Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bt khao. 15 maq. 117-123
  • “A Matlafatsa Liphutheho”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “A Matlafatsa Liphutheho”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “A re Etele Barutuoa” (Liketso 15:36)
  • “Ba Ile ba Halefelana Haholo” (Liketso 15:37-41)
  • “O ne a Buuoa Hantle” (Liketso 16:1-3)
  • “Liphutheho Tsa ’na Tsa Matlafala Tumelong” (Liketso 16:4, 5)
  • “Ngoana oa ka ea Ratoang le ea Tšepahalang Moreneng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Timothea—O ne a Itokisitse a Bile a Ikemiselitse ho Sebeletsa Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Timothea—“Ngoana oa ’Nete Tumelong”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
bt khao. 15 maq. 117-123

KHAOLO EA 15

“A Matlafatsa Liphutheho”

Basebeletsi ba tsamaeang ba tiisa liphutheho tumelong

E Thehiloe ho Liketso 15:36–16:5

1-3. (a) Pauluse o se a tsamaea le mang, ’me mohlankana eo ke motho oa mofuta ofe? (b) Re tla ithuta’ng khaolong ee?

HA BA ntse ba tsamaea sebakeng se matsutla-tsutla ba tloha motseng o mong ba ea ho o mong, moapostola Pauluse o sheba mohlankana ea tsamaeang le eena a nahana ka bokamoso ba hae. Lebitso la hae ke Timothea. Kaha Timothea ke mocha ea matjato, mohlomong o lilemo li ka bang 20. Moo ba eang teng ke hole haholo le habo. Ha letsatsi le ntse le phahama, ba ntse ba e-ba hole le Listra le Ikoniamo. Ke’ng se larileng ka pele? Pauluse oa tseba, hobane o nka leeto lena ka lekhetlo la bobeli e le moromuoa. Oa tseba hore ho tla hlaha mathata a mangata. Na mohlankana eo o tla khona ho a mamella?

2 Pauluse o tšepa Timothea, mohlomong ho feta kamoo mohlankana enoa ea ikokobelitseng a itšepang kateng. Se ileng sa etsahala nakong e fetileng se entse hore Pauluse a kholisehe haholoanyane ho feta leha e le neng pele hore ho hlokahala ho be le motho ea nepahetseng ea sebetsang le eena mosebetsing oa ho tsamaea. Pauluse oa tseba hore mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa oa ho etela liphutheho le ho li matlafatsa, o tla hloka hore basebeletsi ba tsamaeang ba be sebete, ’me ba be ntsoe-leng. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka ikutloa ka tsela ee? Lebaka le leng e ka ba qabang e bileng teng pejana e ileng ea etsa hore Pauluse le Barnabase ba arohane.

3 Khaolong ena re tla ithuta haholoanyane ka tsela e molemohali ea ho lokisa liqabang. Re tla boela re hlokomele hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khetha Timothea hore a tsamaee le eena, ’me re utloisise boikarabelo ba bohlokoa ba balebeli ba potoloho.

“A re Etele Barutuoa” (Liketso 15:36)

4. Morero oa Pauluse e ne e le ho etsa’ng leetong la hae la bobeli e le moromuoa?

4 Khaolong e etellang ena pele, re bone kamoo bara ba bo rona ba bane e leng Pauluse, Barnabase, Judase le Silase ba ileng ba matlafatsa phutheho ea Antioke kateng ha ba e tsebisa qeto ea sehlopha se busang e mabapi le lebollo. Pauluse o ile a etsa’ng ka mor’a moo? O ile a buisana le Barnabase ka litokisetso tse ncha tsa ho tsamaea, a re: “A re etele barutuoa ba metseng eohle eo re ileng ra phatlalatsa lentsoe la Jehova ho eona ho bona hore na ba ea joang.” (Lik. 15:36) Pauluse o ne a sa re ba chakele Bakreste bana ba sa tsoa sokoloha. Buka ea Liketso e hlalosa morero o feletseng oa leeto la Pauluse la bobeli e le moromuoa. Oa pele ke hore o ne a tla tsoela pele ho fetisa litaelo tsa sehlopha se busang. (Lik. 16:4) Oa bobeli ke hore joaloka molebeli ea tsamaeang, o ne a ikemiselitse ho matlafatsa liphutheho moeeng e le hore li tiee tumelong. (Bar. 1:11, 12) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa Lipaki Tsa Jehova o latela mohlala oa baapostola joang?

5. Sehlopha se Busang sa kajeno se sebelisa mekhoa efe ho tataisa liphutheho le ho li khothatsa?

5 Kajeno Kreste o tsamaisa phutheho ea hae ka Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Ka mangolo, lingoloa tse hlahang Inthaneteng le tse hatisitsoeng, liboka le mecha e meng ea puisano, banna bana ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba tataisa le ho khothatsa liphutheho tsohle lefatšeng ka bophara. Sehlopha se Busang se leka ho tseba se etsahalang phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe. Se sebelisa balebeli ba tsamaeang bakeng sa ho phetha morero ona. Sehlopha se Busang ke sona se khethileng baholo ba tšoanelehang ba likete lefatšeng ka bophara hore e be balebeli ba potoloho.

6, 7. Boikarabelo bo bong ba balebeli ba potoloho ke bofe?

6 Balebeli ba tsamaeang ba kajeno ba amehile haholo ka ho hlokomela litho tsohle tsa liphutheho tseo ba li etelang le ho li khothatsa ka Bibele. Joang? Ka ho latela mohlala o behiloeng ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba kang Pauluse. O ile a eletsa molebeli-’moho le eena a re: “Ke u laela hore u bolele lentsoe ’me u etse joalo ka cheseho ha ho le monate le ha ho le thata. U khalemele, u lemose hape u eletse. U etse lintho tseo ka mamello eohle le joaloka motho ea tsebang ho ruta hantle. . . . U etse mosebetsi oa moevangeli.”—2 Tim. 4:2, 5.

7 Tumellanong le mantsoe ao, molebeli oa potoloho hammoho le mosali oa hae haeba a nyetse o sebetsa le bahoeletsi ba phutheho likarolong tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea tšimo. Baboleli bao ba tsamaeang ba chesehela tšebeletso ebile ke matichere a nang le tsebo e leng litšobotsi tse khothatsang mohlape. (Bar. 12:11; 2 Tim. 2:15) Balebeli ba potoloho ba tsebahala ka lerato le boitelo ba bona. Ba itella ba bang, ba tsamaea leha boemo ba leholimo bo le bobe esita le libakeng tse kotsi. (Bafil. 2:3, 4) Hape balebeli ba potoloho baa khothatsa, baa ruta ebile ba eletsa phutheho ka ’ngoe ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng. Litho tsohle tsa phutheho li rua molemo ka ho nahanisisa ka boitšoaro ba basebeletsi bana ba tsamaeang le ka ho etsisa tumelo ea bona.—Baheb. 13:7.

“Ba Ile ba Halefelana Haholo” (Liketso 15:37-41)

8. Barnabase o ile a re’ng ha Pauluse a re ba tsamaee ’moho?

8 Barnabase o ile a lumela ha Pauluse a re ba “etele barutuoa.” (Lik. 15:36) Ba ne ba ile ba etela liphutheho hammoho ’me ba se ba tseba libaka tseo ba li etelang le batho ba teng. (Lik. 13:2–14:28) Kahoo e ka ’na eaba ho ne ho le molemo hore ba tsamaee hammoho kabelong ena. Empa ho ile ha hlaha bothata. Liketso 15:37 e re: “Barnabase o ne a ikemiselitse ho tsamaea le Johanne ea bitsoang Mareka.” Barnabase o ne a sa etse tlhahiso feela. O ne a “ikemiselitse” ho tsamaea le motsoala oa hae Mareka leetong lena la boromuoa.

9. Ke hobane’ng ha Pauluse a sa ka a lumellana le Barnabase?

9 Pauluse o ile a hana. Hobane’ng? Bibele e re: “Empa Pauluse o ne a sa batle hore ba tsamaee le [Mareka] hobane ha ba le Pamfilia o ile a ba siea eaba ha a ee mosebetsing le bona.” (Lik. 15:38) Mareka o ne a tsamaile le Pauluse le Barnabase leetong la bona la pele e le baromuoa empa ha a ka a khona ho tsoela pele ka leeto le bona. (Lik. 12:25; 13:13) Qalong ea leeto, ha ba le Pamfilia, Mareka o ile a tlohela kabelo ea hae ’me a khutlela hae Jerusalema. Bibele ha e bolele hore na o ne a khutlela’ng, empa ho ka etsahala hore ebe moapostola Pauluse o ne a nka seo e le ho hloka boikarabelo. E ka ’na eaba Pauluse o ne a ipotsa hore na ba ka tšepa Mareka.

10. Qabang ea Pauluse le Barnabase e ile ea fella ka eng?

10 Ho ntse ho le joalo, Barnabase o ne a ikemiselitse hore ba tla tsamaea le Mareka ho bata kapa ho chesa. Pauluse le eena o ne a lomahantse meno hore ba ke ke ba tsamaea le eena. Liketso 15:39 e re: “Ba ile ba halefelana haholo hoo ba ileng ba arohana.” Barnabase a ea sehlekehlekeng sa ha habo sa Saeprase a tsamaea le Mareka. Pauluse a tsoela pele leetong la hae. Bibele e re: “Pauluse eena a khetha Silase. Kahoo, bana ba bo rona ba rapela Jehova hore a be mosa ho Pauluse. Ka mor’a moo a tsamaea.” (Lik. 15:40) Ka bobeli ba ile ba tsamaea ba ‘feta le Siria le Silisia ba ntse ba matlafatsa liphutheho.’—Lik. 15:41.

11. Ho hlokahala hore re be le makhabane afe e le hore re se ke ra qabanela ruri le batho ba re khopisitseng?

11 Taba ena e ka ’na ea re hopotsa kamoo re sa phethahalang kateng. Pauluse le Barnabase ba ne ba khethiloe e le baemeli ba khethehileng ba sehlopha se busang. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse e ile ea e-ba setho sa sehlopha seo. Ho ntse ho le joalo, ketsahalong ena, Pauluse le Barnabase ba ile ba laoloa ke ho se phethahale. Na ba ile ba lumella boemo boo bo ba qabanyetse ruri? Le hoja Pauluse le Barnabase e ne e le batho ba sa phethahalang, ba ne ba ikokobelitse ba bile ba e-na le kelello ea Kreste. Ha ho na pelaelo hore ha nako e ntse e ea ba ile ba bontša hore ke bara ba motho ba Bakreste, ’me ba tšoarelana. (Baef. 4:1-3) Hamorao, Pauluse le Mareka ba ile ba sebetsa hammoho likabelong tse ling tsa puso ea Molimo.a—Bakol. 4:10.

12. Balebeli ba kajeno ba lokela ho etsisa Pauluse le Barnabase ka ho bonahatsa makhabane afe?

12 Hore ebe Barnabase le Pauluse ba ile ba halefelana haholo lekhetlong lena le le leng ha ho bolele hore e ne e le mokhoa oa bona. Barnabase o ne a e-na le botumo ba hore ke motho ea lerato le ea fanang ka seatla se bulehileng, ke ka lebaka leo baapostola ba neng ba sa mo bitse ka lebitso la hae la Josefa, ho e-na le hoo ba mo rehile Barnabase, e bolelang “Mora oa Matšeliso.” (Lik. 4:36) Pauluse le eena o ne a tsebahala e le motho ea lerato le ea bonolo. (1 Bathes. 2:7, 8) Kajeno balebeli bohle ba Bakreste, ho akarelletsa le balebeli ba potoloho ba lokela ho etsisa Pauluse le Barnabase ’me kamehla ba loanele ho ikokobetsa le ho tšoara baholo ba bang hammoho le mohlape oohle ka lerato.—1 Pet. 5:2, 3.

“O ne a Buuoa Hantle” (Liketso 16:1-3)

13, 14. (a) Timothea e ne e le mang, ’me e ka ’na eaba Pauluse o kopane le eena hokae? (b) Ke eng se ileng sa etsa hore Pauluse a khahloe ke Timothea? (c) Timothea o ile a fuoa kabelo efe?

13 Leetong la bobeli la Pauluse e le moromuoa o ile a ea profinseng ea Roma ea Galatia, moo ho neng ho thehiloe liphutheho tse ’maloa. Qetellong o ile “a ea Derbe, ha a tloha moo a fetela Listra.” Bibele e re: “Ho ne ho e-na le morutuoa e mong moo ea bitsoang Timothea. ’Mè oa hae e ne e le Mojuda ebile e le morutuoa, ntate oa hae eena e le Mogerike.”—Lik. 16:1.b

14 Mohlomong Pauluse o ne a kopane le ba lelapa labo Timothea ha a e-ea sebakeng seo ka lekhetlo la pele hoo e ka bang ka 47 C.E. Ha a khutlela sebakeng seo lilemong tse ka bang peli kapa tse tharo hamorao, Pauluse o ile a khahloa ke Timothea. Hobane’ng? Hobane Timothea o ne a “buuoa hantle ke barutuoa.” Hase bara ba bo rona ba motseng oa habo feela ba neng ba mo rata empa o ne a tumme hantle le liphuthehong tse ling. Bibele e re bara ba bo rona ba Listra le ba Ikoniamo, e leng libaka tse bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 30, ba ne ba mo bua hantle. (Lik. 16:2) Ka tataiso ea moea o halalelang, baholo ba ile ba fa Timothea boikarabelo ba bohlokoa ba ho thusa Pauluse le Silase e le mosebeletsi ea tsamaeang.—Lik. 16:3.

15, 16. Ho tlile joang hore Timothea a be le botumo bo botle hakaalo?

15 Ho tlile joang hore Timothea a be le botumo bo botle hakaalo a sa le monyenyane? Na ke ka lebaka la bohlale ba hae, tsela eo a shebahalang ka eona kapa bokhoni ba hae? Hangata batho ba khahloa ke lintho tse joalo. Le moprofeta Samuele o kile a susumetsoa ke tsela eo motho e mong a neng a shebahala ka eona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a re ho eena: “Molimo ha a shebe lintho ka tsela eo motho a li shebang ka eona. Motho o bona se bonoang ke mahlo feela empa Jehova o bona se ka pelong.” (1 Sam. 16:7) Timothea o ile a ba le botumo bo botle ho Bakreste ba habo ka lebaka la makhabane a hae eseng ka lebaka la tsela eo a shebahalang ka eona.

16 Ka mor’a lilemo tse ngata moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tse ntle tseo Timothea a neng a tsebahala ka tsona. Pauluse o ile a bua ka boikutlo bo botle ba Timothea, lerato le boitelo ba hae le mafolofolo a hae likabelong tsa puso ea Molimo. (Bafil. 2:20-22) Timothea o ne a boetse a tumme ka hore o na le tumelo “e se nang boikaketsi.”—2 Tim. 1:5.

17. Kajeno bacha ba ka etsisa Timothea joang?

17 Kajeno bacha ba bangata ba etsisa Timothea ka ho leka ho ba le litšobotsi tse khahlisang Molimo. Ka lebaka leo ba iketsetsa botumo bo botle ho Jehova le batho ba hae ba sa le banyenyane. (Liprov. 22:1; 1 Tim. 4:15) Ba bonahatsa tumelo e se nang boikaketsi, ha ba batle ho phela bophelo ba ho ikhakanya. (Pes. 26:4) Ka lebaka leo, bacha ba bangata ba ka etsisa Timothea ka ho phetha karolo ea bohlokoa ka phuthehong. Ruri ba khothatsa batho bohle ba ratang Jehova ha e e-ba bahoeletsi ba litaba tse monate ’me ka mor’a nako e itseng ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa.

“Liphutheho Tsa ’na Tsa Matlafala Tumelong” (Liketso 16:4, 5)

18. (a) Kaha Pauluse le Timothea e ne e le basebeletsi ba tsamaeang, ba ile ba phetha mesebetsi efe e khethehileng? (b) Liphutheho li ile tsa hlohonolofatsoa joang?

18 Pauluse le Timothea ba ile ba sebetsa hammoho ka lilemo tse ngata. Kaha e ne e le basebeletsi ba tsamaeang, ba ile ba rongoa ke sehlopha se busang hore ba phethe mesebetsi e fapaneng. Bibele e re: “Ha ba ntse ba ea le metse, ba ne ba bolella liphutheho hore na baapostola le baholo ba Jerusalema ba entse liqeto life e le hore le bona ba ka etsa lintho tumellanong le liqeto tseo.” (Lik. 16:4) Ho hlakile hore liphutheho li ile tsa latela tataiso e tsoang ho baapostola le baholo ba Jerusalema. Ka lebaka la boikokobetso bo joalo, “liphutheho [li ile] tsa ’na tsa matlafala tumelong ’me tsa hola letsatsi le letsatsi.”—Lik. 16:5.

19, 20. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ikokobelletsa “ba . . . etellang pele”?

19 Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki Tsa Jehova li rua molemo ha li ikokobelletsa tataiso ea “ba . . . etellang pele” har’a tsona. (Baheb. 13:17) Kaha boemo ba lefatše lena boa fetoha, ke habohlokoa hore Bakreste ba se ke ba fetoa ke lijo tsa moea tseo “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” a fanang ka tsona. (Mat. 24:45; 1 Bakor. 7:29-31) Ho etsa joalo ho ka re thusa hore re se ke ra oa tumelong ’me re ipoloke re se na letheba lefatšeng.—Jak. 1:27.

20 Ke ’nete hore balebeli ba Bakreste ba kajeno, ho akarelletsa le Sehlopha se Busang ha baa phethahala joalokaha Pauluse, Barnabase, Mareka le baholo ba bang ba batlotsuoa ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba sa phethahala. (Bar. 5:12; Jak. 3:2) Empa, kaha Sehlopha se Busang se latela ka hloko Lentsoe la Molimo ’me se latela mohlala oa baapostola, se bontša hore sea tšepahala. (2 Tim. 1:13, 14) Ka lebaka leo, liphutheho lia matlafala ’me li tiisoa tumelong.

TIMOTHEA O ILE A SEBETSA KA THATA “HO BOLELA LITABA TSE MONATE”

Moapostola Pauluse o ne a nka Timothea e le mothusi oa bohlokoa haholo. Ka mor’a hore banna bana ba babeli ba sebetse hammoho ka lilemo tse ka bang 11, Pauluse o ile a ngola tjena ka Timothea: “Ha ke na motho e mong ea tšoanang le eena ea ka le hlokomelang ka lintho tseo le li hlokang. . . . Lea tseba hore eena o bontšitse hore ha a joalo. Joalokaha ngoana a sebetsa le ntate oa hae, o ile a sebetsa le ’na ka thata ho bolela litaba tse monate libakeng tse ngata.” (Bafil. 2:20, 22) Timothea o ile a sebetsa ka thata hore a ntšetse pele mosebetsi oa boboleli, ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a mo rata haholo, ’me o re behetse mohlala o motle.

Timothea.

Ho bonahala eka Timothea o holetse Listra ’me ntate oa hae e ne e le Mogerike, ’mè oa hae e le Mojuda. Ho tloha boseeng, Timothea o ile a rutoa Mangolo ke ’mè oa hae Eunise le nkhono oa hae Loise. (Lik. 16:1, 3; 2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Mohlomong bona le Timothea e ile ea e-ba Bakreste ha Pauluse a etetse motseng oa ha bo Timothea ka lekhetlo la pele.

Ha Pauluse a khutla ka mor’a lilemo tse seng kae, mohlomong Timothea o ne a habile lilemo tse 20 kapa a sa tsoa li feta, ’me a se a ntse a “buuoa hantle ke barutuoa ba Listra le Ikoniamo.” (Lik. 16:2) Moea oa Molimo o ne o susumelitse “baprofeta” mabapi le mohlankana enoa, ’me tumellanong le bona, Pauluse le baholo ba phutheho ea habo ba ile ba buella Timothea hore a etse tšebeletso e khethehileng. (1 Tim. 1:18; 4:14; 2 Tim. 1:6) O ne a lokela ho tsamaea le Pauluse maetong a boromuoa. Timothea o ne a lokela ho siea lelapa labo, ’me o ile a tlameha ho lumela hore a bolotsoe e le hore Bajuda bao a neng a tla ba etela ba se ke ba belaela.—Lik. 16:3.

Timothea o ile a tsamaea haholo. O ile a sebetsa le Pauluse le Silase ha a le Filipi, ’me ha a le Berea teng a sebetsa le Silase, eaba o sebetsa a le mong ha a le Thesalonika. Ha Timothea a boela a kopana le Pauluse Korinthe, o ile a tlisa litaba tse monate tse mabapi le lerato le botšepehi boo Bathesalonika ba ileng ba bo bontša ho sa tsotellehe matšoenyeho. (Lik. 16:6–17:14; 1 Bathes. 3:2-6) Ha Pauluse a utloa litaba tse tšoenyang mabapi le Bakorinthe, o ne a le Efese ’me a nahana ho romela Timothea Korinthe. (1 Bakor. 4:17) Hamorao Pauluse o ile a romela Timothea le Erastase Macedonia ba tloha Efese. Empa ha Pauluse a ngolla Baroma, Timothea o ne a khutletse ho eena Korinthe. (Lik. 19:22; Bar. 16:21) Maeto ana ke a mang ao Timothea a ileng a a nka ka lebaka la litaba tse monate.

Khothatso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea e bontša hore o ne a batla a le leqe ho sebelisa matla ao a a fuoeng. O ile a re ho eena: “U se ke oa lumella mang kapa mang ho u khella fatše hobane u le mocha.” (1 Tim. 4:12) Empa Pauluse o ne a le sebete ho romela Timothea phuthehong e likhathatso, a mo file litaelo tsena: “Khalemela ba bang moo hore ba se ke ba ruta lithuto lisele.” (1 Tim. 1:3) Hape Pauluse o ile a fa Timothea matla a ho khetha balebeli le bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong.—1 Tim. 5:22.

Makhabane a Timothea a ile a etsa hore Pauluse a mo rate haholo. Mangolo a bontša hore mohlankana enoa o ne a sebetsa haufi le eena, a tšepahala ’me Pauluse a mo nka e le mora oa hae. Pauluse o ile a ngola hore o hopola meokho ea Timothea, o hlolohetsoe ho mo bona, ’me oa mo rapella. Kaha Pauluse o ne a tšoana le ntate ea amehileng, o ile a boela a eletsa Timothea ‘hobane a kula hangata’ mohlomong o ne a e-na le bothata ba mala.—1 Tim. 5:23; 2 Tim. 1:3, 4.

Nakong eo Pauluse a neng a le teronkong Roma ka lekhetlo la pele, Timothea o ne a mo tšehelitse. Bonyane ka nako e itseng, Timothea le eena o ile a ba litlamong tsa teronko. (Filem. 1; Baheb. 13:23) Ho hlakile hore banna bana ba babeli ba ne ba utloana haholo hobane ha Pauluse a lemoha hore o se a tla shoa, o ile a romeletsa ho Timothea a re: “Etsa sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na kapele.” (2 Tim. 4:6-9) Mangolo ha a bontše hore na Timothea o ile a fihla ka nako hore a boele a bone morupeli enoa oa hae.

MAREKA O FUOA BOIKARABELO BO EKETSEHILENG

Kosepele ea Mareka e re ba ileng ba tšoara Jesu ba ile ba boela ba leka ho tšoara le “mohlankana e mong” ea ileng a pholoha ’me “a baleha a le feela.” (Mar. 14:51, 52) Kaha Mareka, ea boetseng a bitsoang Johanne Mareka, ke eena feela ea tlalehang taba ena, ho ka etsahala hore ebe mohlankana eo ke eena Mareka. Haeba ho joalo, bonyane Mareka o kile a ba le Jesu.

Mareka o mametse ka hloko ha motho e moholo a ntse a bua.

Ka mor’a lilemo tse ka bang 11, nakong eo Heroda Agripa a neng a hlorisa Bakreste, “ba bangata” ba tsoang phuthehong ea Jerusalema ba ile ba bokana lapeng ha Maria, ’mè oa Mareka, e le hore ba rapele. Moapostola Petrose o ile a ea lelapeng lena ha a lokolloa teronkong ka mohlolo. (Lik. 12:12) Ka lebaka lena, ho ka etsahala hore ebe Mareka o holetse ntlong eo hamorao e ileng ea sebelisoa bakeng sa liboka tsa Bakreste. Ho bonahala hore o ne a tseba barutuoa ba Jesu ba pele hantle, ’me ba ile ba mo behela mohlala o motle.

Mareka o ile a sebetsa hammoho le balebeli ba bangata ba liphutheho tsa pele tsa Bakreste. Kabelo ea hae ea pele e khethehileng, ho ea kamoo re tsebang kateng e bile ho sebetsa le motsoala oa hae Barnabase le moapostola Pauluse kabelong ea bona ea Antioke ea Siria. (Lik. 12:25) Ha Barnabase le Pauluse ba kena leetong la bona la pele e le baromuoa, Mareka o ile a tsamaea le bona, ba qala Saeprase ba ntan’o ea Asia Minor. Ha ba tloha moo, Mareka a khutlela Jerusalema ka lebaka le sa boleloang. (Lik. 13:4, 13) Ka mor’a hore Barnabase le Pauluse ba qabane ka lebaka la Mareka, joalokaha ho hlalositsoe ho Liketso khaolo ea 15, Mareka le Barnabase ba ile ba tsoela pele ka tšebeletso ea bona ea boromuoa Saeprase.—Lik. 15:36-39.

E tlameha ebe ka 60 kapa 61 C.E. ba ne ba lebetse ho hang ka qabang eo ha Mareka a se a boetse a sebetsa le Pauluse, khetlong lena ba le Roma. Pauluse, eo e neng e le motšoaruoa motseng oo, o ile a ngolla phutheho ea Kolose lengolo a re: “Aristakase ea tšoeroeng le ’na oa le lumelisa, le Mareka motsoala oa Barnabase oa le lumelisa (Mareka ke eena eo ke ileng ka le laela hore le mo amohele ha a ka tla ho lona).” (Bakol. 4:10) Kahoo Pauluse o ne a nahana ho romela Johanne Mareka e le moemeli oa hae Kolose a tloha Roma.

Neng-neng pakeng tsa 62 le 64 C.E., Mareka o ile a sebetsa le moapostola Petrose Babilona. Joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 10 bukeng ena, ba ile ba atamelana haholo, hobane Petrose o ile a re mohlankana enoa ke “Mareka mora oa ka.”—1 Pet. 5:13.

Qetellong, hoo e ka bang ka 65 C.E., ha moapostola Pauluse a le teronkong ka lekhetlo la bobeli Roma, o ile a ngolla mosebetsi-’moho le eena Timothea, ea neng a le Efese a re: “U tle le Mareka hobane o nthusa haholo mosebetsing oa Molimo.” (2 Tim. 4:11) Ha ho pelaelo hore Mareka o ile a amohela memo eo hang-hang ’me a tloha Efese a khutlela Roma. Hase feela Barnabase, Pauluse le Petrose ba neng ba mo rata hakana!

Tokelo ea Mareka e fetang tsohle ke ha Jehova a mo susumetsa hore a ngole Kosepele. Ho latela neano, boholo ba litaba tseo Mareka a li ngotseng o li fumane ho moapostola Petrose. Ho bonahala hore bopaki bo tšehetsa taba ena, hobane seo Mareka a se ngotseng se kenyelelitse litaba tse ka tsejoang ke batho ba li boneng ka mahlo, ba kang Petrose. Leha ho le joalo, ho bonahala eka Mareka o ngotse Kosepele ea hae a le Roma, eseng Babilona ha a e-na le Petrose. Mareka o sebelisa lipolelo tse ngata tsa Selatine ’me o fetolela mantsoe a Seheberu ao ho neng ho tla ba thata hore batho bao e seng Bajuda ba a utloisise, ka hona ho bonahala eka o ne a hlile a ngolla Balichaba.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Mareka o Fuoa Boikarabelo bo Eketsehileng.”

b Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Timothea o Ile a Sebetsa ka Thata ‘ho Bolela Litaba Tse Monate.’”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela