Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • fg thuto 3 lipotso 1-4
  • Na Ruri Litaba Tse Molemo li Tsoa ho Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ruri Litaba Tse Molemo li Tsoa ho Molimo?
  • Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta ka Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bibele ke Molaetsa oo Molimo a re Ngoletseng Oona
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Lengolo le Tsoang ho Molimo ea Lerato
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
fg thuto 3 lipotso 1-4

Thuto 3

Na Ruri Litaba Tse Molemo li Tsoa ho Molimo?

1. Mongoli oa Bibele ke mang?

Likopi tse sa tšoaneng tsa Bibele le libuka tsa boholo-holo

Litaba tse molemo tse reng batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, li ngotsoe ka Bibeleng. (Pesaleme ea 37:29) Bibele e entsoe ka libuka tse 66. Molimo o ile a sebelisa banna ba ka bang 40 ba tšepahalang hore ba li ngole. Libuka tse hlano tse qalang li ngotsoe ke Moshe hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng. Buka ea ho qetela e ngotsoe ke moapostola Johanne lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng. Bangoli ba Bibele ba ne ba ngola maikutlo a mang? Molimo o ile a sebelisa moea o halalelang hore a fetisetse litaba tsa hae ho bangoli ba Bibele. (2 Samuele 23:2) Ba ile ba ngola mehopolo ea Molimo, eseng ea bona. Kahoo, Jehova ke eena Mongoli oa Bibele.​—Bala 2 Timothea 3:16; 2 Petrose 1:20, 21.

Shebella video ea Mongoli oa Bibele ke Mang?

2. Re ka kholiseha joang hore Bibele e nepahetse?

Rea tseba hore Bibele e tsoa ho Molimo hobane e profeta lintho tse nepahetseng ka bokamoso. Ha ho motho ea ka etsang joalo. (Joshua 23:14) Ke Molimo ea Matla ’Ohle feela eo ka nepo a ka bonang esale pele bokamoso ba batho.​—Bala Esaia 42:9; 46:10.

Re ne re ka lebella hore buka e tsoang ho Molimo e be e ikhethang, ’me ka sebele e joalo feela. Ho ’nile ha ajoa Libibele tse libilione ka lipuo tse makholo. Le hoja e le buka ea khale, Bibele e lumellana le saense e netefalitsoeng. Hape, bangoli ba eona ba 40 ha ba hanyetsane.a Ho feta moo, Bibele e re senolela botho bo lerato ba Molimo, ’me e ntse e e-na le matla a ho fetola bophelo ba batho hore ba phele ka tsela e tla ba ruisa molemo. Lintlha tsena li kholisa batho ba bangata hore Bibele ke Lentsoe la Molimo.​—Bala 1 Bathesalonika 2:13.

Shebella video ea Re ka Tseba Joang hore Bibele e Nepahetse?

3. Bibele e bua ka eng?

Setšoantšo sa Paradeise ea pele, sa Paradeise e ileng ea lahleha, sa Moroallo oa mehleng ea Noe, sa Moshe a nkile Melao e 10 le sa ha Jesu a ruta.

Ntho e ka sehloohong eo Bibele e buang ka eona ke litaba tse molemo tsa hore Molimo o na le morero o bontšang hore o rata batho. Mangolo a hlalosa kamoo batho ba ileng ba lahleheloa ke monyetla oa ho lula lefatšeng la paradeise kateng qalong ea histori ea batho le kamoo paradeise e tla tsosolosoa kateng.​—Bala Tšenolo 21:4, 5.

Lentsoe la Molimo le boetse le fupere melao, melao-motheo le likeletso. Ho phaella moo, Bibele e re tlalehela tsela eo Molimo a neng a sebelisana le batho ka eona​—e leng histori e senolang botho ba Molimo. Kahoo, Bibele e ka u thusa hore u tsebe Molimo. E hlalosa kamoo u ka bang motsoalle oa hae kateng.​—Bala Pesaleme ea 19:7, 11; Jakobo 2:23; 4:8.

4. U ka utloisisa Bibele joang?

Bukana ena e tla u thusa hore u utloisise Bibele e sebelisa mokhoa o tšoanang le oo Jesu a neng a o sebelisa. O ne a qotsa litemana tsa Bibele ka makhetlo a mangata ’me a hlalosa “se boleloang ke Mangolo.”​—Bala Luka 24:27, 45.

Hase lintho tse ngata tse thabisang joaloka litaba tse molemo tse tsoang ho Molimo. Empa batho ba bang ha ba li rate, ’me ba bang lia ba tena. U se ke ua nyahama. Monyetla oa hore u thabele bophelo bo sa feleng o itšetlehile ka hore u tsebe Molimo.​—Bala Johanne 17:3.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 2 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

a Sheba bukana e reng Buka ea Batho Bohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela