Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 51 leq. 126-leq. 127 ser. 9
  • Motho oa Bolaoa Nakong ea Mokete oa Letsatsi la Tsoalo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho oa Bolaoa Nakong ea Mokete oa Letsatsi la Tsoalo
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Polao ka Letsatsi la Mokete oa Tsoalo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Polao ka Letsatsi la Mokete oa Tsoalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na ke Liphathi Tsohle Tse Thabisang Molimo?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • “Matsatsing a Morena Heroda”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 51 leq. 126-leq. 127 ser. 9
1. Salome oa tantša moketeng oa letsatsi la tsoalo la Heroda; 2. Salome o tlisa hlooho ea Johanne Mokolobetsi ho Herodiase

KHAOLO EA 51

Motho oa Bolaoa Nakong ea Mokete oa Letsatsi la Tsoalo

MATHEU 14:​1-12 MAREKA 6:​14-29 LUKA 9:​7-9

  • HERODA O LAELA HORE JOHANNE MOKOLOBETSI A KHAOLOE HLOOHO

Nakong eo baapostola ba Jesu ba ntseng ba etsa mosebetsi oa bona Galilea, Johanne Mokolobetsi o teronkong. E se e le lilemo tse ka bang peli joale a le moo.

Johanne o ile a nyatsa Morena Heroda Antipase phatlalatsa ka ho nyala Herodiase eo e neng e le mosali oa ngoan’abo, Filipi. Heroda o ile a hlala mosali oa hae oa pele e le hore a ka nyala Herodiase. Ho ea ka Molao oa Moshe oo Heroda a neng a re oa o latela, lenyalo lena la hae e ne e le la bofebe ebile le se molaong. Ha Johanne a mo khalemela, Heroda o ile a mo koalla teronkong, mohlomong e le ka tšusumetso ea Herodiase.

Heroda o selebaletsoe, ha a tsebe hore na a etse’ng ka Johanne hobane batho ‘ba mo nka e le moprofeta.’ (Matheu 14:5) Herodiase eena o tseba hantle seo a batlang hore se etsahale ka Johanne. O “mo jere ka pelo” ebile o batla hore a bolaoe. (Mareka 6:​19) Joale ho hlaha monyetla oo esale a o batla.

Nakoana pele ho Paseka ea selemo sa 33, Heroda o etsa mokete oa semetletsa ka letsatsi la hae la tsoalo. Liofisiri tse ka sehloohong, baokameli ba sesole le baahi ba hlaheletseng ba Galilea ba teng moketeng ona. Nakong eo ba ntseng ba ithabisa, Salome e leng morali oa Herodiase ka monna oa hae oa mehleng Filipi, o tantšetsa batho ba tlileng moketeng. Banna bana ba nyakaletse ha ba mo bona a tantša.

Heroda o nyakaletse ha Salome a tantša moketeng oa letsatsi la hae la tsoalo

Heroda o thabisitsoe ke morali enoa eo e seng oa hae oa mali hoo a reng ho eena: “Nkope eng kapa eng eo u e batlang, ke tla u fa eona.” Ebile oa hlapanya o re: “Eng kapa eng eo u nkopang eona, ke tla u fa eona, ho fihlela halofong ea ’muso oa ka.” Pele Salome a araba o ea ho ’mè oa hae ’me oa mo botsa: “Ke lokela ho kopa eng?”​—Mareka 6:​22-24.

Ona ke oona monyetla oo esale Herodiase a o batla! O mo araba ka potlako o re: “Hlooho ea Johanne Mokolobetsi.” Salome o khutlela ho Heroda hang hang ’me o mo joetsa kopo ea hae o re: “Ke batla hore u mphe hang-hang ka mokeke hlooho ea Johanne Mokolobetsi.”​—Mareka 6:​24, 25.

Taba ena e sithabetsa Heroda empa joale baeti ba hae ba utloile ha a hlapanyetsa Salome hore o tla mo fa eng kapa eng eo a e batlang. O soabela ho koenehela mantsoe a hae leha seo se bolela hore monna ea se nang molato o tla bolaoa. Kahoo Heroda o roma molebeli teronkong eo Johanne a koaletsoeng ho eona a mo file litaelo tse tšosang. Ka mor’a nakoana molebeli eo o khutla ka hlooho ea Johanne e le holim’a terei. O e fa Salome ’me Salome o e isa ho ’mè oa hae.

Ha barutuoa ba Johanne ba utloa ka se mo etsahaletseng, ba lata setopo sa hae ’me baa se pata. Ka mor’a moo ba tlalehela Jesu se etsahetseng.

Hamorao Heroda oa utloela hore Jesu o phekola batho le ho leleka bademona ’me taba ena ea mo tšoenya. O tšoha hore Johanne Mokolobetsi o “tsositsoe bafung” ’me joale ke eena ea ntseng a etsa mehlolo ena. (Luka 9:7) Kahoo Heroda Antipase o lakatsa ho bona Jesu. Ho hlakile hore lebaka la hae ha se ho mamela ha Jesu a ruta, empa o batla ho mo bona e le hore a tsebe hore na o tšohile moru o se na nkoe kapa che.

  • Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a le teronkong?

  • Herodiase o qetella a phethahalitse morero oa hae oa hore Johanne a bolaoe joang?

  • Ke hobane’ng ha Heroda Antipase a batla ho bona Jesu ka mor’a lefu la Johanne?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela