Karolo 10
Solomone ke Morena ea Bohlale
Jehova o fa Morena Solomone bohlale; pusong ea Solomone Baiseraele ba ba khotsong eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng naheng eo ’me ba rua haholo
BOPHELO bo ne bo tla ba joang haeba sechaba sohle le morena oa sona ba ne ba mamela Jehova e le ’Musi oa bona ba bile ba phetha melao ea Hae? Karabo ea potso ena e ile ea hlaka pusong ea lilemo tse 40 ea Morena Solomone.
Pele Davida a e-shoa, o ile a khetha mora oa hae Solomone hore e be mohlahlami oa hae. Molimo o ile a bolella Solomone torong hore a kōpe seo a se batlang. Solomone o ile a kōpa bohlale le tsebo e le hore a tle a ahlole sechaba ka toka le ka bohlale. Molimo o ile a khahlisoa ke kōpo ea Solomone eaba o mo fa bohlale le kutloisiso. A boela a mo tšepisa maruo, khanya, le bophelo bo bolelele haeba a lula a mo mamela.
Solomone o ne a tumme ka hore o ahlola ka bohlale. Nyeoeng e ’ngoe, basali ba babeli ba ne ba tseka ngoan’a moshanyana. Solomone o ile a laela hore ngoana eo a aroloe ka lehare ’me mosali ka mong a fuoe halofo. Mosali e mong o ile a lumela, empa eo e neng e le eena ’mè oa ngoana a kōpa kapele-pele hore ngoana a fuoe mosali eo. Solomone o ile a kholiseha hore mosali enoa ea utloelang ngoana bohloko ke eena ’mè oa ngoana eaba o mo fa eena. Ha hoa nka nako e telele hore qeto ena ea boahloli e tsebahale naheng eohle ea Iseraele, ’me sechaba sa hlokomela hore bohlale ba Molimo bo ho eena.
Ntho e hlollang ka ho fetisisa eo Solomone a ileng a e etsa ke ho haha tempele ea Jehova—e leng mohaho o motle haholo Jerusalema oo e neng e tla ba oona o ka sehloohong oo Baiseraele ba neng ba tla o sebelisa bakeng sa borapeli. Ha ho neheloa tempele, Solomone o ile a rapela a re: “Bona! Maholimo, e, leholimo la maholimo, a ke ke a u lekana; joale, ntlo ee eo ke e hahileng e nyenyane hakaakang!”—1 Marena 8:27.
Solomone o ile a tuma le linaheng tse ling, esita le ho ea fihla Sheba, e Arabia. Mofumahali oa Sheba o ile a nka leeto ho ea bona khanya le maruo a Solomone le ho bona hore na o bohlale hakae. Mofumahali enoa o ile a khahloa ke bohlale ba Solomone le maruo a Baiseraele hoo a ileng a rorisa Jehova kahobane a khethile morena ea bohlale joalo. Ka sebele Jehova o ile a hlohonolofatsa Solomone hoo pusong ea hae naha ea Iseraele e bileng le maruo le khotso tse neng li e-s’o ka li e-ba teng.
Ka masoabi, Solomone o ile a hlōleha ho sebelisa bohlale boo Jehova a neng a mo file bona. O ile a tlōla molao oa Jehova a nyala basali ba makholo, ho akarelletsa le ba bangata ba neng ba rapela melimo ea lichaba tse ling. Butle-butle basali ba hae ba ile ba mo khelosa borapeling ba Jehova ba etsa hore a rapele litšoantšo. Jehova o ile a bolella Solomone hore karolo ea ’muso oo e tla haholoa ho eena. A re ho tla sala karolo e nyenyane feela lelapeng la hae, ka lebaka la tšepiso eo a ileng a e etsetsa ntat’ae Davida. Le hoja Solomone a ile a kheloha, Jehova o ile a ’na a tšepahalla selekane sa hae sa ’Muso seo a se entseng le Davida.
—E thehiloe ho 1 Marena khaolo ea 1 ho ea ho 11; 2 Likronike khaolo ea 1 ho ea ho 9; Deuteronoma 17:17.
◼ Molimo o ile a etsa’ng ha Solomone a kōpa bohlale le tsebo?
◼ Solomone o ile a etsa’ng ho bontša hore o bohlale?
◼ Solomone o ile a susumetsoa ke eng hore a lahle Jehova, hona phello e bile efe?
[Chate e leqepheng la 13]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena ●
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike ●
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria