Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 5 leq. 18-leq. 19 ser. 6
  • Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae Hona Neng?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae hona Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jesu o Hlahela Setaleng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 5 leq. 18-leq. 19 ser. 6
Josefa o hula tonki e palangoeng ke Maria ha ba ea ba lebile Bethlehema

KHAOLO EA 5

Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?

LUKA 2:​1-20

  • JESU O HLAHELA BETHLEHEMA

  • BALISANA BA ETELA JESU HA A QETA HO HLAHA

Moemphera oa Roma ea bitsoang Cesare Augustase o laela hore motho e mong le e mong a ingolise. Maria le Josefa ba ea Bethlehemaa e leng moo Josefa a hlahetseng teng.

Batho ba bangata ba tlile Bethlehema ho tl’o ingolisa. Kahoo, ha ho moo Maria le Josefa ba ka fihlelang teng ntle le setaleng moo ho lulang litonki le liphoofolo tse ling. Jesu o hlahela hona moo ’me Maria o mo thatela ka masela, o mo beha ka sejelong.

E tlameha ebe ke Molimo ea susumelitseng Cesare Augustase hore a laele batho hore ba ingolise. Taelo ena e entse hore Jesu a hlahele Bethlehema motseng oa moholo-holo oa hae Davida. Mangolo a ne a ile a profeta hore Morena ea tšepisitsoeng o tla tsoalloa Bethlehema.​—Mikea 5:2.

Bona ke bosiu ba bohlokoa ka ho fetisisa. Koana naheng, ho hlaha khanya e matla ho pota-pota balisana. Ke khanya e tsoang ho Jehova! Le leng la mangeloi le re ho balisana bana: “Le se ke la tšoha, etsoe bonang! ke le bolella litaba tse molemo tsa thabo e kholo eo batho bohle ba tla ba le eona, hobane kajeno le tsoaletsoe Mopholosi, e leng Kreste Morena, motseng oa Davida. Sena ke pontšo bakeng sa lona: Le tla fumana lesea le thatetsoeng ka masela ’me le robetse ka sejelong.” Joale ka tšohanyetso ho hlaha mangeloi a mangata ’me a re: “Khanya e be ho Molimo bophahamong bo holimo, ’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.”​—Luka 2:​10-14.

Maria, Josefa le balisana ba potapotile Jesu ea ka sejelong

Hang ha mangeloi ao a tloha, balisana bana baa buisana ba re: “A re eeng Bethlehema ’me re bone ntho ena e etsahetseng, eo Jehova a re tsebisitseng eona.” (Luka 2:​15) Ba tloha ba tatile ba ea moo Jesu a hlahetseng teng, ’me ha ba fihla ba bolella Maria le Josefa hore na ba bone’ng. Ha ba utloa tlaleho ena ea balisana, ba utloa ba hlolletsoe. Maria eena o nka taba ena e le ea bohlokoa ’me o boloka lintho tsena ka pelong ea hae.

Batho ba bangata ba lumela hore Jesu o hlahile ka la 25 December. Leha ho le joalo, eo ke nako ea lipula le serame Bethlehema, ’me ka linako tse ling lehloa lea khetheha. Ka nako eo ea selemo, ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe balisana ba alositse mehlape ea bona naheng bosiu. Hape batho ba ne ba se ba ntse ba batla ho fetohela ’muso oa Roma, kahoo Moemphera oa Roma o ne a ke ke a laela batho hore ba nke maeto a malelele nakong ea mariha hore ba il’o ingolisa. Kahoo, ho bonahala Jesu a hlahile nakong eo ho neng ho futhumetse, mohlomong ka October.

a Bethlehema e lik’hilomithara tse ka bang robong ho tloha Jerusalema.

  • Ke hobane’ng ha Josefa le Maria ba lokela ho ea Bethlehema?

  • Ho etsahala eng e ikhethang bosiung boo Jesu a tsoaloang ka bona?

  • Ke hobane’ng ha ho sa utloahale hore ebe re ka re Jesu o hlahile ka la 25 December?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela