POTSO EA 7
Nka Etsa’ng Haeba ke Hatelloa ho Etsa Thobalano?
U NE U TLA ETSA’NG?
Nahana ka sena: Ke likhoeli tse peli feela Heather le Mike ba ratana, empa Heather o utloa eka ke khale ba tsebana. Ba romellana melaetsa kamehla, ba founelana lihora tse ngata ebile ba nahana ka ho tšoana! Empa joale Mike o batla se fetang seo.
Likhoeling tsena tse peli, Mike le Heather ba ne ba tšoarana ka matsoho feela le ho sunana. Heather ha a batle se fetang seo. Empa le teng ha a batle hore Mike a mo lahle. Mike o etsa hore a ikutloe e le motho oa bohlokoa. Ho feta moo, o ipolella hore eena le Mike baa ratana.
Haeba u se u le lilemong tsa ho ratana, u ne u tla etsa’ng?
NAHANISISA HANTLE!
Thobalano ke mpho eo Molimo a e fileng banyalani feela. Ha u etsa thobalano pele ho lenyalo, u senya mpho eo. Ho tšoana feela le haeba u nka seaparo se setle seo u se filoeng ebe u se etsa lesela le hloekisang
Haeba u ka hloella sefate se se telele ebe u leka ho fofa, u tla lemala. Hoa tšoana le haeba u sa mamele molao oa Molimo o reng ‘re ile bohlola.’—1 Bathesalonika 4:3.
Ho tla etsahala’ng haeba u tlōla molao oo? Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) Seo ke ’nete hakae?
Bafuputsi ba fumane hore bacha ba bangata ba etsang thobalano pele ho lenyalo ba fumana litla-morao tse latelang:
HO TŠOENYEHA. Bacha ba bangata ba entseng thobalano pele ho lenyalo ba re ba ikoahlaela seo.
HO SE TŠEPANE. Ka mor’a ho etsa thobalano, ka bobeli ba qala ho ipotsa, ‘Ebe o robetse le mang hape?’
HO SOETSEHA. Ha e le hantle, banana ba bangata ba ka rata hore ba be le mohlankana ea tla ba sireletsa, eseng ea amehileng ka seo a se batlang feela. Bashanyana ba bangata ha ba khahloe ke ngoanana ea ileng a lumela ho robala le bona.
’Nete ke hore: Haeba u etsa thobalano pele ho lenyalo, u itheola seriti ka hore u lahle letlotlo la bohlokoa. (Baroma 1:24) ’Mele oa hao ke oa bohlokoa haholo hore u ka o silafatsa ka tsela eo!
Bontša hore u mamela melao ea Molimo ka hore u qobe ho etsa bohlola. (1 Bathesalonika 4:3) Joale haeba u ka kena lenyalong ka le leng, u tla etsa thobalano. ’Me u tla e thabela ka ho feletseng ho se letho le u tšoenyang, le etsang hore u ikoahlaee le ho ikutloa u sa sireletseha, e leng se atisang ho hlahela batho ba etsang thobalano pele ho lenyalo.—Liproverbia 7:22, 23; 1 Bakorinthe 7:3.
U NAHANA’NG KA SEE?
Na motho ea hlileng a u ratang e le kannete a ka batla ho u utloisa bohloko?
Na motho ea u khathallang e le kannete a ka batla ho senya kamano ea hao le Molimo?—Baheberu 13:4.