Pina ea 99
Rorisang Morena e Mocha oa Lefatše
E Hatisitsoeng
1. Letšoele le tsoang lichabeng
le bokane hammoho,
Le bokeletsoe ke Kreste le
batlotsuoa ba hae.
’Me ’Muso oa Jah oa busa;
Thato ea hae e tla etsoa.
Re na le tšepo ea bohlokoa,
e re thabisang ha holo.
(K’HORASE)
Rorisang Jehova;
Le Kreste, Mora oa
Hae ka hore ba re lopolle.
Re rorisa Molimo ka tšepo
Ea phelo bo sa feleng.
2. Re thoholetsa Kreste
Jesu ka pina ea thabo.
Khosana ena ea Khotso
e tla tlisa poloko.
Re lebeletse ho bona
Ho se na tšabo lefatšeng,
Ho tla tsosoa le ba robetseng,
Ho be le thabo e khōlō!
(K’HORASE)
Rorisang Jehova;
Le Kreste, Mora oa
Hae ka hore ba re lopolle.
Re rorisa Molimo ka tšepo
Ea phelo bo sa feleng.