THUTO EA 25
Tabernakele eo ho Rapelloang ho Eona
Ha Moshe a ntse a le Thabeng ea Sinai, Jehova o ile a mo bolella hore a etse tente e ikhethang e bitsoang tabernakele. Baiseraele ba ne ba tla rapella ho eona. Ba ne ba ka khona ho e jara le ho tsamaea ka eona.
Jehova o ile a re: ‘Bolella sechaba hore se fane ka ntho leha e le efe e ka thusang hore ho hahoe tabernakele.’ Baiseraele ba ile ba fana ka khauta, silevera, koporo, majoe a bohlokoa le mabenyane. Ba boela ba fana ka boea, masela, matlalo a liphoofolo le lintho tse ling tse ngata. Ba fana ka seatla se bulehileng hoo Moshe a ileng a re ho bona: ‘Ho lekane. Le se hlole le tlisa tse ling.’
Banna le basali ba bangata ba nang le tsebo ba ile ba thusa ho haha tabernakele. Jehova o ile a ba fa bohlale e le hore ba etse mosebetsi oo. Ba bang ba ile ba etsa khoele, ba etsa masela esita le ho a khabisa. Ba bang ba hloma majoe, ba etsa lintho tsa khauta le tsa mapolanka.
Baiseraele ba ile ba etsa tabernakele feela joalokaha Jehova a ba boleletse. Ba kenya kharetene e ntle ho arola Sehalalelo le Sehalalelisiso ka tabernakeleng. Ka Sehalalelisisong ho ne ho behiloe areka ea selekane, e neng e entsoe ka lepolanka la leoka le ka khauta. Ka Sehalalelong e le seluloana sa lebone sa khauta, tafole le aletare ea ho chesa libano. Lebaleng ho e-na le beisine ea koporo le aletare e kholo. Areka ea selekane e ne e hopotsa Baiseraele hore ba tšepisitse Jehova ho mo mamela. Na oa tseba hore na selekane ke’ng? Ke tšepiso e khethehileng.
Jehova o ile a khetha Arone le bara ba hae hore ba sebeletse tabernakeleng e le baprista. Ba ne ba lokela ho e hlokomela le ho etsetsa Jehova mahlabelo ho eona. Ke Arone feela, moprista ea phahameng ea neng a lumeletsoe ho kena ka Sehalalelisisong. O ne a kena hanngoe ka selemo ha a etsa sehlabelo se koahelang libe tsa hae le tsa ba lelapa la hae, esita le tsa sechaba sohle sa Iseraele.
Baiseraele ba ile ba qeta ho etsa tabernakele selemo ka mor’a hore ba tlohe Egepeta. Joale ba ne ba se ba e-na le sebaka seo ba ka rapellang Jehova ho sona.
Jehova o ile a tlatsa tabernakele ka khanya ea hae ’me a etsa hore e apareloe ke leru. Baiseraele ba ne ba sa tlohe hafeela e ntse e koahetsoe ke leru. Empa ha leru le tloha, ba ne ba tseba hore joale ke nako ea hore ba tsamaee. Ba ne ba qhaqholla tabernakele ’me ba sala leru morao.
“Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bona! Tente ea Molimo e har’a batho. O tla lula le bona ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona.’”—Tšenolo 21:3