holofetse mpho e fetang silevera kapa khauta. Ena ke mpho e kholo ho feta ho phekoloa. Ke monyetla oa ho baka, ho tšoareloa libe, le ho ba balateli ba Jesu Kreste, “Moeta-pele e Moholo ea khethetsoeng ho fana ka bophelo” ea khethiloeng ke Jehova.—Lik. 3:15.

4. (a) Phekolo ea mohlolo e ile ea tsosa khohlano efe? (b) Re tla araba lipotso life tse peli?

4 A letsatsi le ikhethang! Motho a phekoloa ’me a khona ho tsamaea hape. Ba bang ba likete ba fuoa monyetla oa ho fumana tsebo e nepahetseng le kutloisiso ea Lentsoe la Molimo e le hore ba ka tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Molimo. (Bakol. 1:9, 10) Ho phaella moo, se ileng sa etsahala letsatsing leo se ile sa tsosa khohlano pakeng tsa balateli ba tšepahalang ba Kreste le babusi ba neng ba tla leka ho ba thibela ho phetha taelo ea Jesu ea hore ba bolele molaetsa oa ’Muso. (Lik. 1:8) Le hoja Petrose le Johanne e ne e le “batho feela ba tloaelehileng ba sa rutehang,” re ka ithuta’ng mekhoeng eo ba ileng ba e sebelisa le tseleng eo ba neng ba ikutloa ka eona ha ba ntse ba pakela letšoele?b (Lik. 4:13) Hona re ka ba etsisa joang mabapi le seo bona le barutuoa ba bang ba ileng ba se etsa ha ba hanyetsoa?

Hase “ka Matla a Rona” (Liketso 3:11-26)

5. Re ithuta’ng tseleng eo Petrose a ileng a bua le letšoele ka eona?

5 Petrose le Johanne ba ile ba ema ka pel’a letšoele, ba tseba hore har’a lona e ka ’na eaba ho na le ba ileng ba loanela hore Jesu a bolaoe. (Mar. 15:8-15; Lik. 3:13-15) Nahana hore Petrose o ile a ba sebete hakaakang ha a phatlalatsa hore monna ea holofetseng o phekotsoe ka lebitso la Jesu. Petrose ha aa ka a hlatha koana le koana. O ile a hlalosa ka ho hlakileng hore letšoele leo le lona lea ikarabella lefung la Kreste. Empa Petrose o ne a sa jara batho bao ka pelo, hobane ba ne ba entse ka “ho hloka tsebo.” (Lik. 3:17) O ile a ba bitsa sechaba sa habo ’me a tsepamisa mohopolo litabeng tse thahasellisang tsa molaetsa oa ’Muso. Haeba ba ne ba ka baka ’me ba lumela ho Kreste, Jehova o ne a tla ba “khatholla.” (Lik. 3:19) Le rona ho hlokahala re be sebete ’me re tobe taba ha re phatlalatsa kahlolo e tlang ea Molimo. Leha ho le joalo, le ka mohla ha rea lokela ho hlaba batho ka mantsoe kapa ho ba ahlola. Ho e-na le hoo, re nka hore batho bao re ba pakelang e tla ba barab’abo rona, ’me joaloka Petrose, re tsepamisa mohopolo haholo litabeng tse thahasellisang tsa molaetsa oa ’Muso.

6. Petrose le Johanne ba ile ba bontša joang hore ba ikokobelitse?

6 Baapostola e ne e le batho ba ikokobelitseng. Ha baa ka ba inkela tlotla bakeng sa mohlolo oo ba o entseng. Petrose o ile a re ho letšoele: “Ke hobane’ng ha le re shebile joalokaha eka re entse hore monna eo a tsamaee ka matla a rona kapa ka lebaka la hore re sebeletsa Molimo ka botšepehi?” (Lik. 3:12) Petrose le baapostola ba bang ba ne ba tseba hore ntho efe kapa efe e ntle eo ba e finyeletseng tšebeletsong ea bona, ba e finyeletse ka matla a Molimo eseng a bona. Ka lebaka leo, ka boikokobetso ba ile ba lebisa thoriso eohle ho Jehova le Jesu.

7, 8. (a) Re ka fa batho mpho efe? (b) Tšepiso “ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle” e phethahala joang kajeno?

7 Le rona ho hlokahala re ikokobetse ka tsela e tšoanang ha re etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Ke ’nete hore moea oa Molimo ha o fe Bakreste ba kajeno matla a ho phekola batho ka mohlolo. Leha ho le joalo, re ka thusa batho hore ba be le tumelo ho Molimo le Kreste ’me ba fumane mpho e tšoanang le eo Petrose a ileng a ba tšepisa eona—e leng monyetla oa hore ba tšoareloe libe ’me ba khatholloe ke Jehova. Selemo se seng le se seng, batho ba makholo a likete ba amohela mpho ena ’me e ba barutuoa ba Kreste ba kolobelitsoeng.

8 Ka sebele, re phela nakong eo Petrose a ileng a re ke “ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle.” Tumellanong le lintho tseo “Molimo a ileng a bua ka tsona a sebelisa baprofeta ba hae ba khale ba halalelang,” ’Muso o ile oa thehoa leholimong ka 1914. (Lik. 3:21; Pes. 110:1-3; Dan. 4:16, 17) Nakoana ka mor’a moo, Kreste o ile a qala ho tsamaisa mosebetsi oa tsosoloso ea moea lefatšeng. Ka lebaka leo, batho ba limilione ba tlisitsoe paradeiseng ea moea, hore e be bafo ba ’Muso oa Molimo. Ba hlobotse botho ba khale bo bolileng ’me ba “apere botho bo bocha boo Molimo a bo entseng ho ea ka thato ea hae.” (Baef. 4:22-24) Joaloka tabeng ea mokopa-kopa ea holofetseng, mosebetsi ona o tsotehang le oona ha oa finyelloa ka matla a motho empa o finyeletsoe ka moea oa Molimo. Joaloka Petrose, ha re ruta ba bang re tlameha ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka sebete le ka mokhoa o atlehang. Ke matla a Molimo, eseng a rona, a etsang hore re khone ho thusa batho hore e be barutuoa ba Kreste.

“Re ke ke ra Khaotsa ho Bua” (Liketso 4:1-22)

9-11. (a) Baeta-pele ba Bajuda ba ile ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa oa Petrose le Johanne? (b) Baapostola ba ile ba etsa qeto efe?

9 Ho ile ha tsoha moferefere o moholo ha Petrose a bua ’me monna ea neng a holofetse a tlola-tlola a bile a hoeletsa. Sena se ile sa etsa hore motsamaisi oa tempele—ea neng a khethetsoe ho hlokomela hore tempele e sireletsehile—hammoho le baprista ba phahameng ba potlakele tempeleng ho ea bona se etsahalang. Mohlomong batho bana e ne e le Basaduse, e leng lequloana la barui le nang le matla lipolotiking le neng le loanela hore ho be le khotso le Baroma, le hana molao oa molomo oo Bafarisi ba neng ba o rata haholo, le bile le soma batho ba lumelang tsohong ea bafu.c Ba ile ba hlabeha hakaakang ha ba fumana Petrose le Johanne ka tempeleng, ba ntse ba ruta ka sebete hore Jesu o tsositsoe bafung!

10 Bahanyetsi bao ba halefileng ba ile ba lahlela Petrose le Johanne chankaneng ’me letsatsing le hlahlamang ba ba isa ka pel’a lekhotla le phahameng la Bajuda. Ho ea ka babusi bao ba neng ba inka ba phahame, Petrose le Johanne e ne e le “batho feela ba tloaelehileng ba sa rutehang” ba neng ba se na tokelo ea ho ruta tempeleng. Ba ne ba sa kena likolo tsa bolumeli tse tsebahalang. Empa, ho bua ha bona ka sebete le ka kholiseho ho ile ha etsa hore lekhotla le ba tsote. Ke hobane’ng ha Petrose le Johanne ba ne ba atleha hakaale? Lebaka le leng ke hore ba ne “ba ne ba tloaetse ho tsamaea le Jesu.” (Lik. 4:13) Mong’a bona o ne a ruta ka matla; o ne a sa rute joaloka bangoli.—Lik. 4:19, 20.

11 Lekhotla le ile la laela baapostola hore ba khaotse ho bolela litaba tse monate. Sechabeng seo, lentsoe la lekhotla le ne le haheloa lesaka. Libekenyana pele ho moo ha Jesu a ne a hlahile ka pel’a lekhotla lena, litho tsa lona li ile tsa re Jesu “a bolaoe!” (Mat. 26:59-66) Leha ho le joalo, Petrose le Johanne ha baa ka ba tšoha. Ba ile ba ema ka pel’a banna bana ba ruileng, ba rutehileng le ba hlaheletseng sechabeng ’me ka sebete le ka tlhompho ba re: “Lona iketsetseng qeto hore na ho nepahetse mahlong a Molimo hore re mamele lona ho e-na le ho mamela eena. Empa rona re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”—Lik. 4:19, 20.

MOPRISTA EA PHAHAMENG LE BAPRISTA BA KA SEHLOOHONG

Moprista ea phahameng o ne a emela sechaba sa habo ho Molimo. Lekholong la pele la lilemo C.E., o ne a boetse a okametse Lekhotla le Phahameng la Bajuda. Baeta-pele ba Bajuda ba neng ba sebetsa le eena e ne e le baprista ba ka sehloohong. Ba ne ba akarelletsa bao e kileng ea e-ba baprista ba phahameng, joaloka Anase, le banna ba bang—mohlomong ba tsoang malapeng a ka bang mane kapa a mahlano—ao baprista ba phahameng ba neng ba khethoa har’a ’ona. Setsebi se bitsoang Emil Schürer se itse: “Taba ea hore motho ke setho sa lelapa le khethehileng, e tlameha e ne e mo khetholla ka tsela e itseng” har’a baprista.

Mangolo a bontša hore motho e ne e e-ba moprista ea phahameng bophelo bohle ba hae. (Num. 35:25) Leha ho le joalo, nakong ea liketsahalo tseo buka ea Liketso e buang ka tsona, babusisi ba Roma le marena a neng a le tlas’a bolaoli ba Roma ba ne ba khetha baprista ba phahameng ’me ba ba theola kamoo ba ratang kateng. Empa, ho bonahala eka babusi bana ba bahetene ba ne ba khetha baprista ba lesika la Arone.

12. Re ka thusoa ke’ng hore re be le sebete le kholiseho?

12 Na le uena u ka ba le sebete se tšoanang le seo? U ikutloa joang ha ho hlaha monyetla oa hore u pakele batho ba ruileng, ba rutehileng kapa ba hlaheletseng sechabeng? U etsa joang haeba litho tsa lelapa, liithuti-’moho kapa basebetsi-’moho ba u soma ka lebaka la seo u se lumelang? Na ua tšoha? Haeba ho joalo, u ka hlola tšabo eo. Ha Jesu a sa ntse a le lefatšeng, o ile a ruta baapostola ba hae kamoo ba ka loanelang tumelo ea bona ka sebete le tlhompho. (Mat. 10:11-18) Ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung, o ile a tšepisa barutuoa ba hae hore o ne a tla tsoela pele a e-na le bona “ka matsatsi ’ohle ho fihlela lefatše le fela.” (Mat. 28:20) Ka tataiso ea Jesu, “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” o re ruta kamoo re ka sireletsang tumelo ea rona kateng. (Mat. 24:45-47; 1 Pet. 3:15) O etsa joalo ka ho re ruta libokeng tsa phutheho, tse joaloka Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona, le ka ho re ruta ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, tse joaloka lihlooho tse kang “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” tse hlahang websaeteng ea jw.org. Na u sebelisa litokisetso tsee ka botlalo? Haeba u etsa joalo, u tla ba sebete u be u kholisehe haholoanyane. ’Me joaloka baapostola, u ke ke ua lumella letho hore le u thibele ho bua ka linnete tsa Bibele tse babatsehang tseo u ithutileng tsona.

Morali oabo rona o pakela mosebetsi-’moho le eena ha ba ntse ba noa kofi.

U se ke ua lumella ntho leha e le efe hore e u thibele ho bua ka linnete tsa Bibele tse babatsehang tseo u ithutileng tsona

Ba Ile “ba Rapela Molimo” (Liketso 4:23-31)

13, 14. Ha re tobane le khanyetso, re lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

13 Hang hoba Petrose le Johanne ba lokolloe litlamong, ba ile ba kopana le phutheho eohle. “Ba rapela Molimo” ’me ba rapella hore ba bolele litaba tse monate ka sebete. (Lik. 4:24) Petrose o ne a tseba hantle hore ke booatla ho tšepa matla a hae ha a leka ho etsa thato ea Molimo. Libekenyana pele ho moo, o ne a ile a ikotla sefuba a re ho Jesu: “Le haeba ba bang kaofela ba u lahla ka lebaka la ntho e tla u etsahalla, le ka mohla nke ke ka u lahla.” Empa, joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele, kapele Petrose o ile a tšaba batho ’me a latola motsoalle le mosuoe oa hae. Leha ho le joalo, Petrose o ile a ithuta hore monna ha a bone habeli.—Mat. 26:33, 34, 69-75.

14 Ho ba le boikemisetso feela ho ke ke ha u thusa ho phetha mosebetsi oa ho ba paki ea Kreste. Ha bahanyetsi ba leka ho senya tumelo ea hao kapa ba leka ho u thibela ho bolela litaba tse monate, latela mohlala oa Petrose le Johanne. Rapela Jehova hore a u matlafatse. Batla tšehetso phuthehong. Bolella baholo le Bakreste ba bang ba holileng tsebong mathata ao u tobaneng le ’ona. Lithapelo tsa ba bang li ka u matlafatsa haholo.—Baef. 6:18; Jak. 5:16.

15. Ke hobane’ng ha ba kileng ba khaotsa ho bolela litaba tse monate ka nakoana ba sa lokela ho nyahama?

15 Haeba u kile ua beha meja fatše ha u hanyetsoa, u se ke ua nyahama. Hopola hore ka mor’a lefu la Jesu baapostola kaofela ba ile ba khaotsa ho bolela litaba tse monate ka nakoana empa ba boela ba li bolela ka mafolofolo. (Mat. 26:56; 28:10, 16-20) Ho e-na le hore liphoso tseo u li entseng nakong e fetileng li u nyahamise, na u ka ithuta ho hong phihlelong eo ’me u sebelise seo u ithutileng sona ho matlafatsa ba bang?

16, 17. Re ka ithuta’ng thapelong eo balateli ba Kreste ba ileng ba e etsa Jerusalema?

16 Re lokela ho rapella eng ha ba boholong ba re hatella? Hlokomela hore barutuoa ha baa ka ba rapella hore ba se ke ba hlaheloa ke liteko. Ba ile ba hopola hantle seo Jesu a se buileng ha a re: “Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Ho e-na le hoo, barutuoa bana ba tšepahalang ba ile ba kopa Jehova hore a ‘bone kamoo ba ba tšosang kateng.’ (Lik. 4:29) Barutuoa ba ile ba utloisisa hantle hore mahloriso ao ba tobaneng le ’ona a phethahatsa boprofeta. Ba ne ba tseba hore, joalokaha Jesu a ba rutile ho rapela, thato ea Molimo e ne e tla ‘etsoa lefatšeng,’ ho sa tsotellehe hore na babusi ba re’ng.—Mat. 6:9, 10.

17 E le hore barutuoa ba ka etsa thato ea Molimo, ba ile ba rapela Jehova, ba re: “U thuse makhoba a hao hore a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” Jehova o ile a arabela thapelo ea bona joang hang-hang? “Sebaka seo ba bokaneng ho sona sa sisinyeha eaba kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.” (Lik. 4:29-31) Ha ho letho le ka thibelang thato ea Molimo hore e phethoe. (Esa. 55:11) Le haeba ho bonahala khoro li le majoe, le haeba sera se le matla, haeba re ipiletsa ho Molimo ka thapelo, re ka kholiseha hore o tla re fa matla a hore re tsoele pele ho bolela lentsoe la hae ka sebete.

Re Ikarabella ho ‘Molimo Eseng ho Batho’ (Liketso 4:32–5:11)

18. Litho tsa phutheho ea Jerusalema li ile tsa thusana joang?

18 Ka nako le motsotso, phutheho e sa tsoa thehoa Jerusalema e ile ea hola ho fihlela e e-na le litho tse 5 000.d Le hoja barutuoa e ne e le batho ba limelo tse fapa-fapaneng, ba ne ba “lumellana.” Ba ne nahane le ho sheba lintho ka tsela e tšoanang. (Lik. 4:32; 1 Bakor. 1:10) Barutuoa ha baa ka ba rapella feela hore Jehova a hlohonolofatse mosebetsi oa bona. Ba ile ba tšehetsana moeeng ’me ha ho hlokahala ba thusana ka lintho tsa ho iphelisa. (1 Joh. 3:16-18) Ka mohlala, morutuoa Josefa, eo baapostola ba neng ba boetse ba mo bitsa Barnabase, o ile a rekisa tšimo ea hae ’me a nehelana ka chelete eohle bakeng sa ho thusa batho ba tsoang linaheng tse hole hore ba lule Jerusalema nako e teletsana e le hore ba ka ithuta haholoanyane ka tumelo ea bona e ncha.

19. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bolaea Ananiase le Safira?

19 Ananiase le Safira le bona ba ile ba rekisa thepa ea bona ’me ba fana ka monehelo. Ba ile ba etsa eka ba fane ka chelete eohle; leha ho le joalo, ba ile ba “ipolokela chelete e ’ngoe ka lekunutu.” (Lik. 5:2) Jehova ha aa ka a bolaea banyalani bana hobane ba fane ka chelete e nyenyane, empa o ile a ba bolaea hobane sepheo sa bona sa ho fana se ne se le sebe ’me e le balotsana. Ba “thetsitse Molimo eseng batho.” (Lik. 5:4) Joaloka baikaketsi bao Jesu a ileng a ba nyatsa, Ananiase le Safira ba ne ba amehile haholo ka ho rorisoa ke batho ho feta ho khahlisa Molimo.—Mat. 6:1-3.

20. Re ithuta’ng ka limpho tseo re li fang Jehova?

20 Lipaki tsa kajeno tse limilione li fana ka menehelo ea boithatelo ka seatla se bulehileng ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate lefatšeng ka bophara, joaloka barutuoa bao ba tšepahalang ba Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo. Ha ho motho ea qobeletsoeng ho fana ka nako kapa chelete ea hae ho tšehetsa mosebetsi ona. Ha e le hantle, Jehova ha a batle hore re mo sebeletse ka lekhonono kapa ka ho qobelloa. (2 Bakor. 9:7) Jehova ha a thahaselle hore na re fana ka bokae empa o thahasella hore na re fana ka sepheo sefe. (Mar. 12:41-44) Le ka mohla ha re batle ho tšoana le Ananiase le Safira, ebe re etsa hore tšebeletso ea rona ho Molimo e susumetsoe ke boikhabi kapa ho batla thoriso. Ho e-na le hoo, joaloka Petrose, Johanne le Barnabase, e se eka kamehla re ka sebeletsa Jehova hobane re mo rata ’me re rata batho ba bang.—Mat. 22:37-40.

PETROSE E NE E LE MOTŠOASI OA LITLHAPI ’ME EA E-BA MOAPOSTOLA EA MAHLAHAHLAHA

Petrose o bitsoa ka mabitso a mahlano ka Mangolong. O tsejoa ka lebitso la Seheberu la Simeone, le ka la Segerike la Simone, hape o tsejoa ka lebitso la Petrose le ka la Searame la Kefase. O boetse o tsejoa ka lebitso le kopanyang mabitso a mabeli, e leng Simone Petrose.—Mat. 10:2; Joh. 1:42; Lik. 15:14.

Moapostola Petrose o nkile baskete e tšetseng litlhapi.

Petrose o ne a nyetse ’me a lula le mohoehali oa hae le moen’ae. (Mar. 1:29-31) E ne e le motšoasi oa litlhapi oa Bethsaida, e leng motse o ka leboea ho Leoatle la Galilea. (Joh. 1:44) Hamorao o ile a lula motseng o haufi oa Kapernauma. (Luka 4:31, 38) Jesu o ne a lutse ka har’a sekepe sa Petrose ha a bua le bongata bo neng bo bokane lebopong la Leoatle la Galilea. Kapele ka mor’a moo, Petrose o ile a mamela taelo ea Jesu eaba ka mohlolo o tšoasa litlhapi tse ngata. Petrose o ile a oa ka mangole a tšohile, empa Jesu a re ho eena: “U se ke oa tšoha. Ho tloha hona joale, u tla tšoasa batho.” (Luka 5:1-11) Petrose o ne a tšoasa litlhapi le moen’ae Andrease, hammoho le Jakobo le Johanne. Kaofela ha bona ba ile ba nyahlatsa khoebo ea bona ea ho tšoasa litlhapi eaba ba amohela memo ea hore e be balateli ba Jesu. (Mat. 4:18-22; Mar. 1:16-18) Hoo e ka bang ka mor’a selemo, Petrose e ile ea e-ba e mong oa ba 12 bao Jesu a ileng a ba khetha hore e be “baapostola,” kapa “ba romiloeng.”—Mar. 3:13-16.

Jesu o ne a tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne ha a e-ea liketsahalong tse khethehileng. Ba ile ba bona ha Jesu a fetoha sebopeho, ha a tsosa morali oa Jairuse, le ha a le mahlomoleng serapeng sa Gethesemane. (Mat. 17:1, 2; 26:36-46; Mar. 5:22-24, 35-42; Luka 22:39-46) Bona hammoho le Andrease, ba ile ba botsa Jesu ka pontšo ea ho ba teng ha hae.—Mar. 13:1-4.

Petrose o ne a toba taba, a le mahlahahlaha ’me ka linako tse ling a nkeha maikutlo. Kamoo ho bonahalang kateng o ne a atisa ho bua pele ho ba bang. Likosepeleng mantsoe a hae a hlaha hangata ho feta a baapostola ba bang ba 11 kaofela. Ke eena feela ea neng a rata ho botsa lipotso. (Mat. 15:15; 18:21; 19:27-29; Luka 12:41; Joh. 13:36-38) O ile a hana ha Jesu a mo hlatsoa maoto, ’me ha a khalemeloa a kopa hore Jesu a mo hlatsoe matsoho le hlooho!—Joh. 13:5-10.

Ka lebaka la ho nkeha maikutlo Petrose o ile a leka ho kholisa Jesu hore ho ke ke ha hlokahala hore a utloisoe bohloko ’me a bolaoe. Jesu o ile a mo khalemela ka matla ka lebaka la ho fanya hoo. (Mat. 16:21-23) Bosiung ba ho qetela Jesu a le lefatšeng, Petrose o ile a re leha baapostola ba bang bohle ba ka lahla Jesu, eena le ka mohla o ne a ke ke a mo lahla. Kaha Petrose o ne a le sebete, ha lira tsa Jesu li mo tšoara, o ile a mo sireletsa ka sabole ’me ka mor’a moo a mo sala morao ho ea fihla lebaleng la moprista ea phahameng. Empa, nakoana ka mor’a moo, Petrose o ile a latola Mong’a hae ka makhetlo a mararo eaba o lla habohloko ha a hlokomela hore na o entse’ng.—Mat. 26:31-35, 51, 52, 69-75.

Nakoana pele Jesu a iponahatsa ho baapostola ba hae Galilea ka mor’a hore a tsohe bafung, Petrose o ile a re o il’o tšoasa litlhapi, eaba baapostola ba bang ba tsamaea le eena. Ha Petrose a bona Jesu lebopong la leoatle, o ile a nkeha maikutlo eaba o itahlela ka metsing ’me o sesetsa lebopong. Ha baapostola ba ntse ba ja tlhapi eo Jesu a ba phehetseng eona hoseng hoo, o ile a botsa Petrose a re: “Na u nthata ho feta lintho tsee?”—ke hore, litlhapi tse neng li le ka pel’a bona. Jesu o ne a khothalletsa Petrose hore a khethe ho mo latela ho ea ho ile ho e-na le ho hahamalla mosebetsi o mong, o kang oa ho tšoasa litlhapi.—Joh. 21:1-22.

Hoo e ka bang ka 62-64 C.E., Petrose o ile a bolela litaba tse monate Babilona, eo hona joale e leng Iraq, moo ho neng ho e-na le Bajuda ba bangata. (1 Pet. 5:13) Petrose o ile a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng le reheletsoeng ka eena a le Babilona, mohlomong le la bobeli. Jesu o ile “a fa Petrose matla,” a hore e be “moapostola ho batho ba bolotseng.” (Bagal. 2:8, 9) Petrose o ile a phetha mosebetsi ona ka kutloelo-bohloko le ka mafolofolo.

JOHANNE—MORUTUOA EO JESU A NENG A MO RATA

Moapostola Johanne e ne e le mora oa Zebedea ebile e le moen’a moapostola Jakobo. Kamoo ho bonahalang kateng ’mè oa hae e ne e le Salome, eo mohlomong e neng e le ngoan’abo Maria, ’mè oa Jesu. (Mat. 10:2; 27:55, 56; Mar. 15:40; Luka 5:9, 10) Kahoo e ka ’na eaba Johanne o ne a amana le Jesu. Ho bonahala eka lelapa labo Johanne le ne le hafa ka nkatana. Khoebo ea Zebedea ea ho tšoasa litlhapi e ne e le kholo hoo a neng a hirile batho. (Mar. 1:20) Salome o ile a tsamaea le Jesu, a mo sebeletsa ha a le Galilea, ’me hamorao a tlisa linoko bakeng sa ho lokisetsa setopo sa Jesu lepato. (Mar. 16:1; Joh. 19:40) Mohlomong Johanne o ne a e-na le ntlo.—Joh. 19:26, 27.

Moapostola Johanne o tšoere moqolo.

Ho ka etsahala hore Johanne e ne e le morutuoa oa Johanne Mokolobetsi ea neng a eme le Andrease ha Johanne Mokolobetsi a shebile Jesu ’me a re: “Bonang Konyana ea Molimo.” (Joh. 1:35, 36, 40) Ka mor’a moo, ho bonahala eka Johanne mora oa Zebedea o ile a tsamaea le Jesu ha a e-ea Kana ’me a bona mohlolo oa pele oa Jesu. (Joh. 2:1-11) Johanne o hlalosa mosebetsi oo Jesu a o entseng hamorao Jerusalema, Samaria, le Galilea ka tsela e hlakileng le e qaqileng ’me seo se bontša hore e ka ’na eaba mongoli eo oa Kosepele o ile a bona liketsahalo tsena ka mahlo. Joaloka Jakobo, Petrose le Andrease, Johanne o ile a tlohela matlooa a hae, seketsoana le mosebetsi a sa tsilatsile ha Jesu a mo bitsa hore e be molateli oa hae ’me sena se tiisa hore Johanne o ne a e-na le tumelo e matla.—Mat. 4:18-22.

Johanne ha a hlahelle ka mahetla joaloka Petrose litlalehong tsa Kosepele. Leha ho le joalo, Johanne le eena o ne a le mahlahahlaha, joalokaha ho bontšoa ke lebitso leo Jesu a ileng a mo reha lona le ngoan’abo Jakobo—e leng Boanergese, e bolelang “Bara ba Sealuma.” (Mar. 3:17) Qalong, Johanne o ne a rata botumo, hoo eena le ngoan’abo ba ileng ba re ’mè oa bona a kope Jesu hore a ba fe maemo a hlaheletseng ’Musong oa hae. Le hoja e ne e le takatso ea boikhabi, e ne e boetse e le pontšo ea hore ba lumela hore ’Muso ke ntho ea sebele. Takatso ea bona ea maemo e ile ea fa Jesu monyetla oa ho eletsa baapostola bohle ba hae hore ho hlokahala ba ikokobetse.—Mat. 20:20-28.

Johanne o ile a bontša hore ha a batle masaoana ha a leka ho thibela monna e mong eo e neng e se molateli oa Jesu hore a leleke bademona ka lebitso la hae. Ka lekhetlo le leng, Johanne o ne a ikemiselitse ho bitsa mollo leholimong hore o timetse baahi ba Samaria ba sa kang ba amohela manģosa ao Jesu a neng a a rometse hore a e’o mo lokisetsa lintho tse itseng. Jesu o ile a khalemella Johanne liketso tsena. Ho hlakile hore ha nako e ntse e e-ea, Johanne o ile a ithuta ho ba le botsitso le mohau oo a kileng a bonahala a se na ’ona. (Luka 9:49-56) Empa, le hoja Johanne a ne a e-na le mefokolo, ke “morutuoa eo Jesu a neng a mo rata.” Ke kahoo ha Jesu a se a tla shoa a ileng a kopa Johanne hore a sale a hlokometse ’mè oa hae, Maria.—Joh. 19:26, 27; 21:7, 20, 24.

Johanne o phetse nako e telele ho feta baapostola ba bang, joalokaha Jesu a ne a profetile. (Joh. 21:20-22) O ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ka bang 70. Ho ella qetellong ea bophelo ba hae, nakong ea puso ea Moemphera Domitian oa Roma, o ile a isoa kholehong sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho ruta batho ’nete ka Jesu.” Ha a le moo hoo e ka bang ka 96 C.E., o ile a bona lipono tseo a ileng a li ngola bukeng ea Tšenolo. (Tšen. 1:1, 2, 9) Ho lumeloa hore ka mor’a hore a lokolloe, o ile a ea Efese, moo a ileng a ngola Kosepele ea hae teng hammoho le mangolo a tsejoang e le Johanne oa Pele, oa Bobeli le oa Boraro, ’me a shoella Efese hoo e ka bang ka 100 C.E.

a Lithapelo li ne li etsoa tempeleng ha ho etsoa mahlabelo a hoseng le a mantsiboea. Sehlabelo sa mantsiboea se ne se etsoa ka “hora ea borobong,” e leng hoo e ka bang ka hora ea boraro thapama.

b Sheba lebokose la sehlooho se reng “Petrose e ne e le Motšoasi oa Litlhapi ’me ea E-ba Moapostola ea Mahlahahlaha” le la sehlooho se reng “Johanne—Morutuoa eo Jesu a Neng a mo Rata.”

c Sheba lebokose la sehlooho se reng “Moprista ea Phahameng le Baprista ba ka Sehloohong.”

d E ka ’na eaba ho ne ho e-na le Bafarisi ba ka bang 6 000 le sehlopha se batlang se le senyenyane sa Basaduse Jerusalema ka 33 C.E. Mohlomong lena ke lebaka le leng le ileng la etsa hore lihlopha tsena tse peli li se ke tsa ja litheohelang ha li utloa lithuto tsa Jesu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela