Pina ea 5
Kreste, Mohlala oa Rōna
E Hatisitsoeng
1. Rato le tsotehang,
Le bontšitsoeng ke Jah,
Ha a romela Mora ea ratoang.
E bile bohobe
Boo ha re ka bo ja,
Re tla fuoa bophelo le khotso.
2. Jesu o rutile
Hore re rapelle
Ho halaletsoa ha bitso la Jah.
Ho tle ’Muso oa hae,
Ho etsoe thato’a hae;
A re fe bohobe tsatsi ka leng.
3. O rutile ’nete,
A b’a re tšelisa
Rōna nku tsa hae tse tšepahalang.
A re jaleng peō
Ea ’nete ea ’Muso,
’Me re tla kotula ka nyakallo.
(Sheba le Mat. 6:9-11; Joh. 3:16; 6:31-51; Baef. 5:2.)