Karolo 14
Molimo o Fetisa Melaetsa ka Baprofeta ba Hae
Molimo o khetha baprofeta hore ba fetise melaetsa e mabapi le kahlolo, borapeli bo hloekileng le tšepo ea hore Mesia o tla tla
MEHLENG ea marena a Iseraele le a Juda, ho ne ho e-na le banna ba khethehileng ba neng ba fetisa melaetsa ea Molimo—e leng baprofeta. E ne e le banna ba nang le tumelo e matla le sebete. Hlokomela lintlha tse ’nè tsa bohlokoa tse ileng tsa totobatsoa ke baprofeta ba Molimo.
1. Timetso ea Jerusalema. Baprofeta ba Molimo—haholo-holo Esaia le Jeremia, ba ile ba lemosa nako e telele esale pele hore Jerusalema e tla felisoa e be e hloke baahi. Ba ile ba bolela ba sa hlathe koana le koana hore na ke hobane’ng ha Molimo a ne a halefetse motse oo. Le hoja baahi ba oona ba ne ba re ke barapeli ba Jehova, ho ile ha totobala hore ha ho joalo ha ba ne ba kopanela bolumeling ba bohata, ba sa tšepahale ’me ba le mabifi.—2 Marena 21:10-15; Esaia 3:1-8, 16-26; Jeremia 2:1–3:13.
2. Ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. Batho ba Molimo ba ne ba tla lokolloa botlamuoeng Babylona ka mor’a lilemo tse 70. Ba ne ba tla khutlela naheng ea habo bona e entsoeng lesupi ’me ba tsosolose tempele ea Molimo Jerusalema. (Jeremia 46:27; Amose 9:13-15) Lilemo tse ka bang 200 esale pele, Esaia o ile a bolela lebitso la monna ea neng a tla hlōla Babylona a be a lumelle sechaba sa Molimo ho ea tsosolosa borapeli bo hloekileng. O ile a re ke Cyruse. Esaia o bile a bolela ka ho qaqileng tsela e ikhethang eo Cyruse a neng a tla felisa motse oo ka eona.—Esaia 44:24–45:3.
3. Ho fihla ha Mesia le lintho tse neng li tla mo hlahela. Mesia o ne a tla tsoalloa motseng oa Bethlehema. (Mikea 5:2) O ne a tla ikokobetsa, a kene Jerusalema a palame esele. (Zakaria 9:9) Le hoja a ne a le bonolo ’me a le mosa, batho ba ne ba ke ke ba mo rata, ’me ba bangata ba ne ba ke ke ba mo amohela. (Esaia 42:1-3; 53:1, 3) O ne a tla bolaoa ka sehlōhō. Na e ne e tla ba ho felile ka eena? Che, hobane sehlabelo sa hae se ne se lokela ho thusa ba bangata hore ba tšoareloe libe. (Esaia 53:4, 5, 9-12) Seo se ne se tla etsahala hafeela a tsohile bafung.
4. Puso ea Mesia lefatšeng. Ha e le hantle batho ba sa phethahalang ha ba khone ho busa ba bang ka khotso, empa Morena oa Mesia o tla bitsoa Khosana ea Khotso. (Esaia 9:6, 7; Jeremia 10:23) Ha a se a busa, batho bohle ba tla phelisana ka khotso ’me ba be le khotso le liphoofolo. (Esaia 11:3-7) Batho ba ke ke ba hlola ba kula. (Esaia 33:24) Esita le lefu le tla metsoa ka ho sa feleng. (Esaia 25:8) Ha Mesia a se a busa, batho ba shoeleng ba tla tsoha ’me ba boele ba phele lefatšeng.—Daniele 12:13.
—E thehiloe bukeng ea Esaia, Jeremia, Daniele, Amose, Mikea le Zakaria.
◼ Baprofeta ba Molimo ba ile ba phatlalatsa melaetsa efe?
◼ Baprofeta ba ile ba bolela joang esale pele hore Jerusalema e tla felisoa ’me borapeli bo hloekileng bo tsosolosoe?
◼ Baprofeta ba Molimo ba ile ba re’ng ka Mesia le ka lintho tse neng li tla mo hlahela?
◼ Baprofeta ba ile ba re ho tla etsahala lintho life ha Mesia a busa lefatše?
[Chate e leqepheng la 17]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
Sefela sa Lifela
Esaia ●
Jeremia ●
Lillo Tsa Jeremia ●
Ezekiele ●
Daniele ●
Hosea ●
Joele ●
Amose ●
Obadia ●
Jonase ●
Mikea ●
Nahume ●
Habakuke ●
Sofonia ●
Hagai ●
Zakaria ●
Malakia ●
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo