THUTO EA 8
Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Molimo
Haufi le Babele ho ne ho e-na le motse o bitsoang Ure. Batho ba moo ba ne ba rapela melimo e meng eseng Jehova. Empa ho ne ho e-na le monna ea neng a rapela Jehova feela. Lebitso la hae e ne e le Abrahama.
Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Tloha motseng oa heno le ho batho ba heno, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.’ Eaba Molimo o re ho eena: ‘U tla fetoha sechaba se seholo ’me ke tla etsetsa batho kaofela lefatšeng lintho tse ntle ka lebaka la hao.’
Abrahama o ne a sa tsebe hore na Jehova o mo roma hokae empa o ile a tšepa Jehova. Eaba Abrahama, mosali oa hae Sara, ntate oa hae Tera le ngoana oa abuti oa hae ea bitsoang Lota, ba mamela taelo ea Jehova. Ba ile ba nka lintho tsohle tsa bona eaba baa tsamaea.
Abrahama o ne a le lilemo li 75 ha eena le ba lelapa la hae ba fihla naheng eo Jehova a ba isitseng ho eona. Naha eo e bitsoa Kanana. Ha ba le moo Molimo o ile a tšepisa a re: ‘Naha ena kaofela eo u e bonang ke tla e fa bana ba hao.’ Jehova o ne a tla fa bana ba Abrahama naha eo joang hobane eena le Sara ba ne ba se ba tsofetse hape ba se na bana?
“Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo, . . . o ile a mamela ka hore a ee sebakeng seo a neng a tl’o se fuoa e le lefa. O ile a tsamaea le hoja a ne a sa tsebe hore na o ea hokae.”—Baheberu 11:8