Karolo 18
Jesu o Etsa Mehlolo
Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e bontša kamoo a tla sebelisa matla a hae ha e le Morena
MOLIMO o ile a fa Jesu matla a hore a etse lintho tseo batho ba bang ba neng ba ke ke ba li etsa. Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata e ikhethang—hangata e le ka pel’a matšoele a e bonang ka mahlo. Mehlolo eo e ile ea bontša hore Jesu o na le matla a fetang a lira tsa hae le matla a ho felisa mathata a hlōtseng batho ba sa phethahalang. Mehlala e meng ea sena ke ena:
Tlala le lenyora. Jesu o ile a etsa mohlolo oa pele ha a fetola metsi veine e monate. Ka makhetlo a mang a mabeli, o ile a fepa matšoele a likete a lapileng ka mahobe a seng makae le litlhapi, ’me bohle ba e-ja hore ba khotsofale.
Ho kula. Jesu o ne a phekola batho ba tšoeroeng ke “lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong.” (Matheu 4:23) O ile a folisa ba foufetseng, ba sa utloeng litsebeng, ba nang le lepera le ba tšoeroeng ke sethoathoa. Hape o ile a phekola ba holofetseng, ba hlotsang esita le ba qhoalileng. Ha ho lefu leo a neng a sitoa ho le phekola.
Boemo bo bobe ba leholimo. Ha Jesu le barutuoa ba hae ba palame sekepe Leoatleng la Galilea, ka tšohanyetso ho ile ha tsoha sefefo se matla. Barutuoa ba ne ba tšohile. Ha Jesu a bona sefefo seo, o ile a re feela: “Thōla! Khutsa!” Eaba sea khutsa. (Mareka 4:37-39) Ka lekhetlo le leng, o ile a tsamaea holim’a metsi sefefong se tšabehang.—Matheu 14:24-33.
Meea e khopo. Meea e khopo e feta batho hōle ka matla. Batho ba bangata ha baa ka ba khona ho itokolla lireng tsena tse sehlōhō tsa Molimo. Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata Jesu o ile a laela meea ena hore e tsoe bathong ’me a etsa hore e khaotse ho ba laola. O ne a sa e tšabe. Empa eona e ne e tseba hore o na le matla ’me e mo tšaba.
Lefu. Lefu ke sera seo ho seng motho ea ka se hlōlang; hase feela le bitsoang “sera sa ho qetela.” (1 Bakorinthe 15:26) Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsosa bafu ’me ba bang ba bona ke mora oa mohlolohali le ngoananyana eo batsoali ba hae ba neng ba saretsoe. Jesu o ile a etsa mohlolo o ikhethang ha a tsosa motsoalle oa hae ea ratehang ea bitsoang Lazaro ka pel’a letšoele le saretsoeng, le hoja ho ne ho fetile matsatsi a ka bang mane a shoele. Le lira tsa Jesu tse ka sehloohong li ile tsa lumela hore ke eena ea entseng mohlolo ona.—Johanne 11:38-48; 12:9-11.
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa mehlolo eo, empa qetellong batho bao a ba tsositseng kaofela ba ile ba boela ba shoa? Ke ’nete hore ba ile ba qetella ba shoele, empa mehlolo ea Jesu e bile le melemo e sa feleng. E ile ea paka hore boprofeta bohle bo hlollang bo mabapi le puso ea Morena eo e leng Mesia bo thehiloe ’neteng. Re ke ke ra qeaqea hore Morena ea khethiloeng ke Molimo a ka felisa tlala le lenyora, ho kula, meea e khopo, lefu, ’me a ntlafatsa boemo bo bobe ba leholimo. O se a bontšitse hore Molimo o mo file matla a ho etsa lintho tsena tsohle.
—E thehiloe bukeng ea Matheu, Mareka, Luka le Johanne.
◼ Jesu o bontšitse joang hore o na le matla a ho felisa tlala le lenyora, ho kula, meea e khopo, lefu, le ho ntlafatsa boemo bo bobe ba leholimo?
◼ Mehlolo e entsoeng ke Jesu e bontša hore o tla etsa lintho life ha a se a busa lefatše?
[Chate e leqepheng la 21]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu ●
Mareka ●
Luka ●
Johanne ●
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo