Khaolong ea 8
Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo?
“Ha ke koatile, ke hloka motho eo nka ntšetsang maikutlo ho eena. Ha ke hloname, ke batla motho ea tla mpolella hore lintho li tla loka. Ha ke thabile, ke batla motho ea tla thaba le ’na. Ke nka hore ho ba le metsoalle ke habohlokoa.”—Brittany.
HO ’NILE ha thoe bana ba hloka bana bao ba ka bapalang le bona, athe bacha bona ba hloka metsoalle. Phapang ke efe?
Motho eo u bapalang le eena ke ea u tlosang bolutu feela.
Motsoalle ke motho eo le phelang ka melao-motheo e tšoanang.
Ho feta moo, Bibele e re “motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Mohlomong mantsoe ao a hlalosa botsoalle bo tebileng ho feta boo u neng u bo fumana papaling ha u sa le ngoana!
Ntlha: Ha u ntse u hōla, u hloka metsoalle
1. E nang le litšobotsi tse ntle
2. E phelang ka melao-motheo e hlomphehang
3. E u susumetsang hore u etse lintho tse ntle
Potso: U ka fumana metsoalle e joalo joang? A re hlahlobe lintlha tsena ka bonngoe.
Ntlha ea Pele e Amehang Botsoalleng Litšobotsi Tse Ntle
Seo u lokelang ho se tseba. Hase motho e mong le e mong ea ipitsang motsoalle eo e leng motsoalle oa sebele. Bibele e bile e re “ho na le metsoalle e ratang ho tsekollana.” (Liproverbia 18:24) Seo se ka ’na sa utloahala eka ke ho feteletsa taba. Empa ak’u nahane ka sena: Na u kile ua ba le “motsoalle” ea neng a ichebetse melemo e itseng feela ho uena? Kapa na u kile ua ba le “motsoalle” ea neng a u seba kapa a jala mashano ka uena? Ho feta boemong bo joalo ho ka etsa hore u se ke ua hlola u tšepa metsoalle.a Ha ho tluoa tabeng ea metsoalle, hopola hore habohlokoa ke ho ba le metsoalle e seng mekae e molemo ho e-na le ho ba le metsoalle e mengata e se nang thuso!
Seo u ka se etsang. Khetha metsoalle e nang le litšobotsi tse ntle tseo u ka ratang ho li etsisa.
“Batho bohle ba bua hantle ka motsoalle oa ka, Fiona. Le ’na ke batla hore batho ba mpue hantle joalo. Ke batla ho ba le botumo bo kang ba hae. Ke nka seo e le se babatsehang.”—Yvette ea lilemo li 17.
Leka sena.
1. Bala Bagalata 5:22, 23.
2. Ipotse, ‘Na metsoalle ea ka e bonahatsa litšobotsi tse akarelletsoang “tholoaneng ea moea”?’
3. Ka tlaase mona, thathamisa mabitso a metsoalle ea hao e haufi-ufi. Pel’a lebitso ka leng, ngola tšobotsi e hlalosang hantle seo a leng sona.
Lebitso Tšobotsi
․․․․․ ․․․․․
Tlhahiso: Haeba u hopola litšobotsi tse mpe feela ka motho eo, e ka ’na eaba ke nako ea hore u batle metsoalle e meng e molemo!
Ntlha ea Bobeli e Amehang Botsoalleng Melao-motheo e Hlomphehang
Seo u lokelang ho se tseba. Haeba u batla metsoalle ka mahlo a matšo, ho ka ’na ha etsahala hore u qetelle u tloaelane le batho ba fosahetseng. Bibele e re: “Ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Poleloana e reng “ba hlokang kelello” ha e bolele batho ba bothoto. Ho e-na le hoo, e hlalosa ba sa lateleng melao e utloahalang ea boitšoaro, ebe ba etsa lintho tse se nang kelello. Ena ke metsoalle eo u sa e hlokeng!
Seo u ka se etsang. Ho e-na le hore u tloaelane le motho leha e le ofe eo u kopanang le eena, khetha metsoalle. (Pesaleme ea 26:4) Seo ha se bolele hore u khetholle batho ba bang. Tabeng ena, ho khetha ho bolela hore u hlokolosi hoo u ‘bonang phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.’—Malakia 3:18.
“Ke leboha hore ebe batsoali ba ka ba nthusitse hore ke fumane metsoalle—eo e leng lithaka tsa ka, e hatelang pele hantle moeeng.”—Christopher ea lilemo li 13.
Araba lipotso tse latelang:
Ha ke e-na le metsoalle ea ka, na ke lula ke tšohile hore e ka ’na ea leka ho nqobella ho etsa seo ke tsebang hore se fosahetse?
□ E
□ Che
Na ke leqe ho tsebisa batsoali ba ka metsoalle ea ka hobane ke tšaba hore ba ka ’na ba se ke ba e rata?
□ E
□ Che
Tlhahiso: Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo, batla metsoalle e meng e phelang ka melao-motheo e lokileng—e behang mohlala o motle oa bophelo ba Bokreste.
Ntlha ea Boraro e Amehang Botsoalleng e U Susumetsa Hore U Etse Lintho Tse Ntle
Seo u lokelang ho se tseba. Bibele e re: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Mocha e mong ea bitsoang Lauren o re: “Bana bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba nkamohela hafeela ke etsa seo ba reng ke se etse. Ke ne ke jeoa ke bolutu, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho ba etsisa e le hore feela ke mpe ke tšoane le bona.” Lauren o hlokometse hore ha u latela mekhoa ea ba bang, u ba popoiki ea bona, ba u isa hohle moo ba ratang. Eo hase tsela eo u lokelang ho tšoaroa ka eona!
Seo u ka se etsang. Khaola maqhama le batho ba u qobellang hore u fetole tsela eo u phelang ka eona e le hore u phele joaloka bona. Haeba u etsa joalo, u ka ’na ua ba le metsoalle e ’maloa; empa u tla ikutloa u le motlotlo ’me seo se tla u bulela monyetla oa hore u thehe maqhama le metsoalle e molemo—e tla u susumelletsa ho etsa lintho tse ntle.—Baroma 12:2.
“Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo, Clint, ke motho ea hlaphohetsoeng kelellong, ea nang le kutloelo-bohloko, kahoo o ’nile a nkhothatsa haholo.”—Jason ea lilemo li 21.
Ipotse lipotso tse latelang:
Na ke fetola tsela eo ke aparang ka eona, ke buang ka eona kapa ke etsa lintho tse tsoileng tseleng e le hore ke khahlise metsoalle?
□ E
□ Che
Na ke iphumana ke ea libakeng tseo ho etsoang lintho tse tsoileng tseleng, tseo ke neng nke ke ka ea ho tsona hoja e se ka metsoalle ea ka?
□ E
□ Che
Tlhahiso: Haeba u arabile ka e, lipotsong tse ka holimo, kōpa batsoali ba hao kapa motho e mong ea hōlileng hore a u thuse. Haeba u Paki ea Jehova, u ka boetse ua buisana le moholo oa Mokreste, ua mo kōpa hore a u thuse ho khetha metsoalle e tla u susumelletsa ho etsa se nepahetseng.
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 9
Na motho ea ikentseng eka ke motsoalle oa hao o u hatella hore u etse lintho tse mpe, kapa mohlomong u hatelloa ke pelo ea hao? Bala kamoo u ka hanelang seo kateng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke ’nete hore batho bohle ba etsa liphoso. (Baroma 3:23) Kahoo ha motsoalle a u utloisa bohloko empa ka mor’a moo a ikoahlaela seo ka tieo, hopola hore “lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.”—Liproverbia 18:24.
KELETSO
Ha u phela ka melao-motheo e lokileng, ba bang ba lekang ho phela ka eona ba ka ’na ba fetoha metsoalle ea hao. E tla ba metsoalle e molemo ka ho fetisisa!
NA U NE U TSEBA . . . ?
Molimo ha a leeme, empa oa khetha hore na ke mang eo a tla mo amohela e le ‘moeti tenteng ea hae.’—Pesaleme ea 15:1-5.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le hore ke fumane metsoalle e molemo, ke tla ․․․․․
Ba bang ba batho ba baholo bao nka ratang ho tloaelana le bona haholoanyane ke ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke litšobotsi life tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa hore motsoalle a be le tsona, hona hobane’ng?
● Ke litšobotsi life tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona hore u be motsoalle ea molemo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 60]
“Ha batsoali ba ka ba ne ba ntlohelisa ho tsamaea le metsoalle e itseng, ke ne ke nahana hore bao ke bona feela batho bao ke batlang ho tloaelana le bona. Empa keletso ea batsoali ba ka e ne e le molemo, ’me hang ha ke buleha mahlo, ke ile ka hlokomela hore ho na le metsoalle e mengata e molemo eo nka e fumanang.”—Cole
[Lebokose le leqepheng la 61]
Leka Litlhahiso Tsena
Buisana le batsoali ba hao ka taba ea metsoalle. Ba botse hore na ba ne ba e-na le metsoalle e joang ha ba le lilemong tsa hao. Na baa ikoahlaea ka metsoalle eo ba ileng ba e khetha? Haeba baa ikoahlaea, lebaka ke lefe? Ba botse hore na u ka etsa’ng ho qoba a mang a mathata ao ba fetileng ho ’ona.
Tsebisa batsoali ba hao metsoalle ea hao. Haeba u leqe ho ba tsebisa eona, ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke sa batle hore ba e tsebe?’ Na ho na le ntho e ’ngoe eo metsoalle ea hao e e etsang eo u tsebang hore batsoali ba hao ha ba na ho e rata? Haeba ho joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore u be seli haholoanyane ha u khetha metsoalle.
E-ba momameli ea molemo. Bontša hore u thahasella boiketlo ba metsoalle ea hao le lintho tseo e amehileng ka tsona.—Bafilipi 2:4.
E-ba ea tšoarelang. U se ke ua lebella phetheho. “Kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.
E fe sebaka. Ha ho hlokahale hore u lule u e maname. Metsoalle ea sebele e tla u thusa ha ho hlokahala.—Moeklesia 4:9, 10.
[Setšoantšo se leqepheng la 63]
Ha u latela mekhoa ea ba bang, u ba popoiki ea bona, ba u isa hohle moo ba ratang, joaloka “pawn” papaling ea “chess”