Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 18 leq. 46-leq. 47 ser. 6
  • Jesu o Tuma ho Feta Johanne

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Tuma ho Feta Johanne
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Johanne oa Boba, Jesu oa Hōla
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Johanne o-oa Boba, Jesu o-oa Hōla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Johanne Mokolobetsi ke Mohlala o ka re Thusang Hore re Lule re Thabile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 18 leq. 46-leq. 47 ser. 6
Johanne Mokolobetsi o bua le barutuoa ba hae

KHAOLO EA 18

Jesu o Tuma ho Feta Johanne

MATHEU 4:​12 MAREKA 6:​17-20 LUKA 3:​19, 20 JOHANNE 3:​22–4:3

  • BARUTUOA BA JESU BAA KOLOBETSA

  • JOHANNE MOKOLOBETSI O ISOA TERONKONG

Jesu le barutuoa ba hae ba tloha Jerusalema ka mor’a ho keteka Paseka ka selemo sa 30. Leha ho le joalo, ha ba ee hae hang-hang empa ba ea Judea moo teng ba kolobetsang batho ba bangata. E se e le nako e ka etsang selemo Johanne Mokolobetsi a etsa mosebetsi o tšoanang, mohlomong a o etsetsa Nokeng ea Jordane. Ba bang ba barutuoa ba Johanne ba ntse ba e-na le eena.

Jesu o laela hore barutuoa ba hae ba kolobetse batho ho e-na le hore a ba kolobetse ka boeena. Nakong ena, Jesu le Johanne ba ruta Bajuda ba ileng ba bakela libe tseo ba li entseng ka ho tlola molao oa Moshe.​—Liketso 19:4.

Barutuoa ba Johanne ba tlala mona ’me ba tletleba ka Jesu ba re: “[Jesu] ea neng a e-na le uena . . . oa kolobetsa ’me bohle ba ea ho eena.” (Johanne 3:​26) Johanne ha a shoele Jesu mona, empa oa thaba ha a atleha ’me o batla hore le barutuoa ba hae ba thabe. Kahoo oa ba hopotsa o re: “Lea mpakela hore ke itse, ha ke Kreste, empa, ke rometsoe ka pel’a eo.” O etsa mohlala oo ba ka o utloisisang o re: “Ea nang le monyaluoa ke monyali. Leha ho le joalo, motsoalle oa monyali, ha a ema ’me a mo utloa, o ba le thabo e kholo ka lebaka la lentsoe la monyali. Ka hona thabo ena ea ka e tlatsitsoe.”​—Johanne 3:​28, 29.

Likhoeling tse fetileng ha Johanne a ne a tsebisa barutuoa ba hae Jesu, o ile a thaba joaloka motsoalle oa monyali. Ba bang ba bona e ile ea e-ba balateli ba Jesu ’me hamorao ba ne ba tla tlotsoa ka moea o halalelang. Johanne o batla hore qetellong barutuoa bohle ba hae e be balateli ba Jesu. Ha e le hantle, morero oa Johanne ke ho betla tsela bakeng sa mosebetsi oa Jesu. Oa hlalosa o re: “Eo o tla tsoela pele ho eketseha, empa ’na ke tla tsoela pele ho fokotseha.”​—Johanne 3:30.

Johanne e mong eo pejana a ileng a fetoha molateli oa Jesu, hamorao o ile a ngola ka hore na Jesu o tsoa hokae le ka boikarabello boo a nang le bona ba ho pholosa batho. O ile a re: “Ea tsoang holimo o okametse ba bang kaofela. . . . Ntate o rata Mora ’me o fane ka lintho tsohle letsohong la hae. Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae. Ea tsoang lefatšeng o tsoa lefatšeng ’me o bua ka lintho tsa lefatše. Ea tsoang leholimong o okametse ba bang kaofela.” (Johanne 3:​31, 35, 36) Eo ke ’nete eo batho bohle ba lokelang ho e tseba.

Johanne Mokolobetsi o kena teronkong

Nakoana ka mor’a hore Johanne Mokolobetsi a hlalose hore mosebetsi oa hae o tla fokotseha, Morena Heroda o mo isa teronkong. Heroda o nyetse Herodiase mosali oa mor’abo. Johanne o totobatsa hore bona ke boitšoaro bo hlephileng, kahoo Heroda o mo koalla teronkong. Ha Jesu a utloa hore Johanne o tšoeroe, o tsamaea le barutuoa ba hae ba tloha Judea ba ea Galilea.​—Matheu 4:​12; Mareka 1:​14.

  • Lebaka leo Johanne le barutuoa ba Jesu ba kolobetsang batho ka lona pele ho lefu la Jesu ke lefe?

  • Johanne o etsetsa barutuoa ba hae mohlala ofe e le hore ba utloisise hore ha baa lokela ho monela Jesu?

  • Ke hobane’ng ha Johanne a kene teronkong?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela