Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 4 leq. 16-leq. 17 ser. 2
  • Maria ke Moimana Empa a sa Nyaloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maria ke Moimana Empa a sa Nyaloa
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Moimana Empa ha aa Nyaloa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ke Moimana, empa ha a Nyaloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 4 leq. 16-leq. 17 ser. 2
Maria o bolella Josefa hore ke mokhachane

KHAOLO EA 4

Maria ke Moimana Empa a sa Nyaloa

MATHEU 1:​18-25 LUKA 1:​56

  • JOSEFA O FUMANA HORE MARIA KE MOIMANA

  • JOSEFA O NYALA MARIA

E se e le likhoeli tse ’nè joale Maria e le mokhachane. Hopola hore likhoeli tse tharo tse qalang o li qetile a le Judea ho Elizabetha, joale o se a khutletse ha habo Nazaretha ’me batho ba ha habo ba tl’o hlokomela hore ke mokhachane. Ebe taba ee e tl’o mo ama joang?

E ka ’na eaba ntho e tšosang Maria ke hore Josefa o se a mo lebelelitse. Ho latela Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele, mosali ha a ne a behelelitsoe ebe o kopanela liphate le monna e mong, o ne a lokela ho tlepetsoa ka majoe ho fihlela a shoa. (Deuteronoma 22:​23, 24) Le hoja Maria eena esale a itšoere hantle, e ka ’na eaba taba ena e ne e mo tšosa a bile a ipotsa hore na ebe o tl’o e hlalosetsa Josefa joang.

Maria o qetile likhoeli tse tharo a le sieo. U se u ka inahanela hore na Josefa o mo hlolohetsoe hakae. Mohlomong ha Maria a fihla o leka ho hlalosetsa Josefa hore e bile mokhachane ka moea o halalelang, empa Josefa ha a kholoe ntho eo a e utloang.

Josefa o rata Maria haholo ebile o tseba hantle hore oa itlhompha hape o na le seriti empa bothata ke hore ha a kholoe lintho tsena tseo Maria a ntseng a li bua. O nahana hore o sentsoe ke monna e mong. Leha ho le joalo, Josefa ha a batle hore a tlepetsoe ka majoe kapa ho mo theola seriti, ke kahoo a etsang qeto ea hore a mo hlalle sephiring. Mehleng eo, ha batho ba ne ba tšepisane lenyalo ho ne ho nkuoa ba se ba nyalane, ke kahoo ho neng ho hlokahala hore ba be le lengolo la tlhalo ha ba arohana.

Lengeloi le bua le Josefa torong

Hamorao ha Josefa a ntse a touta ka taba ena, o ea le sephume sa boroko. Joale, lengeloi la Jehova le hlaha ho eena torong le re: “U se ke oa tšaba ho isa Maria mosali oa hao lapeng, etsoe se emotsoeng ka ho eena se teng ka moea o halalelang. O tla tsoala mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu, etsoe o tla pholosa batho ba habo libeng tsa bona.”​—Matheu 1:​20, 21.

Ha Josefa a phaphama, o ikutloa a imolohile hore ebe taba ena e mo hlaketse. Ha a senye nako empa o etsa seo lengeloi le mo laetseng hore a se etse. O isa Maria lapeng. Ketso ena e etsoa phatlalatsa, e leng se bontšang hore ba se ba nyalane ka molao. Leha ho le joalo, Josefa ha a robale le Maria ho hang ho fihlela Jesu a hlaha.

Josefa o palamisa thoto tonking eo Maria a e palameng

Likhoeli tse ’maloa hamorao ha Maria a se a le haufi le ho pepa, eena le Josefa ba lokela ho nka leeto ba ee hole le ha habo bona. Ebe ba tlameha ho ea hokae, nakong ee eo Maria a seng a holetsoe?

  • Ha Josefa a fumana hore Maria ke mokhachane, e tlameha ebe o nahana’ng, hona hobane’ng?

  • Ke joang Josefa a ka hlalang Maria empa ba sa nyalana?

  • Ke ketso efe e etsoang phatlalatsa e bontšang hore Maria le Josefa ba se ba nyalane?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela