Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 33 maq. 237-245
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha e le Hantle Ke’ng Seo U se Tsebang ka ho Tsuba?
  • Likarabo
  • Kamoo U ka Hanang ho Tsuba Kateng
  • Seo U ka se Etsang ho Khaotsa
  • U se ke Ua Thetsoa
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba?
    Tsoha!—2011
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • Lisakerete—Na Ua li Nena?
    Tsoha!—1996
  • Barekisi ba Lefu—Na U Moreki?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 33 maq. 237-245

Khaolong ea 33

Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba?

Sheba lintlha tse latelang tseo u ka khethang ho tsona, ’me u tšoaee ✔ lebokoseng leo u nkang hore le hlalosa seo u leng sona.

□ Ke bohelehele

□ Ke imetsoe kelellong

□ Ke batla ho amoheloa ke lithaka

□ Ke tšoenyehile ka boima ba ’mele

HAEBA u tšoaile ntlha leha e le efe mabokoseng a leqepheng la 237, seo se bontša hore u ikutloa joaloka lithaka tsa hao tse tsubang, kapa tse kileng tsa nahana ka hona.a Ka mohlala:

Ho khotsofatsa bohelehele. “Ke ne ke ipotsa hore na ho tsuba ho joang, kahoo ke ile ka nka sakerete ho ngoanana e mong sekolong eaba kea ikutsoa ’me kea e tsuba.”—Tracy.

Ho sebetsana le ho imeloa kelellong le ho batla ho amoheloa ke lithaka. “Bana ba bang sekolong ba ne ba ee ba re, ‘Ke batla ho tsuba,’ ebe ka mor’a moo ba re, ‘Ha ba ha re etlo!’ Ke tsela eo ke neng ke batla ho ikutloa ka eona ha ke imetsoe kelellong.”—Nikki.

Ho theola boima ba ’mele. “Banana ba bang baa tsuba e le hore ba lule ba le basesaane—ho bonolo ho feta ho itima lijo!”—Samantha.

Empa pele u hotetsa sakerete ea hao ea pele—kapa e latelang—ak’u eme ho se hokae ’me u nahane. U se ke ua etsisa tlhapi e ikisang hakising. Ke ’nete hore tlhapi eo e ka ’na ea fumana moputso o seng mokae, empa seo se etsa hore e qetelle e shoele! Ho e-na le hoo, latela keletso ea Bibele ’me u sebelise ‘matla a hao a hlakileng a ho nahana.’ (2 Petrose 3:1) Araba lipotso tse latelang.

Ha e le Hantle Ke’ng Seo U se Tsebang ka ho Tsuba?

Tšoaea ’nete kapa bohata polelong ka ’ngoe.

a. Ho tsuba ho tla mphokoletsa ho imeloa kelellong.

□ ’Nete □ Bohata

b. Ha ke ntse ke hema ke tla ntša hoo e batlang e le mosi oohle oo ke o hutseng.

□ ’Nete □ Bohata

c. Ho tsuba ho tla qala ho nkulisa ha ke se ke le moholo.

□ ’Nete □ Bohata

d. Ha ke tsuba ke tla khahla batho ba bong bo fapaneng.

□ ’Nete □ Bohata

e. Ha ke tsuba ke intša kotsi ke le mong, ha ke ntše ba bang kotsi.

□ ’Nete □ Bohata

f. Molimo ha a tsotelle hore na kea tsuba kapa che.

□ ’Nete □ Bohata

Likarabo

a. Bohata. Le hoja ho tsuba ho kokobetsa ka nakoana matšoao a khatello a bang teng ha motho a khaotsa ho tsuba, bo-rasaense ba hlokometse hore ha e le hantle bokoali bo eketsa lihomone tse bakang ho imeloa kelellong.

b. Bohata. Liphuputso li bontša hore karolo e fetang 80 lekholong ea mosi oo u o hulang e sala lithong tse ka hare tsa ’mele.

c. Bohata. Le hoja likotsi li eketseha nako le nako ha u tsuba, ho na le lintho tse seng kae tse etsahalang hang-hang. Batho ba bang ba lemalla ho tsuba ka mor’a ho tsuba sakerete e le ’ngoe feela. Matšoafo a hao a tla fokola ’me u ka ’na ua lula u khohlela. Letlalo la hao le tla soebana haholo, le hona pele ho nako. Ho tsuba ho ka etsa hore litho tsa botona kapa tsa botšehali li se ke tsa sebetsa hantle, motho a tšohe ka tsela e sa laoleheng a be a sithabele maikutlo.

d. Bohata. Mofuputsi Lloyd Johnston o fumane hore bacha ba tsubang “ha ba khahle batho ba bangata ba bong bo fapaneng.”

e. Bohata. Mosi oa koae o hengoang ke batho ba bang o bolaea ba likete selemo le selemo; o tla ntša ba lelapa leno kotsi, metsoalle ea hao esita le liphoofolo tseo u li ruileng lapeng.

f. Bohata. Ba batlang ho khahlisa Molimo ba lokela ho itlhoekisa “litšila tsohle tsa nama.” (2 Bakorinthe 7:1) Ha ho pelaelo hore ho tsuba ho silafatsa ’mele. Haeba u khetha ho se hloeke ’me u intša kotsi ebile u ntša ba bang kotsi ka ho tsuba, u ke ke ua ba motsoalle oa Molimo.—Matheu 22:39; Bagalata 5:19-21.

Kamoo U ka Hanang ho Tsuba Kateng

Joale u tla etsa’ng haeba motho e mong a u fa sakerete? Hangata ho araba ka tsela e bonolo empa u tiile, mohlomong u re, “Kea leboha, ha ke tsube,” ho tla hlakisa taba. Haeba motho eo a u qophella kapa a u soma, hopola hore ke seo u khethileng ho se etsa. U ka ’na ua re:

● “Ke ithutile hore ho tsuba ho kotsi ’me ke entse qeto ea hore ke se ke ka tsuba.”

● “Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo ke batlang ho li etsa nakong e tlang tse hlokang hore matšoafo a ka a be a sebetsa hantle.”

● “Athe joale ha u batle ha ke sebelisa tokelo ea ka ea ho ikhethela seo ke se batlang?”

Empa joaloka bacha ba qotsitsoeng pejana khaolong ena, u ka ’na ua fumana hore ntho e u bakelang khatello e matla ke hore ke uena ea lakatsang ho tsuba. Haeba ho joalo, loantša bothata boo ka hore u nahane ka lipotso tse kang tsena:

● ‘Na ho tsuba ho tla ntsoela molemo? Ka mohlala, haeba ke khetha ho tsuba hobane feela ke batla hore ba bang ba nkamohele, na seo se tla etsa hore ba nkamohele le hoja re sa thahaselle lintho tse ngata tse tšoanang? Na ke batla ho amoheloa ke batho ba thabelang ho mpona ke etsa ntho e tla nkulisa?’

● ‘Ho tsuba ho tla ntšenyetsa chelete e kae, ho mpakele maloetse a makae le ho ntheola seriti hakae bathong ba bang?’

● ‘Na ke ikemiselitse ho senya kamano ea ka le Molimo ka lebaka la ho tsuba feela?’

Empa u ka etsa’ng haeba u se u lemaletse ho tsuba? U ka etsa’ng hore u khaotse?

Seo U ka se Etsang ho Khaotsa

1. Ikemisetse. Ngola mabaka ao ka ’ona u batlang ho khaotsa ho tsuba, ’me u lule u ikhopotsa ’ona. Ntho e ka u susumetsang haholo ke haeba u lakatsa ho ba ea hloekileng ka pel’a Molimo.—Baroma 12:1; Baefese 4:17-19.

2. Kōpa thuso. Haeba u ’nile ua tsuba ka ho ikutsoa, joale ke nako ea hore u bolelle ba bang. Bolella batho bao u neng u ba patetse hore ua tsuba, hore joale u batla ho khaotsa, ’me u ba kōpe hore ba u tšehetse. Haeba u batla ho sebeletsa Molimo, rapela hore a u thuse.—1 Johanne 5:14.

3. Ipehele letsatsi. Iphe libeke tse peli kapa matsatsi a ka tlaasenyana ho moo, ’me k’halendareng u tšoaee letsatsi leo u ikemiselitseng ho khaotsa ho tsuba ka lona. Bolella ba lelapa le metsoalle hore u khaotsa ho tsuba ka letsatsi leo.

4. Li batle ’me u li lahle. Pele letsatsi leo le fihla, batla ka hloko lisakerete tse ka tlung, ka koloing esita le tse liaparong tsa hao. Li lahle. Lahla lintho tse hotetsang koae, mollo le literei tsa molora oa koae.

5. Sebetsana le matšoao a bang teng ha u khaotsa ho tsuba. Noa juse kapa metsi a mangata, ’me u iphe nako e eketsehileng ea ho robala. Hopola hore boemo boo bo sa thabiseng ke ba nakoana feela, empa melemo eo u tla e fumana eona ke ea nako e telele!

6. Qoba lintho tse ka u lakalisang ho tsuba. Qoba libaka le maemo a ka etsang hore u batle ho tsuba. Hape ho ka ’na ha hlokahala hore u khaole maqhama le batho ba tsubang bao u ba tloaetseng.—Liproverbia 13:20.

U se ke Ua Thetsoa

Selemo le selemo, lik’hamphani tse rekisang koae li sebelisa lidolara tse libilione ho e bapatsa. Li batla ho rekisetsa bo-mang ka ho khetheha? Tokomane ea k’hamphani e ’ngoe e rekisang koae e re: “Bacha ba kajeno ke bona bao e tla ba bareki ba kamehla ba nakong e tlang.”

U se ke ua fa barekisi ba koae chelete ea hao. Ke hobane’ng ha u ka itumella hore ba u tšoase? Hase hore barekisi bao le bacha ba tsubang ba u batlela se molemo bophelong. Ho e-na le ho ba mamela, mamela keletso ea Bibele ’me u ithute ho ‘itsoela molemo.’—Esaia 48:17.

KHAOLONG E LATELANG

Na metsoalle ea hao e u hatella hore u noe? Bala hore na ke hobane’ng ha u lokela ho tseba meeli ea hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja khaolong ena ho buuoa ka batho ba tsubang lisakerete, mathata le likotsi tse hlalositsoeng li ama le batho ba hlafunang koae.

LENGOLO LA SEHLOOHO

‘A re qobeng lintho tsohle tse silafatsang ’mele ea rōna.’—2 Bakorinthe 7:1, Contemporary English Version.

KELETSO

Qoba ho ipehela mabaka a kang, ‘Ke tla hula hanngoe feela.’ Hangata seo se etsa hore motho a boele a tsube.—Jeremia 17:9.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Koae e sa ntšeng mosi—e kang e hlafunoang—e ntša bokoali bo bongata ho feta bo ntšoang ke lisakerete ’me e na le metsoako e ka bang 25 e bakang kankere, e leng se behang motho ea e sebelisang kotsing e khōlō ea ho tšoaroa ke kankere ea ’metso le ea molomo.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ngoana e mong sekolong a nqobella ho tsuba, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Le hoja u tseba hore ho tsuba ho kotsi, ke hobane’ng ha u ka ’na ua lekeha hore u tsube?

● Ke’ng e u kholisitseng hore ho tsuba ho fosahetse?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 240]

“Ha motho a mpha sakerete, kea bososela ebe ke re, ‘Kea leboha, ’na ha ke batle ho tšoaroa ke kankere.’”—Alana

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 241]

Na Matekoane a Hlile a Kotsi?

Ellen ea lulang Ireland o re: “Batho ba bang ba re ho tsuba matekoane ke tsela ea ho itebatsa mathata ebile ha ho kotsi.” Na u kile ua utloa batho ba bua joalo ka matekoane? Bapisa likhopolo-taba tseo batho ba bangata ba nang le tsona le seo e leng ’nete.

Khopolo-taba. Matekoane ha a kotsi.

’Nete. Lintho tseo ho tsejoang kapa ho nahanoang hore matekoane a li etsa bathong ka nako e telele ke tse latelang: a senya kelello, a sitisa motho ho ithuta, a fokolisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, esita le ho fokolisa tsela eo litho tsa botona kapa tsa botšehali li sebetsang ka eona. A ka etsa hore motho a tšohe ka tsela e sa laoleheng, a ferekane a be a lahleheloe ke kelello. Bana bao bo-’mè ba bona ba neng ba tsuba matekoane ha ba imme ba ka ’na ba itšoara ka tsela e sa tloaelehang, ba sitoa ho mamela ka hloko, ’me ba thatafalloa ho etsa liqeto.

Khopolo-taba. Mosi oa matekoane ha o kotsi joaloka oa sakerete.

’Nete. Mosi oa matekoane o siea bokoali bo bongata matšoafong ho feta mefuta e meng ea koae ka makhetlo a mane ’me o kenya khase e kotsi ea carbon monoxide maling ho feta mefuta e meng ka makhetlo a mahlano. Ho tsuba lizolo tse hlano tsa matekoane ho ntša lik’hemik’hale tse kotsi tse bakang kankere, tse lekanang le tse ntšoang ke pakete e feletseng ea lisakerete.

Khopolo-taba. Motho a ke ke a lemalla matekoane.

’Nete. Bacha ba nang le mathata kelellong le maikutlong ba ka a lemalla habonolo. Ba bang ba ka a lemalla ka mor’a hore ba qete nako e telele ba a tsuba. Ho phaella moo, liphuputso li bontša hore bacha ba tsubang matekoane ba kotsing e khōlō ea ho sebelisa lithethefatsi tse ling tse lemalloang, tse kang k’hok’heine.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 244, 245]

Seo Koae e se Etsang ’Meleng oa Hao

Ak’u shebe litšoantšo tsa batho ba phetseng hantle ba hlahang lipapatsong tsa koae, ’me u li bapise le seo ho tsuba ho hlileng ho se etsang ’meleng oa hao.

Molomo le ’metso Ho ka baka kankere molomong le ’metsong

[Setšoantšo]

Leleme le nang le kankere

Pelo Ho thatafatsa le ho sesefatsa methapo ea pelo, e leng se sitisang pelo ho fumana oksijene e lekaneng ’me seo se eketsa ka makhetlo a ka bang mane monyetla oa hore motho a tšoaroe ke lefu la pelo

[Setšoantšo]

Mothapo o koalehileng

Matšoafo Ho senya matšoafo, ho ruruisa qoqotho ’me ho eketsa monyetla oa hore motho a tšoaroe ke kankere ea matšoafo ka makhetlo a ka bang 23

[Setšoantšo]

Letšoafo la motho ea tsubang

Boko Ho eketsa ka makhetlo a ka bang mane monyetla oa hore motho a tšoaroe ke setorouku

Letlalo Ho etsa hore letlalo le soebane pele ho nako

Meno Ho fetola ’mala oa meno

Mala Ho baka kankere ea mala

Manyeme Ho baka kankere ea manyeme

Senya Ho baka kankere ea senya

Liphio Ho baka kankere ea liphio

[Setšoantšo se leqepheng la 239]

Joaloka tlhapi e tšoasoang ke hakisi, motho ea tsubang o fumana moputso o itseng, empa o lefella seo habohloko

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela