Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • fg thuto 8 lipotso 1-5
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bobe le Mahlomola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bobe le Mahlomola?
  • Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bokhopo le Mahlomola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Bohloko li Etsahala?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ke Hobane’ng ha re Hlaheloa ke Mathata?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
fg thuto 8 lipotso 1-5

Thuto 8

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bobe le Mahlomola?

1. Bobe bo qalile joang?

1. Adama o shebile tholoana e hanetsoeng; 2. Babusi ba sa tšoaneng ba batho; 3. Litšoantšo tsa ntoa

Nako eo Molimo a lumeletseng batho hore ba ipuse ka eona e lekane hore ho bonahale hore ba hlōlehile ho itharollela mathata

Bobe bo qalile lefatšeng nakong ea ha Satane a bua leshano la pele. Qalong Satane e ne e le lengeloi le phethahetseng, empa “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” (Johanne 8:44) O ile a lakatsa borapeli boo ka tšoanelo bo lokelang ho isoa ho Molimo feela. Satane o ile a thetsa mosali oa pele e leng Eva, ’me a mo susumelletsa hore a mamele eena ho e-na le ho mamela Molimo. Adama o ile a latela Eva ka hore a se ke a mamela Molimo. Qeto ea Adama e ile ea fella ka mahlomola le lefu.​—Bala Genese 3:1-6, 19.

Ha Satane a khothalletsa Eva hore a se ke a mamela Molimo, o ile a qala ho fetohela bobusi ba Molimo, kapa a fetohela boemo ba Hae joaloka ea Phahameng ka ho Fetisisa. Batho ba bangata ba latetse Satane kaha ha ba batle hore Molimo e be ’Musi oa bona. Kahoo, Satane o fetohile “’musi oa lefatše.”​—Bala Johanne 14:30; 1 Johanne 5:19.

2. Na pōpo ea Molimo e ne e e-na le phoso?

Mesebetsi eohle ea Molimo e phethahetse. Molimo o bōpile batho le mangeloi ba e-na le bokhoni ba ho mo mamela ka tsela e phethahetseng. (Deuteronoma 32:4, 5) Molimo o re bōpile re e-na le tokoloho ea ho ikhethela ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. Tokoloho eo e re fa monyetla oa hore re bontše hore re rata Molimo.​—Bala Jakobo 1:13-15; 1 Johanne 5:3.

3. Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola ho tla fihlela joale?

Jehova o lumeletse hore ka nakoana ho be le bofetoheli khahlanong le bobusi ba hae. Hobane’ng? E le ho bontša hore puso leha e le efe e mo behellang ka thōko, e ke ke ea tsoela batho molemo. (Moeklesia 7:29; 8:9) Bopaki ba seo bo totobetse ka mor’a lilemo tse 6 000 esale batho ba e-ba teng. Babusi ba lefatše ba hlōlehile ho felisa lintoa, tlōlo ea molao, ho hloka toka le maloetse.​—Bala Jeremia 10:23; Baroma 9:17.

Ho fapana le mebuso ea batho, puso ea Molimo e ruisa batho ba e amohelang molemo. (Esaia 48:17, 18) Haufinyane, Jehova o tla felisa mebuso eohle ea batho. Ke batho ba khethang ho busoa ke Molimo feela ba tla phela lefatšeng.​—Esaia 11:9; Bala Daniele 2:44.

Shebella video ea Ke Hobaneʼng ha Molimo a sa Felise Mathata?

4. Mamello ea Molimo e re fa monyetla oa hore re etse’ng?

Satane o boletse hore batho ba sebeletsa Jehova hobane ba shebile hore a ba etsetse ntho e itseng. Na u ka rata ho shanofatsa taba eo? E u ka khona! Mamello ea Molimo e re fa monyetla oa hore kaofela re bontše hore na re khetha ho busoa ke Molimo kapa ke batho. Re bontša ka tsela eo re phelang ka eona hore na re khetha mang.​—Bala Jobo 1:8-12; Liproverbia 27:11.

5. Re ka khetha hore Molimo e be ’Musi oa rōna joang?

Batho ba ithutang Bibele

Tsela eo re phelang ka eona e ka bontša hore na re batla ho busoa ke Molimo kapa che

Re ka khetha hore Molimo e be ’Musi oa rōna ka hore re phele tumellanong le bolumeli ba ’nete bo thehiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele. (Johanne 4:23) Re ka hana ho busoa ke Satane ka hore re se ke ra nka karolo lipolotiking le lintoeng, joalokaha Jesu a ile a etsa.​—Bala Johanne 17:14.

Satane o sebelisa matla a hae ho etsa hore boitšoaro bo bobe le lintho tse kotsi li bonahale li thabisa. Haeba re hana ho kopanela liketsong tse joalo, metsoalle le litho tse ling tsa lelapa li ka ’na tsa re nyefola. (1 Petrose 4:3, 4) Kahoo re lokela ho khetha. Na re tla tloaelana le batho ba ratang Molimo? Na re tla mamela melao ea Hae e bontšang bohlale le lerato? Haeba re etsa joalo, re tla bontša hore Satane o ne a le leshano ha a re ha ho motho ea ka sebeletsang Molimo ha maemo a le thata.​—Bala 1 Bakorinthe 6:9, 10; 15:33.

Lerato leo Molimo a ratang batho ka lona lea re tiisetsa hore bohloko le mahlomola li tla fela. Batho ba bontšang hore ba lumela sena ba tla thabela ho phela lefatšeng ka ho sa feleng.​—Bala Johanne 3:16.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 11 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela