THUTO EA 30
Rahaba o Pata Lihloela
Ha lihloela tsa Baiseraele li fihla motseng oa Jeriko, li ile tsa lula ha mosali e mong ea bitsoang Rahaba. Morena oa Jeriko o ile a tseba hore li teng, eaba o romela masole ha Rahaba. Rahaba o ile a pata lihloela tseo ka marulelong ’me a supisa masole ao tsela esele. A re ho lihloela tseo: ‘Ke tla le thusa kaha kea tseba hore Jehova o na le lona le hore le tl’o hapa naha ena. Ke kopa le ntšepise hore le tla sireletsa ba lelapa leso.’
Lihloela tseo tsa re ho Rahaba: ‘Rea u tšepisa hore bohle ba ka tlung ea hao ba tla sireletseha.’ Tsa boela tsa re: ‘U tlame thapo ena e khubelu fensetereng ea hao ’me ba lelapa leno ba tla sireletseha.’
Rahaba o ile a ntša lihloela tseo ka fensetere ’me tsa theoha ka thapo. Tsa balehela lithabeng. Li ile tsa ipata moo ka matsatsi a mararo, eaba li khutlela ho Joshua. Eaba Baiseraele ba tšela Noka ea Jordane ’me ba itokisetsa ho hapa naha. Jeriko ke motse oa pele oo ba ileng ba o hapa. Jehova o ile a re ba pote motse oo hanngoe ka letsatsi ka matsatsi a tšeletseng. Ka letsatsi la bosupa ba o pota ka makhetlo a supileng. Ka mor’a moo, baprista ba letsa literompeta tsa bona ’me masole a hoeletsa. Marako a motse a ile a oa. Empa ntlo ea Rahaba, e neng e itšetlehile ka lebota, ha ea ka ea oa. Jehova a sireletsa Rahaba le ba lelapa labo kaha Rahaba o ne a mo tšepile.
“Rahaba . . . le eena o ile a nkoa a lokile ka lebaka la liketso tsa hae ka mor’a hore a amohele baromuoa ha hae le ho ba thusa hore ba balehe.”—Jakobo 2:25