KHAOLO EA 17
Lula Haufi le Mokhatlo oa Jehova
MORUTUOA JAKOBO o ile a re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.” (Jak. 4:8) Jehova ha aa phahama hoo a ke keng a utloa lithapelo tsa rona le hoja re sa phethahala. (Lik. 17:27) Re ka atamela ho Molimo joang? Ka ho ba le kamano e haufi le eena le ka ho buisana le eena ka thapelo. (Pes. 39:12) Re boetse re etsa setsoalle le Molimo ka ho ithuta Lentsoe la hae Bibele kamehla. Ha re etsa joalo, re tla tseba Jehova Molimo le seo a rerileng ho re etsetsa sona. (2 Tim. 3:16, 17) Ka lebaka leo, re ithuta ho rata Jehova le ho tšaba ho mo halefisa.—Pes. 25:14.
2 Leha ho le joalo, ke ka Jesu feela re ka atamelang haufi le Jehova. (Joh. 17:3; Bar. 5:10) Ke Jesu feela ea ka etsang hore re utloisise kamoo Jehova a nahanang kateng. O ne a le haufi haholo le Ntate oa hae hoo a neng a ka re: “Ha ho ea tsebang hore na Mora ke mang haese Ntate; ’me ha ho ea tsebang hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.” (Luka 10:22) Likosepele li re thusa ho utloisisa tsela eo Jesu a neng a nahana ka eona le eo a neng a ikutloa ka eona, kahoo ha re li bala re tla utloisisa hore na Jehova o nahana joang le hore o ikutloa joang. Ho tseba seo ho re nolofalletsa ho atamela ho Molimo oa rona.
3 Boeta-pele ba Mora oa Molimo, bo re thusa ho ba le kamano e haufi-ufi le Jehova le ho lula haufi le karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa hae, e leng se ka re thusang ho etsa thato ea hae. Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Matheu 24:45-47, Monghali, Jesu Kreste, o khethile “lekhoba le tšepahalang le le masene,” hore le fane ka ‘lijo ka nako e tšoanetseng’ ho ba ntlo ea tumelo. Kajeno, lekhoba lena le tšepahalang le lokisetsa hore re be le lijo tse matlafatsang tumelo ea rona. Jehova o sebelisa lekhoba lena ho re khothalletsa ho bala Lentsoe la hae letsatsi le leng le le leng, ho ba teng kamehla libokeng le ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’Muso.’ (Mat. 24:14; 28:19, 20; Josh. 1:8; Pes. 1:1-3) Le ka mohla ha rea lokela ho talima lekhoba lena le tšepahalang ka tsela eo batho bao e seng Lipaki ba neng ba ka le talima ka eona. Re lokela ho leka ho lula haufi le karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova ’me re latele tataiso ea oona. Sena se tla re atametsa haufi le Molimo oa rona, Jehova ’me se tla re matlafatsa le ho re sireletsa ho sa tsotellehe liteko.
LEBAKA LEO KA LONA LITEKO LI EKETSEHANG
4 Mohlomong ke khale u kolobelitsoe. Haeba ho joalo, u tseba hantle hore ho mamella liteko ho joang. Le haeba hase khale u tsebile Jehova ’me u ea libokeng, oa hlokomela hore Satane Diabolose o hanyetsa mang kapa mang ea ipehang tlas’a bobusi ba Jehova. (2 Tim. 3:12) Kahoo, ebang u mameletse liteko tse boima kapa tse seng boima hakaalo, ha ho hlokahale hore u tšohe kapa u nyahame. Jehova o tšepisa hore o tla u tšehetsa, a u pholose ’me a u fe bophelo bo sa feleng nakong e tlang.—Baheb. 13:5, 6; Tšen. 2:10.
5 Mohlomong kaofela ha rona ke hona re tla hlaheloa ke liteko tse boima ka ho fetisisa matsatsing ana a setseng a tsamaiso ea Satane. Ho tloha ha ’Muso oa Molimo o thehoa ka 1914, Satane ha aa ka a lumelloa ho kena leholimong. O ile a liheloa lefatšeng le mangeloi a hae a khopo. Bomalimabe bo ntseng bo eketseha lefatšeng ho akarelletsa le ho hlorisoa ha bahlanka ba Jehova ba inehetseng, bo bontša hore Satane o halefile le hore re phela matsatsing a ho qetela a puso ea hae e khopo.—Tšen. 12:1-12.
6 Satane o halefile hobane oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane. O sebelisa bademona ho sitisa mosebetsi oa boboleli le ho senya bonngoe ba bahlanka ba Jehova. Ka lebaka lena, re ntoeng, feela “ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” E le hore re hlole ntoeng ena re le ka lehlakoreng la Jehova, ha rea lokela ho khaotsa ho loana empa re apare lihlomo tse feletseng tsa moea. Re lokela ho ‘ema re tiile khahlanong le maqiti’ a Diabolose. (Baef. 6:10-17) Sena se re hloka mamello.
HO LOANELA HO BA LE MAMELLO
7 Mamello e bolela ‘ho ema u tiile ha ho le boima kapa ho e-na le mahlomola.’ E boetse e bolela ho ema u tiile ha ho e-na le mathata, u hanyetsoa, u hlorisoa kapa u hlaheloa ke lintho tse ling tse ka etsang hore u khaotse ho tšepahala ho Molimo. Re lokela ho loanela ho ba le mamello le hoja sena se ke ke sa etsahala ka ho panya ha leihlo. Ha tumelo ea rona e ntse e ba matla, mamello ea rona le eona ea eketseha. Ho mamella liteko tse bobebe tseo re thulanang le tsona ha re sa tsoa kolobetsoa, ho re koetlisetsa ho mamella tse boima tse tla re hlahela hamorao. (Luka 16:10) Re lokela ho ikemisetsa ho ema re tiile tumelong pele re thulana le liteko tse boima. Moapostola Petrose o ile a bontša hore re lokela ho ba le mamello re be re itšoare ka tsela e tla khahlisa Molimo, ha a re: “Ka ho tlatsetsa ha lona ha le arabela ka boiteko bohle bo tiileng, tumelong ea lona le eketse bokhabane, bokhabaneng ba lona le eketse tsebo, tsebong ea lona le eketse boitšoaro, boitšoarong ba lona le eketse mamello, mamellong ea lona le eketse boinehelo ba bomolimo, boinehelong ba lona ba bomolimo le eketse boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, boikutlong ba lona bo mofuthu ba bara ba motho le eketse lerato.”—2 Pet. 1:5-7; 1 Tim. 6:11.
Re tla tsoela pele ho ba le mamello ha re tobana le liteko ’me re li hlola
8 Lengolong la hae Jakobo o ile a bontša hore ke habohlokoa hore re loanele ho ba le mamello ha a re: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng, joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lona e hlahisa mamello. Empa mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.” (Jak. 1:2-4) Jakobo o re Bakreste ba lokela ho thaba ha ba thulana le liteko hobane li tla ba thusa ho ba le mamello. Na le uena u talima liteko ka tsela eo? Jakobo o bontša hore mamello e re thusa hore re be Bakreste ba molemo, e leng se tla etsa hore Molimo a re rate. Ka sebele, re tla tsoela pele ho ba le mamello ha re tobana le liteko ’me re li hlola. Ka lehlakoreng le leng, mamello e re thusa ho ntlafatsa botho ba rona.
9 Jehova oa thaba ha re mamella ’me o tla re putsa ka bophelo bo sa feleng. Jakobo o ile a phaella ka ho re: “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo, oo Jehova a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.” (Jak. 1:12) Re mamella hobane re amehile ka bophelo ba rona. Ha re se na mamello, re ke ke ra ba le kamano e ntle le Molimo. Haeba re inehela ha re le tlas’a likhatello, joang kapa joang re tla furalla Molimo. Ha re se na mamello, re ke ke ra tsoela pele ho ba le moea oa Jehova, ’me re ke ke ra ba le litholoana tsa oona bophelong ba rona.
10 E le hore re tsoele pele ho mamella linakong tsena tse thata, ha rea lokela ho nyahama ha re hlaheloa ke liteko. Hopola hore Jakobo o ile a ngola a re: “Ho nkeng e le thabo feela.” Ho etsa sena ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo kaha liteko tsa rona li ka ’na tsa akarelletsa ho otloa kapa ho ba le khatello ea maikutlo. Empa hopola hore seo u se etsang ha u le boemong boo, se tla ama bokamoso ba hao. Seo baapostola ba ileng ba thulana le sona se re thusa ho bona hore re ka thaba leha re le mahlomoleng. Ha buka ea Liketso e bua ka taba eo e re: “Ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ’me ba ba laela hore ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu, eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee. Ka hona, ba tloha ka pel’a Sanhedrine, ba thabile hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la hae.” (Lik. 5:40, 41) Baapostola ba ne ba utloisisa hore ho utloisoa bohloko ho bontša hore ba mametse taelo ea Jesu ’me ba thabisa Jehova. Ka mor’a lilemo tse itseng ha Petrose a ngola lengolo la hae la pele, o ile a bontša hore ho molemo ho utloisoa bohloko ka lebaka la ho loka.—1 Pet. 4:12-16.
11 Pauluse le Silase le bona ba ile ba hlorisoa. Ha ba le mosebetsing oa boromuoa Filipi, ba ile ba tšoaroa ’me ba qosoa ka hore ba ferekanya motse ’me ba phatlalatsa litloaelo tse sa lumelloang ke molao. Ka lebaka leo, ba ile ba otloa habohloko ’me ba lahleloa chankaneng. Tlaleho ea Bibele e re bolella hore ha ba ntse ba le chankaneng ba e-s’o tlamisoe maqeba, “hoo e ka bang har’a bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina; e, batšoaruoa ba ne ba ba utloa.” (Lik. 16:16-25) Pauluse le motsoalle oa hae ha baa ka ba talima ho utloisoa bohloko ka lebaka la Kreste e le pontšo ea hore ba tšepahala ho Molimo le ho batho feela empa ba ne ba boetse ba ho talima e le tsela ea ho pakela ba neng ba ka ’na ba mamela litaba tse molemo. Seo se bontša hore ba ne ba amehile ka bophelo ba batho ba bang. Bosiung bona boo, molebeli oa teronko le ba lelapa la hae ba ile ba mamela ’me ea e-ba barutuoa. (Lik. 16:26-34) Pauluse le Silase ba ne ba e-na le tšepo ea hore Jehova o na le matla a ho ba tšehetsa ha ba le mahlomoleng ebile o ikemiselitse ho etsa joalo. Kahoo ha baa ka ba soetseha.
12 Le kajeno, Jehova o fane ka sohle seo re se hlokang ho re matlafatsa linakong tsa teko. O batla hore re mamelle. O re file Lentsoe la hae le bululetsoeng ho re hlomella ka tsebo e nepahetseng ea morero oa hae. Sena se matlafatsa tumelo ea rona. Re na le monyetla oa ho kopana le balumeli-’moho le rona le ho etsa tšebeletso ea rona e halalelang. Re boetse re na le tlotla ea ho atamela haufi le Jehova ka thapelo. Oa mamela ha re mo rorisa le ha re kopa hore a re thuse hore re lule re e-na le kamano e ntle le eena. (Bafil. 4:13) Hape ha rea lokela ho khella fatše matla ao re a fumanang ha re nahanisisa ka tšepo eo re e filoeng.—Mat. 24:13; Baheb. 6:18; Tšen. 21:1-4.
HO MAMELLA LITEKO
13 Liteko tseo re li mamellang kajeno li tšoana haholo le tse ileng tsa hlahela barutuoa ba pele ba Jesu Kreste. Mehleng ea kajeno bahanyetsi ba Lipaki Tsa Jehova ba ’nile ba li nyefola le ho li hlekefetsa. Feela joaloka mehleng ea baapostola, khanyetso e ngata e hlohlelletsoa ke batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng bao lithuto tsa bona tsa bohata le liketso tsa bona li pepesoang ke Lentsoe la Molimo. (Lik. 17:5-9, 13) Ka linako tse ling, batho ba Jehova ba ile ba lokela ho ipiletsa makhotleng e le hore litokelo tsa bona li sireletsoe. (Lik. 22:25; 25:11) Leha ho le joalo, babusi le bona ba ile ba leka ho thibela mosebetsi oa rona oa boboleli ka morero oa ho o felisa. (Pes. 2:1-3) Maemong a joalo, ka sebete re latela mohlala oa baapostola ba tšepahalang ba ileng ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Lik. 5:29.
14 Ha moea oa bochaba o ntse o e-ba matla lefatšeng lohle, baboleli ba litaba tse molemo ba hatelloa le ho feta hore ba khaotse tšebeletso eo ba e filoeng ke Molimo. Bahlanka bohle ba Molimo ba ananela ka ho feletseng temoso e ho Tšenolo 14:9-12 mabapi le ho rapela “sebata le setšoantšo sa sona.” Re hlokomela bohlokoa ba mantsoe a Johanne ha a re: “Mona ke moo ho amehang mamello bakeng sa bahalaleli, ba bolokang litaelo tsa Molimo le tumelo ho Jesu.”
15 Liteko tseo re tobanang le tsona ka lebaka la lintoa, ho fetohela puso kapa mahloriso le lithibelo tse etsoang ka molao, li ka ’na tsa re sitisa ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Ho ka ’na ha hlaha maemo a sitisang phutheho ho bokana hammoho. Barab’abo rona ba ka ’na ba sitoa ho buisana le ofisi ea lekala ’me balebeli ba potoloho le bona ba sitoa ho etela liphutheho. Re ka ’na ra se ke ra fumana lingoliloeng. U lokela ho etsa’ng haeba e ’ngoe ea lintho tsee e ka etsahala?
16 U lokela ho etsa sohle seo u ka se khonang maemong ao. Iphe nako ea ho ithuta boinotšing. Hangata lihlopha tse nyenyane li ka ithutela malapeng. Li ka sebelisa Bibele le lingoliloeng tsa khale. U se ke oa tšoha kapa oa tšoenyeha. Ka mor’a nako e khutšoanyane Sehlopha se Busang se tla khona ho ba le mokhoa o itseng oa ho buisana le barab’abo rona ba ikarabellang.
17 Le haeba u sa khone ho buisana le Bakreste-’moho le uena, hopola hore Jehova le Mora oa hae Jesu Kreste ha ba hole le uena. U ka lula u e-na le tšepo ea hore ba tla u thusa. Jehova o tla ’ne a utloe lithapelo tsa hao, ’me a ka u matlafatsa ka moea oa hae. Batla tataiso ho eena. Hopola hore u mohlanka oa Jehova le morutuoa oa Jesu Kreste. Kahoo, u lokela ho sebelisa monyetla o mong le o mong oa ho paka. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao, ’me ka mor’a nakoana ba bang ba ka ’na ba ba le uena borapeling ba ’nete.—Lik. 4:13-31; 5:27-42; Bafil. 1:27-30; 4:6, 7; 2 Tim. 4:16-18.
18 Le haeba joaloka baapostola le ba bang, u sokeloa ka lefu, tšepa “Molimo ea tsosang bafu.” (2 Bakor. 1:8-10) Haeba u lumela tsohong ea bafu u tla mamella le khanyetso e matla ka ho fetisisa. (Luka 21:19) Kreste Jesu o ile a beha mohlala; o ne a tseba hore ho tšepahala ha hae tlas’a teko ho ne ho tla matlafatsa ba bang hore ba mamelle. Le uena u ka matlafatsa barab’eno ka tsela e tšoanang.—Joh. 16:33; Baheb. 12:2, 3; 1 Pet. 2:21.
19 Le hoja u hanyetsoa le ho hlorisoa u ka ’na oa lokela ho mamella maemo a mang a thata. Ka mohlala, ba bang ba nyahamisitsoe ke ho sebetsa tšimo e thata. Ha ba bang ba ile ba mamella ho kula kapa ho imeloa kelellong esita le mefokolo e bakoang ke bokooa. Moapostola Pauluse le eena o ile a lokela ho mamella teko eo ka linako tse ling e neng e mo sitisa kapa e mo thatafalletsa ho etsa tšebeletso ea hae. (2 Bakor. 12:7) Hape, Epafroditase, e leng Mokreste oa mehleng ea baapostola ea neng a lula Filipi o ile a ‘tepella maikutlo hobane metsoalle ea hae e ne e utloile hore oa kula.’ (Bafil. 2:25-27) Ho se phethahale ha rona le ha ba bang ho ka ’na ha baka mathata ao ho ka bang boima hore re a mamelle. Re ka ’na ra qabana le Bakreste ba bang kapa le litho tsa lelapa. Empa ba khomarelang keletso ea Lentsoe la Jehova ba ka atleha ho mamella litšitiso tse joalo ’me ba li hlola.—Ezek. 2:3-5; 1 Bakor. 9:27; 13:8; Bakol. 3:12-14; 1 Pet. 4:8.
HO IKEMISETSA HO LULA RE TŠEPAHALA
20 Re lokela ho khomarela Jesu Kreste, e leng eena eo Jehova a mo khethileng hore e be Hlooho ea phutheho. (Bakol. 2:18, 19) Ho hlokahala hore re sebetse haufi le “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ba khethiloeng e le balebeli. (Baheb. 13:7, 17) Haeba re khomarela litokisetso tsa mokhatlo oa Molimo ’me re sebelisana le ba etellang pele, re tla hlophisetsoa ho etsa thato ea Jehova. Re lokela ho ananela tlotla eo re nang le eona ea ho rapela Jehova. Ha ho letho le ka re sitisang ho buisana le Ntate oa rona ea lerato kapa e ka senyang bonngoe boo re nang le bona le barapeli-’moho le rona.
21 A re ikemisetseng ho etsa sohle se matleng a rona ho phetha thomo ea rona ea ho bolela ’me re mamelle mosebetsing oo Jesu Kreste ea tsositsoeng a boletseng hore balateli ba hae ba lokela ho o etsa ha a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mat. 28:19, 20) Re lokela ho mamella joaloka Jesu ’me re lule re nahana ka ’Muso le ka tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Baheb. 12:2) Kaha re barutuoa ba Kreste, re na le tlotla ea ho phethahatsa boprofeta ba Jesu bo mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho,” bo reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:3, 14) Haeba re etsa mosebetsi ona ka pelo eohle, re tla thabela ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Jehova la ho loka!