Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hf karolo 2 maq. 6-8
  • Tšepahala ho Molekane oa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepahala ho Molekane oa Hao
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 NKA LENYALO LA HAO E LE LA BOHLOKOAHALI
  • 2 SIRELETSA PELO EA HAO
  • Kōpa Thuso ho Molimo Hore U Thabe Lenyalong
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Ho Phelela Boitlamo ba Lōna ba Lenyalo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Tšoara Molekane oa Hao ka Tlhompho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Kamoo U ka Phelisanang ka Khotso le Beng ka Uena
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 2 maq. 6-8
Monna o tšoaretse mosali oa hae sekhele ’me o mo bulela lemati la koloi

KAROLO EA 2

Tšepahala ho Molekane oa Hao

“Seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Mareka 10:9

Jehova o batla hore re “rate botšepehi.” (Mikea 6:8, NW) Sena ke sa bohlokoa haholo lenyalong hobane ha botšepehi bo le sieo, ha ho kamoo le ka tšepanang. Botšepehi ke ba bohlokoa haholo hore lerato le hōle.

Kajeno, botšepehi lenyalong boa hlaseloa. Hore u sireletse lenyalo la hao, u lokela ho ikemisetsa ho etsa lintho tse peli.

1 NKA LENYALO LA HAO E LE LA BOHLOKOAHALI

SEO BIBELE E SE BUANG: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:10) Lenyalo la hao ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. U lokela ho le nka e le la bohlokoahali.

Jehova o batla hore u tsepamise kelello ho molekane oa hao ’me u ‘thabele bophelo’ hammoho le eena. (Moeklesia 9:9) O bolela ka ho hlakileng hore le ka mohla u se ke ua hlokomoloha molekane oa hao, empa ho e-na le hoo, ka bobeli le lokela ho batla litsela tsa ho thabisana. (1 Bakorinthe 10:24) Etsa hore molekane oa hao a ikutloe a hlokahala a bile a ananeloa.

Monna o tlisetsa mosali oa hae tee; monna o fihla lapeng ’me o fumana mosali oa a ntse a pheha

SEO U KA SE ETSANG:

  • Etsa bonnete ba hore kamehla le qeta nako le le hammoho, u fe molekane oa hao tlhokomelo kahohle-hohle

  • U se ke ua nahana ka uena feela

Monna le mosali ba ntšana se inong

2 SIRELETSA PELO EA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Haeba motho a lula a nahana ka lintho tsa boitšoaro bo bobe, ka kutloisiso e itseng, ha a tšepahale ho molekane oa hae.

Jehova o re u lokela ho ‘sireletsa pelo ea hao.’ (Liproverbia 4:23; Jeremia 17:9) Hore u etse seo, u lokela ho lebela mahlo a hao. (Matheu 5:29, 30) Latela mohlala oa mopatriareka Jobo, ea ileng a etsa selekane le mahlo a hae hore a ke ke a talima mosali ka ho mo lakatsa. (Jobo 31:1) Ikemiselitse hore le ka mohla u se ke ua sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Hape u etse qeto e tiileng ea ho qoba ho ba le maikutlo a lerato ho motho e mong, ha e se molekane oa hao.

Monna o behile senepe sa hae le mosali oa hae tafoleng mosebetsing

SEO U KA SE ETSANG:

  • Etsa hore ba bang ba hlakeloe hore u ikemiselitse ka botlalo ho tšepahala ho molekane oa hao

  • Nahanela maikutlo a molekane oa hao ’me hang-hang u khaole setsoalle le motho leha e le efe haeba molekane oa hao a sa khotsofalle seo

PHETHA BOIKARABELO BA HAO

Itlhahlobe ka botšepehi ’me u hlokomele mefokolo ea hao. (Pesaleme ea 15:2) U se ka ua hlajoa ke lihlong hore u kōpe thuso. (Liproverbia 1:5) Haeba u tleloa ke menahano ea boitšoaro bo litšila, tsoela pele ho e loantša. U se ke ua nyahama. (Liproverbia 24:16) Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko boo u bo etsang ba hore u lule u tšepahala ho molekane oa hao.

IPOTSE . . .

  • Nka etsa joang hore ke fe molekane oa ka nako e ngata?

  • Na molekane oa ka ke motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela