Pina ea 14
Lintho Tsohle Lia Nchafatsoa
1. “Lipontšo” tsa puso’a Molimo li teng.
Ke Jesu ea behiloeng teroneng.
Ntoeng ke eena ea hlōtseng Satane,
Ho tla etsoa thato ea Molimo.
(K’HORASE)
Thabang Molimo o tla tla
A tl’o re hl’onolofatsa!
Ha ho sa tla ba teng ma soabi
Le lefu holim’a le fatše;
Molim’o tla nchafatsa ntho tsohle.
O n’a re hlapanyetse.
2. Bonang Monyaluoa oa Kreste’a busang,
Ke Jerusalema e phatsimang.
Ke motse o mocha o ratehang,
Ke Jehova feel’a o khantšetsang.
(K’HORASE)
Thabang Molimo o tla tla
A tl’o re hl’onolofatsa!
Ha ho sa tla ba teng ma soabi
Le lefu holim’a le fatše;
Molim’o tla nchafatsa ntho tsohle.
O n’a re hlapanyetse.
3. Ke motse oo bohle ba tla o rata.
O lula o sa koaloa kamehla.
Li chaba li’a phallela ho oona;
Qa lang hona joale ho li mema.
(K’HORASE)
Thabang Molimo o tla tla
A tl’o re hl’onolofatsa!
Ha ho sa tla ba teng ma soabi
Le lefu holim’a le fatše;
Molim’o tla nchafatsa ntho tsohle.
O n’a re hlapanyetse.
(Sheba le Mat. 16:3; Tšen. 12:7-9; 21:23-25.)